Bohlokoa ba ho Bontša Kameho e Mofuthu
MOPROFESA oa mafu a kelello a bana o ile a re ho ’mè e mong ea neng a sa tsoa ba le mafahla: “Ba hake khafetsa!” ’Mè eo o ne a mo kōpile keletso ea kamoo a ka hōlisang bana ba hae hantle kateng. Moprofesa eo o ile a phaella ka ho re: “Bana ba lokela ho bontšoa lerato le kameho e mofuthu ka litsela tse ngata, joaloka ho ba haka le ho ba aka, ho ba bontša botsoalle, ho ba ea utloisisang, ho ba ea thabileng, ho fana ka seatla se bulehileng le ho ba ea tšoarelang ’me ha ho hlokahala u ba khalemele. Le ka mohla, ha rea lokela ho nahana hore bana ba rōna baa tseba hore rea ba rata.”
Tiffany Field, e leng mookameli oa Mokhatlo o Etsang Liphuputso Tsa ho Ama Univesithing ea Miami, Florida, U.S.A., o bonahala a lumellana le tlhahiso e ka holimo. O re: “Ho ama ngoana ke habohlokoa e le hore a hōle ’me a phele hantle feela joalokaha ho hlokahala hore a je le ho ikoetlisa.”
Na batho ba baholo le bona ba hloka ho bontšoa lerato? E. Ka mor’a hore Claude Steiner eo e leng setsebi sa kelello lefapheng la bongaka a etse liphuputso, o ile a fihlela qeto ea hore e le hore re ikutloe re thabile re hloka ho babatsoa le ho phaphathoa, ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae. Laura, eo e leng mooki ea hlokomelang sehlopha se seholo sa batho ba hōlileng o re: “Ke hlokometse hore ha batho ba baholo ba bontšoa lerato, seo se etsa phapang e khōlō. Ha u ba tšoara hantle u bile u ba ama u etsa hore ba u tšepe ’me ba ithaopele ho etsa seo u reng ba se etse. Ho feta moo, ho ba bontša lerato joalo ho bontša hore u hlompha seriti sa bona.”
Ho phaella moo, ho bontša lerato ho tsoela motho ea le bontšang molemo hammoho le ea le bontšoang. Joalokaha Jesu Kreste a ile a bontša, “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ho bontša lerato ho putsa le ho feta ha le bontšoa ho batho ba tšoenyehileng, ba tepeletseng kapa ba ikutloang ba sa sireletseha. Ka Bibeleng ho na le litlaleho tse ngata tse bontšang kamoo batho ba joalo ba ileng ba amohela thuso ena kateng.
Inahanele hore na e tlameha e bile ho tšelisang hakaakang ha “monna e mong ea tletseng lepera,” ea neng a lelekiloe sechabeng, a utloa Jesu Kreste a mo ama ka tsela e bontšang qenehelo!—Luka 5:12, 13; Matheu 8:1-3.
Ak’u nahane kamoo moprofeta Daniele ea seng a hōlile a tlamehang a ile a ikutloa a matlafetse kateng ha lengeloi la Molimo le ne le mo khothatsa ka mofuthu le ho mo ama ka makhetlo a mararo. Daniele o ne a hloka ho angoa ka tsela eo e lerato le ho utloa mantsoe ao a khothatsang e le hore a hlaphoheloe ’meleng le kelellong.—Daniele 10:9-11, 15, 16, 18, 19.
Ka lekhetlo le leng, metsoalle e ratehang ea moapostola Pauluse e ile ea tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha Efese ho ea Miletase ho ea kopana le eena. Ha e le moo, Pauluse o ile a e bolella hore e ka ’na ea se ke ea hlola e mo bona. E tlameha ebe moapostola eo o ile a ikutloa a matlafetse hakaakang ha metsoalle ea hae e tšepahalang e “mo haka ebile e mo aka ha ba arohana”!—Liketso 20:36, 37, Today’s English Version.
Kahoo, Bibele le liphuputso tse entsoeng morao tjena li re khothalletsa hore re bontšane kameho e mofuthu. Ho etsa sena ho tlisetsa batho melemo ’meleng le maikutlong. Ho hlakile hore hase bana feela ba hlokang ho bontšoa lerato la sebele ka tsela e loketseng.