Ke Tlohetse Sesole sa Metsing ke Sebeletsa Jehova
Joalokaha ho boletse Andrew Hogg
Molaoli oa sekepe sa rōna se tsamaeang ka tlas’a metsi, o ile a re: “Ha re ka ra tlameha ho sebelisa libetsa tsa nyutlelie, re tla be re hlōlehile ho phetha mosebetsi oa rōna.” Sena se ile sa lebisa puisanong e thahasellisang ea hore na ho loketse ho sebelisa libetsa tsa nyutlelie ntoeng kapa che. Empa ho tlile joang hore ke be sesoleng sa metsing, seo hape ho thoeng ke sa sekhukhu, ka lebaka la boiteko ba rōna ba ho lula re patile mohoasa?
KE HLAHETSE motseng oa Philadelphia, Pennsylvania, U.S.A., ka 1944. Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka susumetsoa ke mohlala oa Ntate, Ntate-moholo le Malome ba neng ba tsoa bosoleng, ke nka hore oo ke mosebetsi o phahameng ka ho fetisisa oo motho a ka o hahamallang. Ke qalile ho bona sekepe se tsamaeang ka tlas’a metsi ke sa le moshanyana, ha ke ne ke etetse moo li etsoang teng. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka ikemisetsa ho kena sesoleng sa metsing. Ha ke le selemong sa ho qetela sekolong se phahameng, ke ile ka amoheloa Sekolong sa Sesole sa Metsing sa United States. Lilemo tse ’nè hamorao, ka June 1966, ke ile ka fumana mangolo.
Ke ile ka kenela Lenaneo la Sesole sa Metsing la ho Tsoibila Libetsa Tsa Nyutlelie, ho ikoetlisetsa boenjiniere ba libetsa tsa nyutlelie le mosebetsi oa likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi. Ka April 1967, ke ile ka nyala Mary Lee Carter, e leng mosali oa ka eo ke ntseng ke mo rata le kajeno. Qetellong, ka March 1968, ke ile ka finyella toro ea ka ea bongoaneng ha ke abeloa ho ea sebetsa sekepeng se bitsoang USS Jack. Hoo e ka bang selemo hamorao, Mary Lee o ile a ba le morali oa rōna oa letsibolo baneng ba rōna ba babeli—e leng Allison.
Ka 1971, ke ile ka khethoa ho ba Moenjiniere e Moholo oa sekepe sa USS Andrew Jackson, seo motsamaisi oa sona a buileng mantsoe a boletsoeng qalong. Ha re ntse re le ka sekepeng sena se tsamaeang ka tlas’a metsi, e leng sona sa pele sa ho tsoibila limisaele, re ile ra hlaheloa ke boemo ba tšohanyetso bo tšajoang ke basesisi bohle ba likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi—e leng mollo. Nakoana ka mor’a khitla, ha ke ntse ke qhanolotse le liofisiri tse ling, re ile ra utloa molumo. Alamo ea ntan’o lla ’me ha utloahala tsebiso e reng, “Ho na le mollo ka kamoreng ea pele ea mechine!”
Kaha ke ne ke ikarabella ho hlokomela hoo e batlang e le mechine eohle le thepa ea motlakase, ke ile ka mathela karolong e ka morao ea sekepe ho ea hlahloba hore na lintho li senyehile hakae. Ho ne ho e-na le khanare ea mollo jenereithareng e ’ngoe ea sekepe, e thusang ho fehla moea oo re o hemang. ’Na le basebetsi-’moho ba bang ba bararo re ile ra khohletsa limaske tse re thusang ho hema ’me ra tlosa likhase tsohle tse ka tukang. Ka lehlohonolo, ha ho na ea ileng a tsoa kotsi. Ho sa tsotellehe tsietsi eo, re ile ra tsoela pele ka leeto la rōna—e leng se ileng sa bontša hore sehlopha seo se koetlisitsoe hantle.
Ke Ile ka Khetha ho Bala ka Motho ea Bōpang Khotso
E le ho re thusa ho sebetsana le khatello ea mosebetsi, re ne re khothalletsoa ho qeta lihora tse seng kae beke ka ’ngoe re ithuta lintho tse itseng tsa setso. Hangata ke ne ke bala lipale tsa bophelo ba masole a tummeng. Empa lekhetlong lena, ke ile ka etsa qeto ea ho bala ka motho ea tummeng ka ho bōpa khotso—e leng Jesu Kreste. Ke ile ka sebelisa Bibele eo ke e fuoeng ha ke fumana lengolo sekolong sa sesole sa metsing ’me ka qala ho bala Likosepele. Empa ha ke ntse ke bala ke ile ka ba le lipotso tse ngata ho feta likarabo. Ke ne ke hloka thuso.
Ho elella qetellong ea leeto la rōna, molaoli e moholo o ile a bitsetsa liofisiri sebokeng se neng se tšoaretsoe sebakeng sa bolulo ’me a phatlalatsa, a re: “Bahlomphehi, moenjiniere oa rōna o sa tsoa fuoa mosebetsi o motle ka ho fetisisa Sesoleng sa Metsing sa United States. E il’o ba Moenjiniere e Moholo oa sekepe se hlaselang sa morao-rao sa sesole sa metsing.” Ke ne ke hloletsoe!
Ka lebaka la mosebetsi oo o mocha, lelapa la ka le ile la tlameha ho fallela Newport News, Virginia, moo USS Los Angeles e neng e ntse e etsetsoa teng. Mosebetsi oa ka o ne o akarelletsa ho okamela liteko tse etsoang mechineng le ho ngola libuka tse fanang ka tataiso le ho hlophisa mananeo a koetliso. E ne e le mosebetsi o rarahaneng haholo empa o nkhotsofatsa. Ka nako eo, Mary Lee o ile a ba le ngoana oa rōna oa moshanyana, e leng Drew. Kaha joale ke ne ke se ke le ntate ea nang le bana ba babeli, ke ile ka boela ka nahana ka Molimo, ka ipotsa: ‘Ebe o nahana’ng ka ntoa? Ho etsahala’ng ha motho a e-shoa? Na lihele li teng?’
Qetellong ke Fumana Likarabo!
Hoo e ka bang ka nako eo, mosali oa ka o ile a qala ho buisana le Lipaki Tsa Jehova tse peli. Ka letsatsi le leng ha ke founela hae ke le mosebetsing, Mary Lee o ile a re, “Bo-’mè ba babeli ba Bibele ba teng mona.”
Ke ile ka mo botsa: “Ke ba kereke efe?”
O ile a araba ka hore: “Ke Lipaki Tsa Jehova.”
Ke ne ke sa tsebe Lipaki empa ke ne ke batla ho utloisisa Bibele. Ke ile ka re: “Ba kōpe hore ba re etele mantsiboeeng a mang.” Nakoana ka mor’a moo, e mong oa basali bao o ile a tla le monna oa hae ’me ’na le mosali oa ka ra qala ho ithuta Bibele.
Qetellong, ke ile ka fumana likarabo tsa lipotso tse ’nileng tsa nqaka ka lilemo. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore bafu “ho hang ha ba tsebe letho,” ba joalokaha eka ba borokong bo tebileng—e leng papiso eo Jesu a ileng a e sebelisa. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-14) Ka hona, bafu ha ba monyakeng kapa ha ba moo ba hlokofatsoang empa ba “robetse” lefung, ba emetse tsoho.
’Na le Mary Lee re ile ra boela ra qala ho ea libokeng tsa Bokreste, Holong ea ’Muso ea moo re lulang teng. Ha re le moo re ile ra bona Lipaki tsa litso tse sa tšoaneng, tse rutehileng le tse sa rutehang le tsa merabe e fapaneng, li sebeletsa Molimo ka khotso le bonngoe. ’Na le mosali oa ka re ile ra phetha ka hore: “Ka sebele Bibele e ka ntlafatsa tsela eo batho ba phelang ka eona.”—Pesaleme ea 19:7-10.
Nako ea ho Etsa Qeto
Ha ntoa e qhoma pakeng tsa Maarabo le Baiseraele ka 1973, ho ile ha romeloa Likepe tsa Atlantic tsa sesole sa metsing sa United States. Lintho li ne li ka ’na tsa tsoa taolong habonolo, ’me ke ile ka qala ho lemoha hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka tlisang khotso ea sebele le ea ka ho sa feleng, eseng bo-ralipolotiki. Ha e le hantle, ke ne ke atisa ho rapela, ke re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng,” empa ke sa utloisise hore na seo se bolela’ng. (Matheu 6:9, 10) Hona joale, kea utloisisa hore ’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo e tla busa lefatšeng lohle haufinyane ’me e felise bobe bohle le ba bo etsang.—Daniele 2:44; 7:13, 14.
Temana e neng e nkama ka ho khetheha ke 2 Bakorinthe 10:3, 4. E re Bakreste ba ’nete ha ba “loane ntoa ho ea ka seo re leng sona nameng. Etsoe lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li matla ka Molimo.” Ke ile ka ithuta hore “lihlomo” tseo ke tsa moea ’me li akarelletsa “sabole ea moea”—e leng Bibele e Halalelang.—Baefese 6:17.
Joale ke ne ke tlameha ho etsa qeto. Na ke ne ke tla tsoela pele ke etsa mosebetsi oo o ntlhokang hore ke sebetse ka thata empa ke o thabela, kapa na ke ne ke tla latela ’nete e ka Bibeleng? Ka mor’a hore ke nahanisise taba ena ka thapelo, ke ile ka etsa qeto ea hore haeba ke hlile ke rata ho bōpa khotso, ke lokela ho latela tsela ea Molimo.
Molaoli oa ka e Mocha
’Na le Mary Lee re ile ra sekaseka taba ena ka thapelo ’me ra etsa qeto ea hore re tla sebeletsa “Molaoli e Moholo”—e leng Jehova Molimo. Ka bo-mong re ile ra etsa qeto ea ho inehela ho Jehova ’me ka ngola lengolo la hore ke itokolla sesoleng sa metsing. Ke ile ka isoa Norfolk, Virginia, ha ke ntse ke emetse ho lokolloa mosebetsing. Basebetsi-’moho le ’na ba bangata ba ile ba makatsoa ke qeto eo ke e entseng ’me ba bang ba bile ba hanyetsa ka matla. Empa ba bang ba ne ba thahasella e le kannete hore ebe ke entse qeto ea ho latela Bibele ’me ba hlompha qeto eo.
Ke ile ka lokolloa sesoleng ka 1974. Selemong sona seo, ’na le mosali oa ka re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Molimo ka kolobetso ea metsing, Kopanong ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova ea sehlooho se reng, “Morero oa Molimo,” e neng e tšoaretsoe Hampton, Virginia. (Matheu 28:19, 20) Re ile ra qala ho phela ka tsela e fapaneng.
Re Tobana le Liphephetso Tse Ling
’Na le Mary Lee re ne re e-na le bana ba babeli, re sa sebetse ’me re e-na le chelete e lekaneng ho re phelisa ka likhoeli tse seng kae. Ke ile ka romela bahiri ba ’maloa mangolo a kōpo ea mosebetsi, eaba ke tlohella lintho matsohong a Molimo. Ka mor’a nakoana, k’hamphani e ’ngoe e fanang ka litšebeletso e ile ea mpha mosebetsi. E ne e ntefa chelete e ka ’nang ea lekana le halofo ea eo ke neng ke e fumana ha ke le sesoleng, empa mosebetsi oo o ne o sa hloke hore lelapa la rōna le falle.
Ha ’na le mosali oa ka re ntse re hōla moeeng, re ile ra batla ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. Lelapa le leng la Lipaki leo re le tsebang le ile la fallela Virginia bohareng, ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang mesuoe e eketsehileng ea Bibele, ’me la re kōpa hore re le etele. Ka mor’a ketelo eo e le ’ngoe feela, re ile ra qalella ho itokisetsa ho falla. Ke ile ka kōpa hore ke isoe sebakeng se seng ka mosebetsi ’me ka thaba ha kōpo eo e amoheloa. Ha e le hantle, ke ile ka nyolloa mosebetsing! K’hamphani e ile ea lumela ho re lefella litšenyehelo tsa ho falla. Re ile ra bona hore ‘ka sebele, Molimo o hlokomela bohle ba lekang ho etsa thato ea hae.’—Matheu 6:33.
Kaha lelapa la rōna le phela ka tsela e batlang e itekanetse, ’na le Mary Lee re ile ra atleha ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng. Sena se ile sa boela sa re fa monyetla oa hore re qete nako re e-na le bana ba rōna ba babeli ba ratehang ha ba ntse ba hōla. Ha e le hantle, sena se re tliselitse thabo e khōlō, kaha Allison le Drew ba tsoela pele “ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4; Liproverbia 23:24.
Ke ’nete hore ka linako tse ling re ’nile ra tšoenyeha ka litaba tsa lichelete, bolulo, ho kula esita le hona ho hōla. Empa kamehla Jehova o ’nile a re tšehetsa. Na kea ikoahlaea ka hore ebe ke ile ka tsoa sesoleng sa metsing? Le hanyenyane! Ha ’na le Mary Lee re hetla morao bophelong ba rōna, re ka bolela re se na tika-tiko hore ho sebeletsa Jehova ke ntho e babatsehang le e putsang ka ho fetisisa eo motho a ka e hahamallang.—Moeklesia 12:13.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Re ile ra etsa qeto ea ho sebeletsa “Molaoli e Moholo”
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Sekepe sa USS “Los Angeles”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Navy photo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
’Na le Mary Lee kajeno