Pono ea Bibele
Na Batho ba Khopo ba Tla Cha Liheleng?
MORUTI e mong oa kereke ea Pentekonta ea bitsoang Gertrude o ne a lumela ka tieo hore ho na le lihele tsa mollo. Maikutlo a hore e ka ’na eaba ha ho na sebaka se joalo a ne a mo halefisa hobane o ne a nahana hore seo ke ho hloka toka. O ne a beha lebaka la hore haeba mollo oa lihele ha o eo, batho ba etsang litlōlo tsohle tse tšabehang tsa molao ba ke ke ba fuoa kotlo. Gertrude o ne a eme a sa sisinyehe mabapi le seo a se lumelang. O ile a re, “Ha ke nahane hore nka rata ho rapela Molimo haeba batho ba khopo ba ke ke ba ea mollong oa lihele.”
Na batho ba khopo ba tla cha liheleng, joalokaha malumeli a mangata a ruta? Haeba ha ho joalo, ba tla otloa joang?
Molimo o Qala ho Otla Batho ba sa Tšepahaleng
Ho latela Bibele, Molimo o ile a bōpa batho ba pele ba babeli ba phethahetse. (Genese 1:27; Deuteronoma 32:4) O ile a ba beha serapeng sa paradeise, ’me a ba fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, batho bao ba pele, e leng Adama le Eva ba ile ba beheloa thibelo e le ’ngoe. Molimo o ile a ba lemosa, a re: ‘Le ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore le khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe le se ke la ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona le jang tsa sona ka sebele le tla shoa.’—Genese 2:16, 17.
Ka masoabi, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba hlōloa ke teko eo e bonolo ea hore ba tšepahale ho Molimo le ho mo mamela. ’Mōpi o ne a loketse ho ba ahlolela lefu. “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19.
Haeba Adama le Eva ba ne ba le kotsing ea ho ea cha liheleng, na Molimo o ne a ke ke a ba lemosa ka kotlo e joalo? ’Nete ke hore ha aa ka a bua letho mabapi le tlhokofatso ea ka mor’a lefu. Ba ne ba ka hlokofatsoa joang? Ba ne ba se na moea o sa shoeng o neng o tla pholoha ka mor’a lefu. Bibele e hlakisa sena hantle, e re: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.a
Kaha ’Mōpi oa rōna ke Mofani oa bophelo, o tseba tsohle ka bophelo le lefu. Ka Lentsoeng la hae o re bolella hore “ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ke ka lebaka leo Adama le Eva ba sa kang ba hlokofatsoa liheleng tsa mollo ka mor’a hore ba shoe. Ba ile ba ikhutlella lerōleng feela ’me ba khaotsa ho ba teng. Ba ne ba sa “tsebe letho.”
Na re ka Hlokofatsoa ka Mor’a Lefu?
Ho Baroma 5:12, Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.” Joale, na ruri ke ntho e utloahalang ho lumela hore batho ba hlokofatsoa mollong oa lihele ka lebaka la libe tsa bona, empa Adama ea tliselitseng moloko oohle oa batho lefu a ile a fetoha lerōle feela ka mor’a hore a shoe?—1 Bakorinthe 15:22.
Kaofela re tlas’a molao oo Adama a neng a le tlas’a oona. “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Ho feta moo, hang ha motho a e-shoa ‘o hlakoloa molato oa sebe sa hae.’ (Baroma 6:7, 23) Haeba batho ba lokile le ba khopo baa shoa ’me ha ho na ba hlokofatsoang ka mor’a lefu, joale Molimo o tla bontša toka joang?
Kamoo Molimo a Ahlolang ka Toka Kateng
Morero oa Molimo ka batho ba mamelang ha o e-s’o fetohe ho tloha ha a ne a bōpa banyalani ba pele, a ba laela hore ba be le bana ’me ba hlokomele lefatše. (Genese 1:28) Ka ho hlakileng, ona e ntse e le morero oa hae, kaha hamorao o ile a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.
Hlokomela hore batho ba lokileng ba tla phela lefatšeng lena. Ba tla phela ba phethahetse ba bile ba thabile. Morero oa Molimo oa mathomo oa hore lefatše le tlale batho ba lokileng ‘ka sebele o tla atleha.’ Sena se tla etsahala ha tsamaiso ena e khopo ea lintho e nkeloa sebaka ke lefatše le lecha.—Esaia 55:11; Daniele 2:44; Tšenolo 21:4.
Batho ba limilione tse likete ba shoeleng ba sa tsebe melao ea Molimo ba tla tsosoa ’me ba rutoe ho phela lefatšeng le lecha la Molimo. (Esaia 11:9; Johanne 5:28, 29) Ka lehlakoreng le leng, bohle ba hanang ho mamela melao ea Molimo ba tla otloa ka “lefu la bobeli.” Lena ke lefu leo ho lona ba ke keng ba tsoha le ka mohla.—Tšenolo 21:8; Jeremia 51:57.
Ka ho hlakileng, kaha Jehova ke Molimo ea lerato, a ke ke a hlokofatsa batho mollong oa lihele. (1 Johanne 4:8) Ebile a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng. Tumellanong le seo, Pesaleme ea 145:20 e re tiisetsa hore “Jehova o lebela bohle ba mo ratang, empa bohle ba khopo o tla ba felisa.” Na seo ha se bontše lerato le toka?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Bibeleng, lentsoe “moea” le bolela motho ka boeena, eseng ntho e itseng e arohaneng le ’mele. Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” Adama ha aa ka a fuoa moea o arohaneng le ’mele. Ho e-na le hoo, Adama e ne e le moea o phelang.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Na re na le moea o sa shoeng?—Ezekiele 18:4.
◼ Boemo ba bafu ke bofe?—Moeklesia 9:5.
◼ Molimo o tla otla ba khopo joang?—Pesaleme ea 145:20.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Photo: www.comstock.com