Se ka Thusang Bacha
Haeba lintho tsohle li ne li tsamaea hantle, batsoali bohle ba ne ba tla lula ba tataisa bana ba bona le ho ba koetlisa ka lerato. Ba ne ba tla buisana le bona, ba ba balle, ba je le bona ba be ba ba utloisise. Leha ho le joalo, batsoali ha baa phethahala. Ka nepo Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.
Haeba u mocha, u ka ’na ua ikutloa eka bophelo ba lelapa leno ha bo thabise—’me e ka ’na eaba u nepile. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang ho iphokoletsa ho tšoenyeha le ho etsa hore u thabe haholoanyane. Ela hloko litsela tse ling tseo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka u thusang ka tsona.
Tlhahiso ea 1
Khetha ho Qeta Nako U E-na le ba Bang ho E-na le ho ba Mong
“Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Bacha ba bang ba ikutloa ba sa phutholoha ha ba e-na le batho ba bang ’me ba nolofalloa ho shebella TV kapa ho bapala papali ea video. Ba bang ba lihlong haholo, kahoo ba itšehla thajana. Mocha e mong ea bitsoang Elizabeth o re o “lihlong ka tlhaho.” O re: “Ke lihlong haholo. Ke ne ke thatafalloa ho kopana le batho le ho buisana le bona.”
Elizabeth o ile a etsa’ng ka bothata boo ba ho ba lihlong? Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ea libokeng tsa Bokreste kamehla, e le karolo ea borapeli ba hae. Elizabeth o re: “Le hoja ke le lihlong, ke ipehela pakane ea ho buisana le motho a le mong sebokeng ka seng. Haeba ke hlōleha, ke leka hore seo se se ke sa ’nyahamisa. Ho e-na le hoo, ke nahana ka lintho tseo ke atlehileng ho li finyella. Kea elelloa hore ke ruile molemo haholo ka ho tloaelana le ba bang.”
Ke hobane’ng ha u sa ngole fatše mabitso a batho ba babeli kapa ba bararo bao u ka ratang ho ipha nako ea ho ba tseba? Ipehele pakane ea ho ithuta ntho e itseng e ncha ka e mong oa bona bekeng e latelang kapa matsatsing a tlang. Ebe u ngola ntho e le ’ngoe e ntle eo u ka e etsetsang e mong le e mong oa bona khoeling e tlang, ’me ebe ua e etsa.—Liketso 20:35.
Haeba u balehela mathata le batho, qetellong u tla tšoenyeha haholo ka uena ho feta tekano. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re eletsa hore re se ke ra ‘hlokomela lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ (Bafilipi 2:4) Haeba u latela molao-motheo oo ha u sebelisana le ba lelapa leno le ba bang ba haufi le uena, u tla talima mathata a hao ka tsela e loketseng ’me u tla khona ho a rarolla.
Tlhahiso ea 2
Balehela Bohlola
“Balehelang bohlola. Sebe se seng le se seng seo motho a ka se etsang se ka ntle ho ’mele oa hae, empa ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) U ka etsa’ng hore u se ke ua khanneloa ho kopanela liphate, e leng seo bacha ba bangata ba se etsang?
Ntlha ea pele, u lokela ho nahanisisa ka taba ena pele u tobana le khatello kapa boemo bo u lekang. Maele a bohlale a re: “Ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Moroetsana e mong ea bitsoang Mbali oa Afrika Boroa, o re: “Ha ke le sekolong se phahameng, ho ne ho e-na le mohlankana e mong ka tlelaseng ea neng a lula a mphereha. Banana ba bang ka tlelaseng ba ne ba nkhothalletsa hore ke mo lumele kaha o ne a le motle—e le motlelara ’me a bapala bolo sekolong. Ke ne ke nka hore o motle, empa ke ne ke entse qeto ea ho khomarela melao ea boitšoaro eo ke phelang ka eona. Lithaka tsa ka li ne li nka hore ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase taba e khōlō hakaalo. Empa ke ne ke tseba se nepahetseng le se fosahetseng ’me e le khale ke entse qeto le pele ke tobana le boemo bona.”
Ntlha ea bobeli, rapela hore Molimo a u thuse u khomarele melao ea hae ea boitšoaro. Mocha e mong ea bitsoang Maggie ea lulang Engelane, o re: “Thapelo e mpha matla ao ke a hlokang e le hore ke sebetsane le khatello ea ho kopanela liphate. Ha ke nahane hore nka sebetsana le taba ena ke le mong. Ke boetse ke buisana le batsoali ba ka ka eona ’me ka linako tse ling ke bua le metsoalle e meng e hōlileng tsebong ka bothata bona.”
Tlhahiso ea 3
Ithute ho Utloela Batsoali ba Hao Bohloko
“Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo.” (1 Petrose 3:8) U ke ke ua etsetsa batsoali ba hao qeto ea hore na ba arohane kapa che kapa hore na ba sebetse nako e kae. Empa ho isa bohōleng bo itseng u ka laola hore na u lumella mathata a kang ao hore a senye kamano ea hao le bona kapa che. Tsela e ’ngoe eo u ka iphokoletsang ho tšoenyeha ka eona le ho eketsa thabo ea hao ke ka hore u ithute ho utloela batsoali ba hao bohloko, ’me u leke ho utloisisa mathata ao ba tobanang le ’ona.
Mocha e mong ea bitsoang Amber o latetse keletso ena. Oa lumela hore ka linako tse ling, kamano ea hae le ’mè oa hae ea sithabetsa, ha ba utloane ’me oa ferekana. Leha ho le joalo, o re: “’Mè o bile le mathata a mangata bophelong. O re hōlisa re le bana ba bane a le mong. O re fumanela bolulo, o re fa lijo le liaparo tseo re li aparang. Ka sebele ke tsota matla a hae, ’me le ’na ke batla ho ikemisetsa ka tsela e tšoanang ha ke tobana le mathata.”
Haeba u leka ho ipeha boemong ba batsoali ba hao ’me u utloa seo ba se utloang, seo se ka u thusa hore u talime mathata a hao ka tsela e loketseng. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa hore u lemohe litšobotsi tse ntle tseo ba nang le tsona le ho li etsisa.
Mohloli oa Keletso e ka Tšeptjoang
Litlhahiso tse fanoeng ka holimo e mpa e le mohlala feela oa bohlale bo sebetsang bo fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha u ntse u ithuta ka ho eketsehileng ka buka ena, u tla ananela keletso e ka tšeptjoang eo e fanang ka eona.a
Tsela e ’ngoe eo u ka ithutang ho eketsehileng ka Bibele ke ka ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova le ho ithuta le tsona. Har’a tsona u tla fumana metsoalle ea sebele e tla u tšehetsa ha ho le thata le e tla u thusa ho sebelisa keletso e bohlale ea Bibele bophelong ba hao. Ka sebele ha ho bonolo ho phela ka melao ea Bibele. Empa haeba u khetha ho phela ka tsela ena, u tla itsoela molemo haholo.—Esaia 48:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ke mohloli o motle oa keletso e thehiloeng Bibeleng tabeng ea hore na bacha ba ka sebetsana joang le mathata. Ho boetse ho na le boitsebiso bo tšoanang mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Seo Bacha ba se Hlokang ho Batsoali ba Bona
Ho Qeta Nako le Bona: Jehova Molimo o ile a bolella batsoali ba Baiseraele hore ba lokela ho bua le bana ba bona khafetsa—‘ha ba lutse ka tlung le ha ba tsamaea tseleng.’ (Deuteronoma 6:6, 7) Sena se bolela hore batsoali ba lokela ho qeta nako ba e-na le bana ba bona. Ho hlakile hore Jesu o ne a nka hore o lokela ho fa bana nako ea hae. Ka mohlala, Jesu o ile a etsa’ng ha “batho ba qala ho mo tlisetsa bana ba banyenyane hore a ba ame”? O ile a ‘sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.’ (Mareka 10:13, 16) O behetse batsoali mohlala o motle hakaakang!
Ho Buisana ka Botšepehi le ka Bolokolohi: Bibele e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang [puisano ea] lekunutu.” (Liproverbia 15:22) Ha bana ba sa le banyenyane, ho ne ho hlokahala hore u buisane le bona. Ke habohlokoa le ho feta ha bana ba le lilemong tsa bocha, kaha hangata ba qeta nako e ngata ba se lapeng, ba e-na le metsoalle ea sekolong kapa metsoalle e meng feela. Haeba bana le batsoali ba se na puisano ea lekunutu—ba sa buisane ka botšepehi le ka bolokolohi—bacha e ka ba basele ka tlung.
Taeo e Loketseng: Taeo e bolela ho fana ka khalemelo le koetliso—le hoja ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala kotlo. Liproverbia 15:5 e re: “Mang kapa mang eo e leng leoatla o hlompholla taeo ea ntat’ae, empa mang kapa mang ea elang khalemelo hloko o masene.” Mocha a ke ke a ‘ela khalemelo hloko’ haeba a sa e fuoe. Ke ’nete hore batsoali ba lokela ho etsa lintho ka tsela e bontšang ho leka-lekana ha ba laea bacha. Ba lokela ho qoba ho ba thata hoo ba ka khentšang bana ba bona, mohlomong hoo ba ka qetellang ba ikhalala. (Bakolose 3:21) Empa batsoali ha ba batle ho lumella bana ba bona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ba hlōlehe ho ba koetlisa ka tsela e loketseng. Ho ba lumella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho ka ba le liphello tse bohloko.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 5 le ea 6 bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.