Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/09 maq. 8-9
  • Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hore na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Bomalimabe—Ua Ikhethela
  • Na ho Hotle ho Etsa Lintho Tse Ngata ka Nako E le ’Ngoe?
    Bacha Baa Botsa
  • Theknoloji e Hloa Mekoalaba
    Tsoha!—2009
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Bomalimabe?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 11/09 maq. 8-9

Sebelisa Theknoloji ka Tsela e Nahanelang le e Baballang

Katherine ea nang le lilemo tse fetang 20, o sebelisa k’homphieutha mosebetsing. Empa ha a le hae o lula a sheba lintho ka Inthanete, a reka a bile a bala melaetsa e mengata ea “e-mail” le ho e araba. Leha ho le joalo, tsela eo a sebelisang theknoloji ka eona ha e mpe hakaalo ha e bapisoa le ea basebetsi-’moho le eena ba ka tlaasana ho eena ka lilemo. O re: “Ke hobane’ng ha ba lula ba nthomella melaetsa ee e makatsang? Le ’na ke motho! Ha ba mphounele ke’ng?”

HO NA le ho ikhanyetsa potsong ena ea Katherine, kaha ha u bua le motho ka fono le ntse le sa bonane. Leha ho le joalo, Katherine o bua ’nete: Lisebelisoa tse ngata tsa theknoloji tse reretsoeng ho kopanya batho, ha e le hantle li ka ’na tsa hlahisa lekhalo pakeng tsa bona maikutlong. Ho u thusa hore u sebelise theknoloji ka tsela e bontšang ho leka-lekana, nahana ka melao-motheo e latelang ea Bibele.

◼ “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ha re latela mantsoe ao a Jesu Kreste, ha re sebelisa liselefouno le lik’homphieutha, re tšoara ba bang ka tsela e nang le tlhompho ’me re bontša hore re na le mekhoa e metle. Mosali e mong ea bitsoang Anne o re: “’Na le monna oa ka re ne re ile reschorenteng. Banna ba bang ba babeli ba ne ba jella tafoleng e ’ngoe e haufi le ea rōna. Empa e mong oa bona o ile a qeta nako eo eohle a le selefounong, a ntse a bua a bile a ja. Re ile ra utloela motsoalle eo oa hae bohloko, ea neng a ja ‘a le mong.’” U ne u ka ikutloa joang haeba e ne e le uena ea tsamaeang le motho ea joalo? Na u ne u tla utloa bohloko? Na u ne u tla khopeha? Ke ’nete hore taba ea hore re ka khona ho sebelisa selefouno hoo e batlang e le sebakeng leha e le sefe le ka nako leha e le efe, ha e bolele hore re lokela ho e sebelisa. Mantsoe a Jesu e lokela ho ba molao-motheo o re tataisang.

◼ “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.” (Baefese 5:15, 16) Nako ke mpho ea bohlokoa eo Molimo a re fileng eona ’me ha rea lokela ho e senya. Ke ’nete hore theknoloji e ka re bolokela nako. Ka mohlala, Inthanete e ka potlakisa lintho ha re etsa lipatlisiso, re sebelisa banka le ha re reka. Empa e ka boetse ea re qetela nako haeba re qeta lihora re le Inthaneteng re sa tsebe seo re se batlang.

Ntho e ’ngoe e ka ’nang ea senya nako ke ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe—ho sebelisa k’homphieutha u ntse u shebeletse TV u bile u bua fonong, kapa ho bula e-mail le mananeo a mang a k’homphieutha ka nako e tšoanang. Ke hobane’ng ha ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho senya nako?

Dr. Jordan Grafman, e leng setsebi litabeng tsa tšebetso ea methapo-kutlo, o re: “Ho batla ho sa khonehe hore u utloisise ntho leha e le efe eo u e etsang, haeba u etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.” Re ke ke ra khona ho tsepamisa kelello linthong tse ngata ka nako e le ’ngoe; tse ling li tla re pota ka thōko. Kahoo, ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho ka fella ka hore motho a okole lintho ka holimo feela a be a lebale. Tlaleho e hlahang makasineng ea Time e re, hape ha batho ba etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, ba etsa liphoso ’me “ba atisa ho nka nako e menang ka makhetlo a mabeli eo ba neng ba tla e nka ba etsa lintho tseo, haeba ba ne ba li etsa ka ho latellana.” Kahoo, nahana hantle pele u etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe; kaha u ka ’na ua se ke ua ba le nako e lekaneng ea ho li etsa kaofela!

◼ “Le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ho sa tsotellehe hore na motho o na le lintho tse bonahalang tse turu kapa tse ntle hakae, li ke ke tsa mo fa bophelo kapa tsa mo tlisetsa thabo ea sebele. Ke Molimo feela ea ka etsang seo. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ka lehlakoreng le leng, lefatše la khoebo le re motho o lokela ho ba le lintho tse bonahalang, e le hore a thabe. Le re: ‘U lokela ho lula u reka. U lokela ho ba le lintho tsa morao-rao.’ U se ke ua thetsoa. Ho e-na le hoo, hlalefa. Pele u reka ntho e itseng ka chelete eo u e sebelelitseng ka thata, ipotse hore na ke hobane’ng ha u e reka le hore na ua e hloka. Hape u hopole hore lintho tse ngata tsa theknoloji e phahameng li felloa ke boleng ka potlako. Kahoo haeba u hloka sesebelisoa se itseng sa theknoloji, ipotse: ‘Na ho hlokahala hore ke be le sa morao-rao? Hona na ke hloka se nang le lintho tsee kaofela tse bitsang, tseo nka ’nang ka se ke ka li sebelisa?’

Hore na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Bomalimabe—Ua Ikhethela

Katherine ea boletsoeng pejana, o ile a tsieleha ha k’homphieutha ea hae e senyeha. O re: “Qalong, ke ne ke ferekane maikutlo, empa ka etsa qeto ea ho batla e ’ngoe hamorao. Ka mor’a khoeli, kelello ea ka e ne e pholile ’me ke bala ka ho eketsehileng. Ke na le k’homphieutha mosebetsing, kahoo ke ntse ke khona ho romella metsoalle ea ka melaetsa, ka mor’a nako ea mosebetsi. Empa ha ke sa ikutloa ke tlamehile ho lula ke le k’homphieutheng nako ena kaofela. Theknoloji ha e sa laola bophelo ba ka.”

Ha e le hantle, lisebelisoa tse ngata tsa saense le theknoloji lia thusa ’me li ka re bolokela nako e ngata le matla. Kahoo u se ke ua tsilatsila ho li sebelisa ha ho hlokahala, empa u li sebelise ka tsela e nang le boikarabelo le e bontšang ho nahanela. Ka tsela efe? Etelletsa batho pele ho theknoloji. Qoba ho senya nako ea bohlokoa le chelete linthong tseo u sa li hlokeng tsa theknoloji. U se ke ua sebelisa Inthanete le lintho tse ling tsa theknoloji ho shebella boitšoaro bo litšila le liketso tse mabifi. Hape u se ke ua “lemalla” theknoloji. Ka mantsoe a mang, hlalefa—’me u latele melao-motheo e bululetsoeng, e ipakileng e sebetsa, e fumanehang ka Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng, e leng Bibele e Halalelang. Ka sebele, “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”—Liproverbia 2:6.

[Lebokose le leqepheng la 9]

LISELEFOUNO, LIK’HOMPHIEUTHA LE MEKHOA E METLE

U ka sebelisa selefouno le k’homphieutha joang ka tsela e bontšang hore u nahanela ba bang? Nahana ka litlhahiso tse latelang.

◼ Qoba ho founa kapa ho araba fono haeba u le moo u ka ’nang ua sitisa ba bang. Tima fono ha ho hlokahala.

◼ U se ke ua lumella fono hore e u ferekanye haeba e lla u ntse u buisana le motho e mong ntle le haeba ho hlile ho hlokahala hore u e arabe.

◼ Ha u bua le motho fonong, mo mamele ka hloko.

◼ U se ke ua nka motho setšoantšo ka selefouno haeba motho eo a ka ’na a se ke a thabela seo kapa sa mo soabisa.

◼ Ho e-na le ho fetisa molaetsa o mong le o mong oa e-mail oo u nahanang hore oa thahasellisa, hanela teko eo. Batho bao u ba romellang oona ba ka ’na ba se ke ba o thabela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela