Pono ea Bibele
Na Basali ba Lokela ho Ruta ka Phuthehong?
MOSALI e mong oa Mok’hatholike o ile a ngolla koranta ea USA Today a re: “Ke makatsoa le ho halefisoa ke hore ebe ha ho letho le fetohileng ka basali, ha ho tluoa tabeng ea ho hlomamisoa.” Batho ba bangata ba lumellana le eena. Etsoe malumeling a mang basali e ba baruti, baprista, babishopo le bo-rabi.
Malumeli a hanelang basali ho ba basebeletsi le a ba lumellang ho ruta ba le sefalaneng—a bolela hore a latela Mangolo. Leha ho le joalo, Bibele ha e lumellane le likhopolo tseo ka bobeli. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ho araba potso eo, re lokela ho qala ka ho hlahloba kamoo Bibele e sebelisang lentsoe la Segerike di·aʹko·nos leo ka tloaelo le sebelisoang ho motho ea sebeletsang ka phuthehong.
Lekholong la Pele la Lilemo
Lentsoe di·aʹko·nos le bolela’ng ho uena? Batho ba bangata ba ka ’na ba nahana ka monna kapa mosali, eo e leng moeta-pele oa bolumeli, ea okamelang phutheho litabeng tsa borapeli. Empa Bibele e sebelisa lentsoe leo ka kutloisiso e pharaletseng. Nahana ka mosali oa Mokreste, e leng Fibi, eo moapostola Pauluse a reng ke “morali’abo rōna, eo e leng mosebeletsi [di·aʹko·nos] oa phutheho e Senkrea.”—Baroma 16:1.
Na u nahana hore Fibi o ne a ema ka pel’a phutheho ea Senkrea, a okamela tšebeletso ea bolumeli? Ha e le hantle, Fibi o ne a etsa mosebetsi ofe? Lengolong la hae le eang ho Bafilipi, Pauluse o ile a re ho na le basali ba itseng “ba sebelitseng ’moho le ’na . . . ho boleleng litaba tse molemo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Bafilipi 4:2, 3, Contemporary English Version.
Tsela e ka sehloohong eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba bolela litaba tse molemo ka eona e ne e le ea “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 20:20) Batho ba neng ba etsa mosebetsi oo e ne e le basebeletsi. Ba ne ba akarelletsa basali ba kang Priscilla. Eena le monna oa hae ba ileng ba ‘qaqisa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane’ ho monna ea tšabang Molimo ea neng a e-s’o kolobetsoe e le hore e be Mokreste. (Liketso 18:25, 26) Joaloka Fibi, ho hlakile hore Priscilla le eena e ne e le mosebeletsi ea ipabolang—ho joalo le ka basali ba bang ba bangata.
Karolo e Hlomphehang
Na mosebetsi oa boboleli o ne o khelloa fatše ebile e se oa bohlokoa hoo o neng o sieloa basali, ha banna bona ba etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho okamela ka phuthehong? Che, ’me ho na le mabaka a mabeli a seo. La pele, Bibele e hlakisa hore Bakreste bohle—ho akarelletsa banna ba nang le boikarabelo bo boima ka phuthehong—ba lokela ho kopanela mosebetsing oa boboleli. (Luka 9:1, 2) La bobeli, mosebetsi oa boboleli haesale e le tsela e ka sehloohong eo Bakreste ba banna le ba basali ba phethahatsang taelo ea Jesu ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . [ba] ba rute.”—Matheu 28:19, 20.
Ho na le karolo e ’ngoe ea bohlokoa eo basali ba itseng ba e phethang ka phuthehong. Pauluse o ile a re: “Basali ba hōlileng e ke e be . . . mesuoe ea se molemo; e le hore ba ka khutlisetsa basali ba bacha kelellong hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona.” (Tite 2:3, 4) Kahoo, basali ba hōlileng ba nang le phihlelo ea ho latela melao ea Bokreste ba na le tokelo ea ho thusa basali ba bacha ba se nang phihlelo hore ba hōle tsebong. Ena le eona ke karolo e hlomphehang le ea bohlokoa.
Ho Ruta ka Phuthehong
Leha ho le joalo, ka Bibeleng ha ho moo basali ba bolelloang hore ba eme ka pel’a phutheho ba rute. Ho e-na le hoo, moapostola Pauluse o ile a ba laela hore “ba khutse ka liphuthehong.” Hobane’ng? Lebaka le leng leo a ileng a le ngola e ne e le hore lintho tsohle li tle li etsahale “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakorinthe 14:34, 40) E le hore lintho li tsamaee hantle ka phuthehong, Molimo o abetse sehlopha se le seng hore se phethe karolo ea ho ruta. Leha ho le joalo, hlokomela hore motho ha a fuoe boikarabelo ba bolebeli ka phuthehong hobane feela e le monna; boikarabelo boo bo fuoa feela banna bao ka sebele ba tšoanelehang.a—1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9.
Na karolo eo Molimo a e abetseng basali ea eiseha? Che. Hopola hore Jehova Molimo o ba hlomamisitse hore ba etse mosebetsi oa bohlokoa—oa ho mo pakela phatlalatsa. (Pesaleme ea 68:11) Banna le basali ba Lipaki Tsa Jehova ba etsang mosebetsi oa boboleli kajeno, ba thusitse batho ba limilione hore ba fihle pakong ’me ba bolokehe. (Liketso 2:21; 2 Petrose 3:9) Eo ke katleho e khōlō!
Tokisetso ea ho abela banna le basali likarolo tseo ba li phethang e tlisa khotso, ha ka nako e tšoanang e bontša ho hlompha banna le basali. Ka mohlala: Mahlo a sebelisana le litsebe ho thusa motho ha a tšela ’mileng o phetheselang. Ka ho tšoanang, Molimo o hlohonolofatsa phutheho ka khotso, ha banna le basali ba etsa thato ea hae ka hore ba phethe likarolo tseo ba li abetsoeng.—1 Bakorinthe 14:33; Bafilipi 4:9.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hape hlokomela hore matla a monna a ho laela ka phuthehong a lekanyelitsoe. O ipeha ka tlaase ho Kreste ’me o lokela ho etsa lintho tumellanong le melao-motheo ea Bibele. (1 Bakorinthe 11:3) Ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba lokela hore “e mong a ipehe tlaase ho e mong,” ba bontše moea oa boikokobetso le oa tšebelisano-’moho.—Baefese 5:21.
b Ka ho hlompha kabelo eo Molimo a e abetseng banna ka phuthehong, basali ba Bakreste ba boetse ba behela mangeloi leholimong mohlala.—1 Bakorinthe 11:10.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Basali ba ne ba ruta joang ka phuthehong ea Bokreste lekholong la pele la lilemo?—Liketso 18:26.
● Ke bo-mang ba abetsoeng ho okamela ka phuthehong?—1 Timothea 3:1, 2.
● Molimo o nka tšebeletso ea basali ba Bakreste joang kajeno?—Pesaleme ea 68:11.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Jehova o fana ka polelo; basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.”—PESALEME EA 68:11