Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 maq. 26-29
  • Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Seo a se Etsang Kapa ke Sesosa?
  • Ithute ho Rarolla Liqabang Kapa ho li Qoba
  • Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Etsa’ng Haeba Ngoan’eso a Ipolaile?
    Tsoha!—2008
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?
    Tsoha!—1987
  • Nka Etsa Joang Hore ho se Lebelloe Hore ke Tšoane le Ngoan’eso?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 maq. 26-29

Bacha Baa Botsa

Nka Phelisana Hantle le Banab’eso Joang?

U ka hlalosa kamano ea hao le banab’eno joang?

․․․․․ Re metsoalle ea hlooho ea khomo

․․․․․ Rea utloana boholo ba nako

․․․․․ Rea mamellana

․․․․․ Rea loana ka linako tsohle

BANA ba bang ba motho ba tloaelane haholo. Ka mohlala, Felicia ea lilemo li 19 o re, “Ngoan’eso ea lilemo li 16, Irena, ke e mong oa metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo.”a ’Me Carly ea lilemo li 17, o re ka abuti oa hae, Eric ea lilemo li 20: “Re utloana haholo. Ha ho mohla re loanang.”

Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba phelisana joaloka Lauren le Marla. Lauren o re: “Re ngangisana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na ke taba e nyenyane hakae.” Kapa mohlomong u utloisisa seo Alice ea lilemo li 12 a se buang ka abuti oa hae Dennis ea lilemo li 14, ha a re: “Oa ntena! O itšohlometsa feela ka kamoreng ea ka ’me o ‘ikalima’ lintho tsa ka a sa nkōpa. Dennis o iketsa ngoana!”

Na u na le ngoan’eno ea u tenang? Ke ’nete hore batsoali ke bona ba nang le boikarabelo ba ho boloka taolo ka lapeng. Empa ha nako e ntse e ea, u tla tlameha ho ithuta ho phelisana le ba bang. U ka ithuta seo ha u ntse u lula lapeng.

Nahana ka likhohlano tseo u bileng le tsona le ngoan’eno. Hangata le tseka eng? Sheba lethathamo le ka tlaase, ’me u tšoaee ✔ ntho e u tenang haholo kapa u e ngole!

□ Lintho tsa botho. Ngoan’eso o “ikalima” lintho tsa ka a sa nkōpa.

□ Ho se tšoane ka maikutlo. Ngoan’eso o etsa lintho ka boithati kapa ha a nahanele kapa o leka ho laola tsela eo ke phelang ka eona.

□ Ho ba boinotšing. Ngoan’eso o itšohlometsa feela ka kamoreng ea ka kapa o bala melaetsa ea ka ea e-mail kapa ea selefouno a sa nkōpa.

□ Tse ling. ․․․․․

Haeba ngoan’eno o lula a u tena—o rata ho u laela kapa o u hlokisa nako ea boinotši—ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u koetle sekhopi. Empa maele a Bibele a re: “Ho pepeta nko ke hona ho hlahisang mali, ’me ho pepeta bohale ke hona ho hlahisang ho qabana.” (Liproverbia 30:33) Haeba u mo jere ka pelo, u ka ’na ua qetella u phasolohile ka bohale, feela joalokaha ho pepeta nko ho ka ’na ha etsa hore u tsoe mokola. Seo se tla mpefatsa bothata le ho feta. (Liproverbia 26:21) U ka etsa’ng e le hore u qobe ho pheha khang ha ho e-na le ntho e u khopisitseng? Mohato oa pele ke ho hlokomela seo e hlileng e leng bothata.

Na ke Seo a se Etsang Kapa ke Sesosa?

Mathata a bana ba motho a tšoana le makhopho. Lekhopho le ntša seso se sa rateheng, empa sesosa sa lona ke ho ba le tšoaetso. Ka ho tšoanang, ha bana ba motho ba hohlana hangata seo e mpa e le bopaki ba sesosa se ipatileng.

U ka tlosa lekhopho leo ka ho le pepeta. Empa ho etsa joalo e tla be e le ho sebetsana le matšoao feela, ’me u ka ’na ua sala u e-na le lebali kapa ua etsa hore le petle. Tsela e molemo ke ho sebetsana le tšoaetso, e leng se tla thibela a mang ho ropoha. Hoa tšoana le ka mathata ao u bang le ’ona le banab’eno. Ithute ho khetholla sesosa ’me u tla hlokomoloha seo a se etsang ebe u sebetsana le motso oa bothata. Hape u tla sebelisa keletso ea Morena Solomone ea bohlale, ea ileng a re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.”—Liproverbia 19:11.

Ka mohlala, Alice ea qotsitsoeng pejana, o ile a re ka abuti oa hae Dennis, “O itšohlometsa feela ka kamoreng ea ka ’me o ‘ikalima’ lintho tsa ka a sa nkōpa.” Eo ke ntho eo a e etsang. Empa u nahana hore sesosa ke eng? Mohlomong se amana le tlhompho.b

Alice a ka sebetsana le bothata bona ka ho bolella Dennis hore a se ke a hlola a kena ka kamoreng ea hae kapa hona ho sebelisa lintho tsa hae. Empa ho etsa seo ke ho sebetsana le matšoao feela ’me ho ka ’na ha baka mathata a eketsehileng. Leha ho le joalo, haeba Alice a ka kholisa Dennis hore o lokela ho hlompha nako ea hae ea ho ba boinotšing le lintho tsa hae, ha ho pelaelo hore kamano ea bona e tla ntlafala.

Ithute ho Rarolla Liqabang Kapa ho li Qoba

Ke ’nete hore ho hlokomela sesosa sa mathata ao u nang le ’ona le ngoan’eno ke karolo feela ea tharollo. U ka etsa’ng ho rarolla bothata e le hore u qobe khohlano? Leka ho latela mehato ena e tšeletseng.

1. Lumellanang ka melao e itseng ea motheo. Morena Solomone o ile a re: “Merero ea senyeha moo ho se nang [puisano ea] lekunutu.” (Liproverbia 15:22) E le ho u thusa hore u se ke ua ferekana, sheba seo u itseng lea se tseka le ngoan’eno. Lekang ho etsa melao eo le lumellanang ka eona e tla rarolla sesosa sa bothata. Ka mohlala, haeba le loanela lintho tsa botho, Molao oa 1 e ka ba o reng: “Kamehla u kōpe pele u nka ntho ea motho e mong.” Molao oa 2 e ka ba o reng: “Hlompha tokelo ea ngoan’eno ea hore a ka re ‘Che, ha ke batle ha u e sebelisa.’” Ha le etsa melao ena le nahane ka taelo ea Jesu, e reng: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Ka tsela eo le tla etsa melao eo ka bobeli le ka e latelang. Le ntan’o buisana le batsoali ba lōna ho tiisa hore ba amohela seo le lumellaneng ka sona.—Baefese 6:1.

2. Latela melao le uena. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa?” (Baroma 2:21) U ka sebelisa molao-motheo oo joang? Ka mohlala, haeba u batla hore ngoan’eno a hlomphe nako ea hao ea ho ba boinotšing, joale le uena u lokela ho kokota pele u kena ka kamoreng ea hae kapa u mo kōpe pele u bala melaetsa ea hae ea e-mail kapa ea selefouno.

3. U se ke ua khopeha lefeela. Ke hobane’ng ha keletso ee e le molemo? Hobane joalokaha maele a Bibele a bolela, “ke lithoto feela tse halefang kapele le ho koetla sekhopi.” (Moeklesia 7:9, Contemporary English Version) Haeba u koata lefeela, u tla sulafalloa ke bophelo. Ke ’nete hore ngoan’eno o tla etsa lintho tse tla u koatisa kapa a li bue. Empa ipotse, ‘Na ke mo entse ka ho tšoanang nakong e fetileng?’ (Matheu 7:1-5) Jenny o re: “Ha ke le lilemo li 13, ke ne ke nahana hore seo ke se nahanang ke sa bohlokoa ka ho fetisisa ’me batho ba tlamehile ho se utloa. Moen’a ka o boemong bo tšoanang. Kahoo ke leka hore ke se ke ka koatisoa ke lintho tseo a li buang.”

4. Mo tšoarele ’me u mo leballe. Le lokela ho tšohla mathata a tebileng le ho a rarolla. Empa na u lokela ho lulisa ngoan’eno majoana nako le nako ha a etsa phoso? Jehova Molimo oa thaba ha u ithaopela “ho hlokomoloha tlōlo.” (Liproverbia 19:11) Alison ea lilemo li 19, o re: “’Na le moen’a ka, Rachel, re khona ho rarolla mathata a rōna. Ka bobeli re phakisa ho kōpa tšoarelo ebe re buisana ka seo re nahanang hore se bakile qabang eo. Ka linako tse ling ke iphapanyetsa taba ebe kea robala. Hangata ka le hlahlamang ke tsoha ke lebetse ebe ha ho sa hlokahala hore ke bue ka taba eo.”

5. Kōpang batsoali hore ba le kopanye. Haeba uena le ngoan’eno le sa khone ho rarolla bothata bo tebileng, batsoali ba ka le thusa hore le bōpe khotso. (Baroma 14:19) Leha ho le joalo, hopola hore ho khona ho rarolla liqabang le sa kenye batsoali ke pontšo ea hore le hōlile e le kannete.

6. Ananela litšobotsi tse ntle tsa banab’eno. Mohlomong banab’eno ba na le litšobotsi tseo u li ratang. Ngola ntho e le ’ngoe eo u e ratang ka e mong le e mong oa bona.

Lebitso Seo ke se ratang

․․․․․ ․․․․․

Ho e-na le ho tsepamisa mohopolo liphosong tseo banab’eno ba li etsang, ke hobane’ng ha u sa iphe sebaka sa ho ba bolella hore na ke’ng eo u e ratang ka bona?—Pesaleme ea 130:3; Liproverbia 15:23.

Seo e leng ’nete bophelong: Ha u tloha lapeng, ka linako tse ling u tla phela le batho ba u tenang—basebetsi-’moho le batho ba bang ba se nang mekhoa e metle, ba sa nahaneleng le baithati. Lapeng ke hona moo u ithutang ho sebetsana ka khotso le liteko tse joalo. Haeba u e-na le ngoan’eno eo u thatafalloang ho phelisana le eena, e ba le pono e nepahetseng ka seo. Ngoana eo oeno o u thusa ho hlaolela litšobotsi tsa bohlokoa bophelong!

Bibele ea lumela hore hase kamehla bana ba motho e ka bang metsoalle ea hlooho ea khomo. (Liproverbia 18:24) Empa u ka matlafatsa maqhama a botsoalle le banab’eno haeba u ‘tsoela pele ho ba mamella,’ esita le ha ba u fa “sesosa sa pelaelo.” (Bakolose 3:13) Haeba u etsa joalo, banab’eno ba ka ’na ba se ke ba u tena hakaalo. Le uena u ka ’na ua se ke ua ba tena hakaalo!

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b E le hore u fumane thuso e eketsehileng, sheba le ka tlaase mona.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bona phapang pakeng tsa seo motho a se etsang le sesosa?

● Ke mohato ofe ho e tšeletseng e boletsoeng ka holimo oo u lokelang ho sebeletsa ho oona haholo?

[Lebokose le leqepheng la 27]

HLOKOMELA SESOSA

Na u batla ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho hlokomela sesosa sa liqabang baneng ba motho? Haeba ho joalo, bala papiso ea Jesu ea mora ea ileng a tloha lapeng ’me a hafotsa lefa la hae.—Luka 15:11-32.

Ela hloko tsela eo mora e moholo a ileng a itšoara ka eona ha moen’ae a khutlela lapeng. Ebe u araba lipotso tse latelang.

Ke’ng e entseng hore mora e moholo a itšoare joalo?

U nahana hore sesosa e ne e le eng?

Ntate o ile a leka ho rarolla bothata boo joang?

Mora e moholo o ne a lokela ho etsa eng e le hore a rarolle bothata boo?

Joale nahana ka ntho eo le sa tsoa ngangisana ka eona le ngoan’eno. ’Me u ngole likarabo pel’a lipotso tsena.

Le ne le tseka eng?

U nahana hore e ka ’na eaba sesosa e ne e le eng?

U ka lumellana le melao efe ea motheo e tla rarolla bothata boo ’me e thibele likhohlano tse eketsehileng?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ke batla ho qeta bophelo bohle ba ka ke le motsoalle oa banab’eso, kahoo ke lokela ho qalella esale joale.”

“Re etsa lintho hammoho re le lelapa ’me seo se thusa ho re momahanya. Ha re sa ngangisana joaloka pele.”

“Lintlheng tse ling re fapane joaloka bosiu le motšehare. Ho ntse ho le joalo, moen’a ka oa ikhetha. Ke mo rata haholo!”

“Ha e ne e se ka banab’eso, lintho tsohle tse thabisang tseo ke li hopolang e ne e tla ba lefeela. Ho ba nang le banab’abo bona, ke re, ‘Ba ananeleng!’”

[Litšoantšo]

Tia

Bianca

Samantha

Marilyn

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Mathata a bana ba motho a tšoana le makhopho—ho a tlosa u lokela ho sebetsana le sesosa sa ’ona, eseng u hlasele matšoao feela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela