Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 maq. 18-21
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha U Batla ho ba Boinotšing
  • Ha U E-na le Metsoalle
  • Seo U ka se Nahanang ka ho ba Boinotšing
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Hobane’ng ke sa Khone ho ba Boinotšing Nako e Eketsehileng?
    Tsoha!—1988
  • Nka Fumana Nako e Eketsehileng ea Boinotši Joang?
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha ke Beheloa Melao e Mengata Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 maq. 18-21

Bacha Baa Botsa

Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?

Tšoaea ✔ mabapi le seo u ka ’nang ua se bua maemong a latelang.

1. U ka kamoreng ea hao u koetse monyako, ngoan’eno o itšohlometsa feela a sa kokota.

◯ ‘Ha ke na bothata . . . le ’na ke etsa ntho e tšoanang ho ngoan’eso.’

◯ ‘Ke ho hloka mekhoa hakaakang! O ne a tla etsa’ng ha a ne a ka mphumana ke ntse ke apara?’

2. U ntse u bua le motsoalle oa hao fonong, ’me ’mè oa hao o moo a ka le utloang ebile ho hlakile hore o mametse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

◯ ‘Ha ke na bothata . . . ha ke pate letho.’

◯ ‘Ke ikutloa ke sa phutholoha! Ekare ke lutse ke katiloe!’

3. U sa tsoa fihla hae, joale batsoali ba hao ba u homela ka lipotso. “U tsoa kae? U ne u etsa’ng? U ne u e-na le mang?”

◯ ‘Ha ke na bothata. . . etsoe ke tloaetse ho ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’

◯ ‘Ho nyahamisa hakaakang! Batsoali ba ka ha ba ntšepe!’

HA U ne u sa le monyenyane, mohlomong ho ba boinotšing e ne e se ntho ea bohlokoa hakaalo. Haeba ngoan’eno a ne a itšohlometsa feela ka kamoreng ea hao, u ne u thabela boteng ba hae. Haeba batsoali ba hao ba ne ba u botsa potso, u ne u ba araba u sa qeaqee. Ka nako eo, batho ba ne ba tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena. Hona joale e ka ’na eaba u lakatsa ho qeta nako e eketsehileng u le boinotšing. Coreya ea lilemo li 14 o re: “Ke rata ho ipolokela lintho tse ling e le lekunutu.”

Ke hobane’ng ha ka tšohanyetso u se u rata ho ba boinotšing? Lebaka le leng ke hore u ntse u hōla. Ka mohlala, liphetoho tse bang teng ’meleng oa hao nakong ea bocha li ka etsa hore u amehe haholo ka ponahalo ea hao—esita le ha u e-na le ba lelapa leno. Hape ha u ntse u hōla, u qala ho bona bohlokoa ba ho nahana ka lintho tse itseng u le boinotšing. Eo ke pontšo ea hore u hlaolela “matla a ho nahana”—e leng tšobotsi eo Bibele e babatsang mocha ea nang le eona. (Liproverbia 1:1, 4; Deuteronoma 32:29) Esita le Jesu o ile a ea “sebakeng se thōko” e le hore a ka nahanisisa.—Matheu 14:13.

Ke ’nete hore u ntse u le tlas’a taolo ea batsoali ’me ba na le tokelo ea ho tseba se etsahalang bophelong ba hao. (Baefese 6:1) Empa ha u kopanya taba ea hore ba lokela ho tseba le ea hore le uena u hloka ho hōla, ho ka ’na ha e-ba le ho se utloane. U ka sebetsana le bothata boo joang? Ha re ke re shebe lintlha tse peli tse ka ’nang tsa baka mathata.

Ha U Batla ho ba Boinotšing

Ho na le mabaka a ’maloa a utloahalang ao u ka batlang ho ba boinotšing ka ’ona. Mohlomong u mpa u batla hore u ke u “phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) Kapa ha u batla ho rapela, u ka ’na ua etsa seo Jesu a ileng a eletsa barutuoa ba hae hore ba se etse, ha a ne a re, “u kene ka kamoreng ea hao ’me, ka mor’a hore u koale monyako oa hao, u rapele Ntat’ao.” (Matheu 6:6; Mareka 1:35) Bothata ke hore ha u koala monyako oa kamore ea hao (haeba u na le eona), batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba nahana hore ua rapela! Le banab’eno ba ka ’na ba se ke ba utloisisa hore u mpa u batla ho ba boinotšing.

Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho loanela kamore, etsa lintho tse latelang.

● Leka ho behela banab’eno melao e seng mekae e utloahalang e le hore ba u fe nako ea ho ba boinotšing. Haeba ho hlokahala, kōpa batsoali hore ba u thuse tabeng ena.

● Leka ho utloisisa tsela eo batsoali ba hao ba talimang lintho ka eona. Rebekah ea lilemo li 16 o re: “Ka linako tse ling batsoali ba ka ba batla ho tseba hore na ke ntse ke etsa’ng. Empa ho bua ’nete le ’na haeba ke ne ke le motsoali ke ne ke tla batla ho tseba hore na mocha o ntse a etsa’ng—kaha ke tseba liteko tsohle tseo bacha ba tobanang le tsona kajeno!” Na le uena joaloka Rebekah u utloisisa lebaka leo batsoali ba hao ba tšoenyehileng ka lona?—Liproverbia 19:11.

● Ipotse ka botšepehi: ‘Na ho na le seo ke se entseng se fang batsoali ba ka lebaka la ho belaella hore ha ke le mong ke etsa lintho tse tsoileng tseleng? Na ke ’nile ka ba patela se etsahalang bophelong ba ka hoo ba nkang hore ba tlameha ho loha maano a hore ba se tsebe?’ Hangata, ha u lokolohile haholoanyane ho batsoali ba hao, ba ke ke ba u belaella hakaalo.b

Seo u ka rerang ho se etsa. Ka tlaase mona, ngola seo u ka ’nang ua se bua ha u qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ena.

․․․․․

Ha U E-na le Metsoalle

Ho tloaelehile hore nakong ea bocha u etse botsoalle le ba bang bao e seng ba lelapa. Ho boetse ho tloaelehile hore batsoali ba hao ba ipotse hore na metsoalle ea hao ke bo-mang le hore na u etsa’ng ha u e-na le eona. Batsoali ba hao baa tseba hore ke mosebetsi oa bona ho tseba metsoalle ea hao. Empa uena u ka ’na ua nka hore batsoali ba hao ba mpa ba tšoenyeha feela ho sa hlokahale. Amy ea lilemo li 16 o re: “Ke mpa feela ke batla ho sebelisa selefouno ea ka le ho ngola li e-mail ntle le hore nako le nako batsoali ba ka ba batle ho tseba hore na ke ntse ke bua le mang.”

Seo u ka se etsang. Ho e-na le ho lumella metsoalle ea hao hore e bake lekhalo pakeng tsa hao le batsoali ba hao, leka litlhahiso tse latelang.

● Bolella batsoali ba hao hore na metsoalle ea hao ke bo-mang ’me u ba tsebise eona. Etsoe u ka ’na ua se ke ua rata ha batsoali ba hao ba iketsa mafokisi, empa ba tla etsa’ng haeba metsoalle ea hao e le ea sekhukhu? U hopole hore batsoali ba hao baa tseba hore metsoalle eo u e khethang e tla u susumetsa haholo. (1 Bakorinthe 15:33) Ha batsoali ba hao ba tseba hantle hore na u qeta nako u e-na le bo-mang, ba ka ’na ba phutholoha haholoanyane ka metsoalle eo u e khethang.

● Ka tlhompho, buisana le batsoali ba hao ka taba ena. U se ke ua ba qosa ka hore ke bo-ntšunya-khare. Ho e-na le hoo, u ka ’na ua re, “Ke utloa eka le mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e buang le metsoalle ea ka ebile lea nkahlola. Ke thatafalloa le ke ho buisana le eona feela.” Mohlomong batsoali ba hao ba tla u fa nako e itseng ea hore u be boinotšing le metsoalle ea hao.—Liproverbia 16:23.

● Bua ’nete: Na bothata ke ho ba boinotšing kapa ke ho pata ho itseng? Brittany ea lilemo li 22, o re: “Haeba u ntse u lula lapeng ’me batsoali ba hao ba tšoenyehile ka taba e itseng, u lokela ho ipolella hore, ‘Seo ke se etsang hase phoso, kahoo ke hobane’ng ha ke lokela ho se pata?’ Ka lehlakoreng le leng, haeba u lokela ho se pata, joale ho na le ho hong ho phoso.”

Seo u ka rerang ho se etsa. Ka tlaase mona, ngola seo u ka ’nang ua se bua ha u qala ho buisana le batsoali ba hao ka taba ena.

․․․․․

Seo U ka se Nahanang ka ho ba Boinotšing

Joale u tla ba le monyetla oa ho nahana ka litsela tse ling tseo u ka rarollang bothata boo ka ho khetheha bo u tšoenyang mabapi le ho ba boinotšing.

Mohato oa 1: Qolla bothata.

Ke ntlheng efe eo u nkang hore u ka rata ho ba le nako e eketsehileng ea boinotši ho eona?

․․․․․

Mohato oa 2: Nahana ka maikutlo a batsoali ba hao.

U nahana hore ke hobane’ng ha ba tšoenyehile?

․․․․․

Mohato oa 3: Batla tharollo.

(a) Ak’u nahane bonyane ka tsela e le ’ngoe eo e ka ’nang eaba u tlatsetsa ka eona bothateng bona empa u sa hlokomele, ebe u e ngola moleng o ka tlaase.

․․․․․

(b) U ka etsa liphetoho life mabapi le karabo ea hao e ka holimo?

․․․․․

(c) U ka rata hore batsoali ba hao ba etse’ng ka lintho tse u tšoenyang?

․․․․․

Mohato oa 4: Bua le bona.

Ka nako e loketseng, buisana le batsoali ba hao ka lintho tseo u li ngotseng ka holimo.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Haeba ho bonahala eka batsoali ba hao ba ntse ba sa u tšepe, ba bolelle u khobile matšoafo le ka tlhompho hore na u ikutloa joang. Ba mamele ka hloko ha ba hlalosa lintho tseo ba amehileng ka tsona ’me u etse bonnete ba hore ha u etse letho le tla tlatsetsa bothateng boo.—Jakobo 1:19.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

● Ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba lokela ho tseba lintho tse etsahalang bophelong ba hao?

● Ho leka ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le batsoali ba hao ka eona ho ka ’na ha u thusa joang ha u buisana le batho ba bang ba baholo nakong e tlang?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Haeba bacha ba buisana le batsoali ba bona ba lokolohile, batsoali ba ke ke ba e-ba le lebaka le lekaalo la ho bala melaetsa ea bona ea e-mail le ea fono e le hore ba tsebe se etsahalang bophelong ba bona.”

“Nke ke ka koata ha batsoali ba ka ba bala melaetsa ea ka ea e-mail. Haeba mohiri o na le tokelo ea ho bala melaetsa ea e-mail ea basebetsi ba hae, ke hobane’ng ha batsoali bona ba sa lokela ho bala ea bana ba bona?”

“Kaha batsoali ha ba batle hore u hlaheloe ke lintho tse mpe, ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ba kena-kenana le ho ba boinotšing ha hao. Hoo ha ho bonahale eka ho loketse. Empa ho bua ’nete, haeba ke ne ke le motsoali mohlomong ke ne ke tla etsa se tšoanang.”

[Litšoantšo]

Eden

Kevin

Alana

[Lebokose le leqepheng la 21]

MOLAETSA O EANG HO BATSOALI

● Mora oa hao o ka kamoreng ’me o koetse monyako. Na u lokela ho itšohlometsa feela u sa kokota?

● Morali oa hao o siile selefouno ea hae ha a mathela sekolong. Na u lokela ho bala melaetsa e fonong ea hae?

Ha ho bonolo ho arabela lipotso tsena. Ka lehlakoreng le leng, u tšoanela ho tseba se etsahalang bophelong ba mocha ’me u na le boikarabelo ba ho mo sireletsa. Ka ho le leng, u ke ke ua lula u “oka-okela” ngoana u sa mo tšepe ’me u katile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang. Joale u tla bontša ho leka-lekana joang?

Ntlha ea pele, hlokomela hore takatso ea mocha ea ho ba boinotšing hase kamehla e bolelang hore ho na le ntho e itseng e mpe eo a e etsang. Hangata, ke karolo ea ho hōla. Ho ba boinotšing ho thusa bacha ‘hore ba inonye’ ha ba ntse ba theha setsoalle ba bile ba leka ho rarolla mathata, ba sebelisa ‘matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1, 2) Ho ba boinotšing ho boetse ho thusa bacha ho hōlisa matla a bona a ho nahana—e leng tšobotsi ea bohlokoa e tla ba thusa hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. (1 Bakorinthe 13:11) Hape ho ba fa monyetla oa ho thuisa pele ba arabela lipotso tse thata.—Liproverbia 15:28.

Ea bobeli, ela hloko hore ho leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a e etsang bophelong ho ka ’na ha mo halefisa le ho mo etsa lerabele. (Baefese 6:4; Bakolose 3:21) Na see se bolela hore u lokela ho phutha matsoho feela? Che, u ntse u le motsoali. Empa sepheo ke hore ngoana a be le letsoalo le koetlisitsoeng. (Deuteronoma 6:6, 7; Liproverbia 22:6) Qetellong, ho mo tataisa ho molemo ho feta ho lula u mo katile.

Ea boraro, buisana le mocha ka taba ena. Mo mamele ha a hlalosa lintho tse mo tšoenyang. Na mohlomong u ka ’na ua tenyetseha ka linako tse ling? (Bafilipi 4:5) Bolella mocha hore u tla mo fa nako e itseng ea ho ba boinotšing, hafeela a ke ke a u phoqa. Mo hlalosetse hore na ho tla etsahala’ng ha a sa mamele, ’me u phethahatse seo ha ho hlokahala. Kholiseha hore u ka fa mocha nako ea ho ba boinotšing, empa u sa nyahlatse boikarabelo ba hao ba ho ba motsoali ea tsotellang.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ho tšeptjoa ho tšoana le ho fumana moputso—motho o tlameha ho ho sebeletsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela