Mohato oa 5: E-bang le Kahlolo e Molemo
“Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”—Bafilipi 4:5.
Se boleloang ke sena. Malapeng a atlehang, monna le mosali baa tšoarelana. (Baroma 3:23) Hape ha ba buse bana ka lere la tšepe kapa hona ho ba lumella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba ba behela melao e loketseng. Ha ho hlokahala hore ba ba khalemele, ba ba khalemela “ka tekanyo e loketseng.”—Jeremia 30:11.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Bibele e re “bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.” (Jakobo 3:17) Molimo ha a batle hore batho ba sa phethahalang ba etse lintho ka tsela e phethahetseng, kahoo ke hobane’ng ha banyalani ba ka batla hore e mong a etse lintho ka tsela e phethahetseng? Ha e le hantle, ho lulela ho tšoaea-tšoaea e mong liphoso le linthong tse sa reng letho ha ho mo thuse hore a ntlafatse, ho e-na le hoo hoa mo halefisa. Ho molemo hore re amohele ’nete ea hore “kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.
Batsoali ba atlehang ba bontša ho ba le kahlolo e molemo ha ba sebetsana le bana ba bona. Ha ba ba khalemele ka tsela e feteletseng, kapa hona ho ba “bao ho leng thata ho ba khahlisa.” (1 Petrose 2:18) Ba fa bacha bolokolohi ha ba bontša hore ba na le boikarabelo. Ha ba leke ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bana ba e etsang. Buka e ’ngoe e re ho leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a e etsang bophelong “ho tšoana le ho tantša, motho a ea holimo le tlaase a leka ho upella pula. Pula e ka se ne, empa motho eena o tla khathala.”
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u na le kahlolo e molemo hakae.
◼ U qetetse neng ho babatsa molekane oa hao?
◼ U qetetse neng ho mo tšoaea phoso?
Ikemisetse. Haeba u thatafalloa ho araba potso e qalang empa u nolofalloa ho araba ea bobeli, nahana ka pakane eo u ka ipehelang eona mabapi le seo u se lebeletseng ho eena.
Ke hobane’ng ha u sa buisane le molekane oa hao ka seo le ka ikemisetsang ho se etsa?
Nahana ka tse ling tsa lintho tseo u ka lumellang mocha hore a iketsetse liqeto ho tsona, ha a ntse a bontša hore o se a e-na le boikarabelo.
Ke hobane’ng ha u sa lule fatše le mocha ’me le buisane ka litaba tse kang hore na o lokela ho fihla neng hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joaloka mokhanni ea hlokolosi, setho sa lelapa se nang le kahlolo e molemo se ikemiselitse ho tenyetseha le maemo