Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 leq. 3
  • Na U Hloka Nako e Eketsehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Hloka Nako e Eketsehileng?
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata: Mesebetsi e Mengata
    Tsoha!—2015
  • Nka Etsa Joang ka Mosebetsi oa Sekolo o Etsoang Lapeng o Mongata Hakaale?
    Tsoha!—1993
  • Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng
    Tsoha!—2010
  • Haha Bophelo ba Hao Tšebeletsong ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 leq. 3

Na U Hloka Nako e Eketsehileng?

HAEBA u tšoaile ntlha ea bobeli kapa ea boraro lipotsong tse ngata tse botsitsoeng lebokoseng le ka thōko, mohlomong u hloka nako e eketsehileng. Hase uena feela. Hoo e batlang e le hohle, batho ba tlas’a khatello ea hore ba etse lintho tse tlamehang ho etsoa—’me e ka ’na eaba ha li amane ka letho le seo ruri e leng sa bohlokoa ho bona. Ho e-na le hoo, e ka ’na eaba ba lokela ho etsa lintho tse hlokahalang ka nako eo—ho lokisa koloi, ho khotsofatsa mohiri le ho sebetsana le litšitiso tse sa lebelloang. Ha u ntse u sebetsana le mathata a sa tšoaneng, u ka ’na ua ikutloa eka ha u khone ho laola tsela eo u sebelisang nako ea hao ka eona. U ka ba ’na ua nka hore u lula u le maphathaphathe ’me ha u na nako ea ho thabela bophelo.

Ke ’nete hore u ka ’na ua ipolella hore boemo bona ke ba nakoana feela. Qetellong, lintho li tla ea butle bophelong ’me u tla ba le nako ea ho tsepamisa maikutlo linthong tseo u hlileng u nkang hore ke tsa bohlokoa—tse entšang bophelo ba hao, ba litho tsa lelapa la hao le ba batho ba bang. Empa neng? Na u bona eka u tla fumana nako kemisong ea hao kajeno, bekeng ee, kapa khoeling e tlang?

Ha e le hantle, ha ho bonahale eka batho ba u potolohileng ba tla fokotsa lebelo leo ba etsang lintho ka lona. Empa u ka nka khato ea ho ipha nako eo u e hlokang. U ka ’na ua etsa see joang?

[Lebokose le leqepheng la 3]

Ke hangata hakae u bang le nako ea ho etsa lintho tseo u nkang hore ehlile ke tsa bohlokoa?

◯ Letsatsi le leng le le leng

◯ Ka mafelo-beke

◯ Ha ho mohla

Letsatsi ka leng,

◯ Na u etsa seo u rerileng ho se etsa?

◯ Na u latela kemiso eo u e etselitsoeng e u sitisang ho phetha seo u neng u se rerile?

◯ Na ka ho nkeha maikutlo, u etsa ntho leha e le efe e itlhahelang feela?

Letsatsi ka leng,

◯ Na u utloa eka lintho li taolong?

◯ Na u utloa u le tlas’a khatello ea ho etsa lintho tse sa utloahaleng tseo ba bang ba reng u li etse?

◯ Na u utloa u tlamehile ho etsa sena le sane?

Qetellong ea letsatsi,

◯ Na u finyeletse lintho tsa bohlokoa?

◯ Na u qetile mosebetsi o hlokahalang, le hoja u o entse ka bohlasoa?

◯ Na ha u na nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa?

U atisa ho ikutloa joang qetellong ea letsatsi?

◯ U thabile u bile u khotsofetse

◯ U sa thaba, u khathetse, u bile u ferekane

◯ U nyahame

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela