Mohato oa 6: Tšoarelanang
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.”—Bakolose 3:13.
Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba ithuta linthong tse etsahetseng nakong e fetileng; empa ha ba boloke tlaleho ea lintho tse ba khopisitseng ebe ba bua ka tsona ha ba hlalosa e mong, mohlomong ka ho re, “Ha ho mohla u tšoarang nako” kapa “Ha ho mohla u mamelang.” Ka bobeli, monna le mosali ba lumela hore “ho hlokomoloha tlōlo ke botle.”—Liproverbia 19:11.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Molimo o “itokiselitse ho tšoarela,” empa ka linako tse ling batho bona ha ba tšoarele. (Pesaleme ea 86:5) Ha mathata a sa rarolloe, seo se ka etsa hore banyalani ba jarane ka lipelo ho isa moo ba seng ba sa khone ho tšoarelana. Banyalani ba ka ’na ba khetha ho se buisane ka hore na ba ikutloa joang—e mong a bile a sa tsotelle hore na e mong o ikutloa joang. Ka bobeli ba ikutloa ba tlamehile ho lula lenyalong le hoja ba se ba sa ratane.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Shebang lifoto tsa lōna tsa khale ha le sa tsoa nyalana kapa nakong eo le neng le le leferehong. Lekang ho tsosolosa lerato leo le neng le e-na le lona pele mathata a le aparela ’me a fifatsa pono ea lōna. Nahana ka litšobotsi tse ileng tsa etsa hore u khahloe ke molekane oa hao qalong.
◼ Ke litšobotsi life tse u khahlang ka ho fetisisa ka eena hona joale?
◼ Nahana hore na haeba u le motho ea tšoarelang, bana ba hao ba ka ’na ba fumana melemo efe ho seo.
Ikemisetse. Nahana ka tsela e le ’ngoe kapa tse peli tse ka u thusang hore u se ke ua bua ka liphoso tsa nakong e fetileng ha le sa lumellane ka ntlha e itseng le molekane oa hao.
Ke hobane’ng ha u sa babatse molekane oa hao ka litšobotsi tseo u li ratang ka eena?—Liproverbia 31:28, 29.
Nahana ka litsela tse ling tseo u tla bontša bana ba hao ka tsona hore u ba tšoaretse.
Ke hobane’ng ha u sa buisane le bana ba hao ka taba ea ho ba ba tšoarelang le kamoo ho tšoarelana ho ruisang bohle ka lapeng molemo kateng?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ha u tšoarela motho, molato o hlakotsoe. U se ke ua leka ho o khutlisa