Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 leq. 5
  • Mohato oa 3: Sebelisanang Hammoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohato oa 3: Sebelisanang Hammoho
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 2 Ho Sebelisana ’Moho
    Tsoha!—2018
  • U ka Nahanela Maikutlo a Molekane oa Hao Joang?
    Tsoha!—2014
  • Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo
    Tsoha!—2013
  • Ke’ng e ka Thusang Banyalani ba Holileng Hore ba se ke ba Hlalana?
    Se ka Thusang Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 leq. 5

Mohato oa 3: Sebelisanang Hammoho

“Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”—Moeklesia 4:9, 10.

Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba hlompha tokisetso ea Molimo ea bohlooho e boletsoeng ka Bibeleng. (Baefese 5:22-24) Ba etsa lintho hammoho, eseng e le batho ka bo-mong ba iketsetsang seo ba se ratang. Kahoo ha monna le mosali ba sebelisana hammoho, ha ba inahanele lintho ka bo-mong. Ke “nama e le ’ngoe”—e leng poleloana eo Bibele e e sebelisang ho bontša hore lenyalo ke kamano e sa khaotseng le ea setsoalle se haufi-ufi.—Genese 2:24.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Haeba u sa sebelisane hammoho le molekane oa hao, lintho tse sa reng letho li ka ’na tsa fetoha taba e khōlō ’me la hlaselana ho e-na le ho rarolla bothata boo le tobaneng le bona. Empa ha le sebelisana hammoho, le tšoana le mofofisi oa sefofane le mothusi oa hae ba latelang litaelo tse tšoanang, ho e-na le bafofisi ba babeli ba ka lifofaneng tse mothating oa ho thulana. Ha le fapana ka maikutlo, le sebeletsa ho fumana tharollo, ho e-na le ho senya nako le matla le tšoaea-tšoaeana liphoso le ho qosana.

Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na le sebelisana hammoho hakae le molekane oa hao.

◼ Na ke nka hore chelete eohle ea moputso ke “ea ka,” kaha ke ’na ea e sebelelitseng?

◼ Na ke qoba ho ba le ba habo molekane oa ka le hoja eena a le haufi le bona?

◼ Na ha ke batla ho khatholoha ka ho feletseng, ke hloka ho ba hōle le molekane oa ka?

Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang e le ho bontša hore u batla ho sebelisana hammoho le molekane oa hao ka ho eketsehileng.

Ke hobane’ng ha u sa botse molekane oa hao hore na le ka etsa eng hammoho?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho sebelisana hammoho ho bolela hore e mong ke mofofisi oa sefofane, e mong ke mothusi oa hae ’me le latela litaelo tse tšoanang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela