Mehlala ea Katleho—Karolo ea Pele
Joalokaha ho bontšitsoe Tsoheng! ena e khethehileng, malapa a atlehileng a ba le mathata ka linako tse ling. Sena ha se makatse hobane re phela nakong eo Bibele e reng ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ke ’nete hore malapa ’ohle a tobana le mathata a sa tšoaneng.
Empa hopola hore katleho ha ea itšetleha ka maemo ao batho ba nahanang hore ke a loketseng. Ho fapana le seo, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Malapa a khotsofatsang tlhoko ea ’ona ea moea ka hore a latele melao-motheo ea Bibele a fumane tsela ea ho atleha—ho sa tsotellehe maemo a thata ao a sebetsanang le ’ona. Nahana ka mehlala ena.
Ho hlokomela ngoana ea holofetseng. Bibele e bontša hore ho hlokomela litho tsa lelapa ke taba ea bohlokoa haholo, ho akarelletsa le tse hlokang tlhokomelo e khethehileng. E re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:8.
Leqepheng la 15, ntate e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang Victor, o pheta kamoo eena le mosali oa hae ba qetileng lilemo tse fetang 40 kateng, ba hlokomela ngoana oa bona ea holofetseng.
Ho hōlela lelapeng le leng. Melao-motheo ea Bibele e ka thusa motho hore a inke e le oa bohlokoa ka tsela e loketseng—esita le haeba batsoali ba hae ba mo lahlile. Ka sebele, Bibele e re Jehova Molimo ke “mothusi” oa ba se nang bo-ntate.—Pesaleme ea 10:14.
Leqepheng la 16, moroetsana e mong oa United States ea bitsoang Kenyatta, o hlalosa kamoo a ithutileng ho sebetsana le boikutlo bo tlisoang ke hore ebe ha a e-s’o ka a kopana le batsoali ba hae.
Ho sebetsana le bohloko ba ho shoeloa ke motsoali. Ho shoeloa ke ’mè kapa ntate ho ka etsa hore motho a utloe bohloko bo tebileng. Bibele e ka thusa. Mongoli oa eona, e leng Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.
Leqepheng la 17, moroetsana e mong oa Australia ea bitsoang Angela, o hlalosa kamoo kamano ea hae le Molimo e mo thusitseng kateng hore a sebetsane le bohloko ba ho shoeloa.
Malapa ’ohle a na le mathata ao a lokelang ho sebetsana le ’ona. Joalokaha lipale tse maqepheng a latelang li tla bontša, batho ba sebelisang melao-motheo ea Bibele ba fumane tsela ea bohlokoa, e ba thusang hore ba atlehe ho sebetsana le mathata a bona.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho Hlokomela Ngoana ea Holofetseng
Joalokaha ho boletse Victor Maynes, oa Afrika Boroa
“Ho tloha ha Andrew a hlaha, o ’nile a itšetleha ka rōna hore re mo apese, re mo hlapise ’me ka linako tse ling re be re mo thuse ho ja. Hona joale o lilemo li 44.”
RE ILE ra nahana hore ho na le phoso e itseng ka Andrew ha a qeta selemo empa a sa tsamaee. ’Me hoo e ka bang ka eona nako eo, o ile a tsietsana. Re ile ra mo potlakisetsa sepetlele moo re ileng ra bolelloa hore o na le lefu la sethoathoa. Empa boo e ne e se bona feela bothata ba hae. Liteko tse ling tse ileng tsa etsoa li ile tsa tiisa hore Andrew o holofetse kelellong.
Ka mor’a ho leka litsela tse ngata, re ile ra khona ho thusa Andrew hore a se ke a tsietsana hangata. O ile a qeta nako e itseng a noa meriana e sa tšoaneng e mene hararo ka letsatsi. Ke ’nete hore meriana ha e khone ho mo thusa ka kholofalo ea hae ea kelellong. Esita le hoja hona joale Andrew a le lilemo li 44, kelello ea hae e nahana joaloka ea ngoana ea lilemo li hlano kapa li tšeletseng.
Lingaka li ile tsa re khothalletsa hore re ise Andrew lehaeng la batho ba holofetseng, empa re ile ra khetha ho se etse joalo. Re ne re khona ho mo hlokomela, kahoo re ile ra khetha ho mo hlokomella lapeng, ho sa tsotellehe mathata ao re neng re ke ke ra a qoba.
Kahoo, bohle ka lapeng rea mo hlokomela. Re na le bana ba bang ba neng ba lula lapeng—banana ba babeli le moshanyana a le mong—ba ileng ba re tšehetsa haholo ’me kea ba leboha! Kaha re Lipaki Tsa Jehova, litho tsa phutheho ea habo rōna le tsona li ile tsa re thusa haholo. Ka linako tse ling, li ne li re tlisetsa lijo kapa li hlokomela Andrew ha re ile tšebeletsong ea tšimo kapa ha re ntse re phetha mabaka a mang.
Re lula re hopola mantsoe a Esaia 33:24, a nang le tšepiso ea Molimo ea hore ka letsatsi le leng “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Re lumela ka botlalo hore Molimo o tla phethahatsa morero oa hae oa ho tlisa lefatše le lecha le oa ho felisa ho kula hohle. (2 Petrose 3:13) Kahoo re lebeletse letsatsi leo ka lona Andrew a tlang ho fola. Ha re ntse re lebeletse letsatsi leo, re lumela seo Jesu a se buileng ha a re re tla fuoa lintho tseo re li hlokang, haeba re etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso oa Molimo bophelong ba rōna. (Matheu 6:33) Kamehla re hlokometse hore seo ke ’nete. Ha ho letho le kileng la re haella.
Ke ’nete hore hase bohle ba ka khonang ho hlokomella hae setho se kulang. Ho ba khonang ho etsa joalo, ntlha ea pele eo nka ba khothalletsang eona ke hore ba rapele ka matla le kamehla. (1 Petrose 5:6, 7) Ntlha ea bobeli, ba fe ngoana lerato le mofuthu ’me le ka mohla ba se ke ba halala matla a hae a ho ithuta ho rata Jehova Molimo. (Baefese 6:4) Ntlha ea boraro, ba kenyelletse ba bang bohle ka lapeng ’me ba ba lumelle hore ba thuse. Ntlha ea bone, hopolang hore lapeng ke hona moo ngoana a tla fumana mofuthu o moholo oa lerato. Ke ’nete hore maemo ha a tšoane. Empa boemong ba rōna, ha re ikoahlaee hore ebe re hlokomela Andrew a le lapeng. Ke nka hore ke ngoana ea ratehang ka ho fetisisa—le monna ea ratehang ka ho fetisisa—eo ke mo tsebang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Ho Hōlela Lelapeng le Leng
Joalokaha ho boletse Kenyatta Young, oa United States
“Haeba u hōlela lelapeng la motsoali oa bobeli, seo se bolela hore motsoali e mong ke ea u tsoalang. Empa ha ho joalo ka ’na kaha ke hōletse lelapeng le leng. Ha ke tsebe le hore na ke tšoana le mang.”
HA KE tsebe ntate oa ka ’me ha ke e-s’o kopane le ’mè ea ntsoalang. O ne a noa a bile a sebelisa lithethefatsi ha e ntse e le moimana oa ka. Ha ke hlaha ke ile ka nkoa ke ba ’muso ’me ba nkisa malapeng a ’maloa pele ke fumana batsoali ba nkhōlisang ha ke le haufi le ho qeta lilemo tse peli.
Ntate ea nkhōlisitseng o re ha mosebeletsi oa sechaba a mo bontša foto ea ka, o ile a batla ho tsamaea le ’na hang-hang. Kapele-pele ke ile ka rata ’mè oa ka e mocha. Ke ile ka mo bolella hore ke ’mè oa ka ’me ke batla ho ea hae le eena.
Leha ho le joalo, ke hopola hore ha ke sa le monyenyane ke ne ke tšaba hore ha nka etsa ntho e itseng e phoso ke tla khutlisetsoa lehaeng la bana ba se nang batsoali. Ke ne ke nahana hore ha kea lokela ho koata kapa ho kula joaloka bana ba bang. Ke ne ke bile ke leka ho qoba ho tšoaroa ke sefuba! Nako le nako batsoali ba ka ba ne ba ntiisetsa hore baa nthata le hore ha ba na ho ntahla.
Esita le ha ke se ke le moholo, ka linako tse ling ke ntse ke loantšana le boikutlo ba hore ha ke oa bohlokoa joaloka bana ba hōlisitsoeng ke batsoali ba ba tsoalang. Hang ha eka ke amohela boemo boo, motho e mong o hlaha koana a fihle a re, “U lokela ho leboha hore ebe u na le batsoali ba molemo hakana ba iteletseng ho u hōlisa!” Kea ba leboha, empa mantsoe a kang ao a nketsa hore ke ikutloe eka ho na le ho hong ho phoso ka ’na le hore ho hlokahala hore motho a etse boiteko bo matla e le hore a nthate.
Ho thata ho ’na ho amohela ntlha ea hore mohlomong nke ke ka tseba ntate ea ntsoalang. Ka linako tse ling ke utloisoa bohloko ke hore ebe ’mè ea ntsoalang ha aa ka a tlohella mekhoa ea hae e mebe e le hore a nkhōlise, joalokaha eka ha ke oa bohlokoa. Ka linako tse ling kea mo qenehela. Hangata ke ee ke nahane hore ha nka kopana le eena nka rata ho mo bolella hore ke atlehile bophelong le hore a se ke a ikutloela bohloko ka hore ebe o ile a fana ka ’na.
Batsoali ba nkhōlisitseng ke Lipaki Tsa Jehova ’me e ’ngoe ea limpho tse molemo ka ho fetisisa tseo ba mphileng tsona ke tsebo ea Bibele. Hangata ke khothatsoa ke mantsoe a Pesaleme ea 27:10, a reng: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” Sena ke ’nete boemong ba ka. ’Me ho na le melemo e itseng e tlisoang ke ho hōlela lelapeng le leng. Ka mohlala, ke thahasella limelo tsa batho ba bang le tsela eo ba phelang ka eona, mohlomong hobane ha ke tsebe semelo sa ka. Ke rata batho ’me seo ke sa bohlokoa haholo tšebeletsong ea Bokreste. Ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova le ho bua ka Bibele ho mpha seriti le morero bophelong. Ha ke tepeletse maikutlo kea tsoa ke e’o thusa batho ba bang. Ke hlokometse hore ha ke ruta batho Bibele, ke khona ho theha setsoalle sa sebele le bona. Motho e mong le e mong o na le pale e thahasellisang.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho Tobana le ho Shoeloa ke Motsoali
Joalokaha ho boletse Angela Rutgers, oa Australia
“Ha Ntate a hlokahala, ke ile ka ikutloa ke setse lepalapaleng. Motho ea neng a tseba tsohle ka ’na a bile a ka rarolla bothata leha e le bofe boo ke nang le bona, o ne a se a le sieo.”
NTATE o hlokahetse lilemong tse leshome tse fetileng, ke le ka tlaase ho lilemo tse 20. O ne a ile a buuoa likhoeli tse tšeletseng pele ho moo ’me ha a ntse a le sepetlele, lingaka li ile tsa re bolella hore ha ho na letho le leng leo li neng li ka le etsa. ’Mè o ne a tsielehile a batla ho utloa ho eketsehileng, abuti eena o ile a akheha, ’me ’na ke ne ke selebaletsoe, ke nahana lintho tse ngata. Likhoeli tse tšeletseng hamorao Ntate o ile a hlokahala.
Ke ile ka qeta nako ke e-na le maikutlo a loantšanang. Ke ne ke batla hore metsoalle ea ka e utloisise kamoo ke ikutloang kateng, empa ke sa batle hore e ntšoare joalokaha eka kea haula. Kahoo ke ile ka leka ho e patela maikutlo a ka. Ka lehlakoreng le leng, ke ne ke nahana hore haeba ke thabela botsoalle le eona e tla ka lintho li khutletse setloaeling, empa ho se joalo. Hona joale kea hlokomela hore e tlameha ebe ke ne ke e tšoarisitse mathata!
Na ke ikutloa ke le molato ka lefu la Ntate? E, ke ikutloa ke le molato! Ke lakatsa eka nka be ke mo boleletse hangata hore ‘kea mo rata!’ Ke lakatsa eka nka be ke mo hakile hangata kapa ke qetile nako e ngata ke e-na le eena. Ho sa tsotellehe hore na ke ipolella hangata hakae hore, ‘Ntate o ne a ke ke a thabela ha ke nahana ka seo,’ ke ntse ke nahana ka sona.
Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke khothatsoa haholo ke tšepo e thehiloeng Bibeleng ea hore bafu ba tla tsoha. (Johanne 5:28, 29) Ke leka ho nahana eka Ntate o mpa a ile mose ho maoatle ’me o tla khutla ka letsatsi le leng, leo ke sa le tsebeng. Ho makatsang ke hore qalong ha batho ba ne ba re ho ’na, “Ntate oa hao o tla tsoha bafung,” seo se ne se sa nkhothatse. Ke ne ke batla hore Ntate a tsohe hona hoo! Empa papiso ea hore o ile mose ho maoatle e ile ea nthusa. E ile ea mpontša hore tsoho e tla ba teng, ’me ea nthusa ho mamella bohloko boo ke bo utloang.
Bakreste-’moho ba ile ba ntšehetsa haholo. Ke hopola e mong ka ho khetheha ea ileng a mpolella hore o tšaba ho bua ka lefu la Ntate, empa o lula a nahana ka ’na le ba lelapa leso. Ke ile ka lula ke nahana ka seo a se buileng. Se ile sa nthusa nakong eo ho neng ho se motho ea reng letho, kaha ke ile ka hlokomela hore esita le ha ba bang ba ne ba sa bue, ba ne ba ntse ba nahana ka ’na le ba lelapa leso. Seo se ile sa nkhothatsa haholo!
Likhoeli tse ’nè ka mor’a lefu la Ntate, ’Mè o ile a ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ’me ka elelloa hore seo se mo tlisetsa thabo e khōlō. Kahoo ke ile ka sebetsa le eena. Hoa makatsa ho hlokomela kamoo ho thusa ba bang ho ka u thusang hore u sebetsane le boemo kateng. Ho matlafalitse tumelo ea ka Lentsoeng la Jehova le li tšepisong tsa hae, ’me hona joale ho nthusa hore ke tsepamise kelello litšepisong tseo.