Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 maq. 22-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bo-mang ba Neng ba Etsa Mosebetsi oo?
  • LE TSEBA’NG KA MORENA ASA?
  • BANA BATLANG LITŠOANTŠO
  • TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
  • Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 maq. 22-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ke Bo-mang ba Neng ba Etsa Mosebetsi oo?

Ke baeta-pele bafe ba babeli ba Iseraele ea boholo-holo bao e neng e le balisa? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase.

1. NTLHA E THUSANG: Balang Exoda 3:1.

․․․․․

2. NTLHA E THUSANG: Balang 1 Samuele 17:34-36.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Ke litšobotsi life tseo molisa ea molemo a neng a lokela ho li bontša? Ke hobane’ng ha Jesu a itšoantša le molisa ’me a tšoantša barutuoa ba hae le linku?

NTLHA E THUSANG: Balang Johanne 10:11-16.

LE TSEBA’NG KA MORENA ASA?

3. Asa o ile a etsa’ng ha a qala ho ba morena?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 14:2-5.

․․․․․

4. Lebotho la sesole la banna ba milione le ileng la loantša Asa le ne le tsoa naheng efe?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 14:9, 10.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Asa o ile a etsa’ng ha Hanani a mo eletsa?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 16:7-10.

Na Asa o ne a lokela ho itšoara joalo? U lokela ho itšoara joang ha u eletsoa, hona hobane’ng?

BANA BATLANG LITŠOANTŠO

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

TSE HLAHANG MAKASINENG ENA

Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 20 Lefatše lohle le rapaletse matleng a mang? 1 Johanne 5:․․․

LEQEPHE 21 Lerato ha le etse’ng? Baroma 13:․․․

LEQEPHE 26 Re lokela ho ila eng? 1 Bathesalonika 4:․․․

LEQEPHE 26 Motho ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa eng? 1 Bakorinthe 6:․․․

Likarabo li leqepheng la 22

Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31

1. Moshe.

2. Davida.

3. O ile a felisa borapeli ba bohata.

4. Ethiopia.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela