Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 leq. 18
  • Tholoana e Nyenyane e ba Eike ea Tonanahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tholoana e Nyenyane e ba Eike ea Tonanahali
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsoa Poropo ka Bokantle ba Kutu ea Sefate
    Tsoha!—2011
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • “Sefate sa Bophelo” Se Hlollang sa Afrika
    Tsoha!—1995
Tsoha!—2010
g 9/10 leq. 18

Tholoana e Nyenyane e ba Eike ea Tonanahali

● Tholoana e nyenyane ea eike, e tšoanang le lehe le lenyenyane le kentsoeng ka komiking, e oa sefateng. Peō eo e pupetsoa ke mosha o mathang ’me hoa lebaloa ka eona, empa ea mela. Ha nako e ntse e ea, e ba sefate sa setonanahali sa eike, se seholo ho feta tsohle tse melang merung ea Brithani.

Sefate sa eike seo ho buuoang ka sona hangata historing le litšōmong se phela lilemo tse fetang sekete. Tse ling li fihla bophahamong ba limithara tse ka bang 40! Lifate tsa khale tsa eike li ikhetha ka ho ba le likutu tse khōlōhali le makala a phatlaletseng. Le hoja Brithani ho mela mefuta e ’meli ea lifate tsa eike, lefatšeng ka bophara ho na le e ka bang 450. Ntho e li khethollang kaofela ke tholoana ea tsona e nyenyane.

Lifateng tsa eike ho lula liphoofolo tse ngata tse sa tšoaneng ho feta tse lulang lifateng tse ling tsohle tsa Brithani. Tsona li akarelletsa likokoanyana tsa mefuta-futa. Lithithiboea tsa ngata li rata ho ja makhasi a bonolo a sefate sa eike a hlahang hlabula. Empa lifate tsena lia itšireletsa. Makhasi a khale a hlahisa metsoako e latsoehang hampe.

Ho na le lintho tse phelang likarolong tsohle tsa sefate sena. Boieane ba likokoanyana bo hohela linonyana le likho tse ngata. Bo-maleshoane ba fata mapetsong a nang le boka. Liphooko le bo-’mankhane ba hahela mapetsong a likutu. Liphoofotsoana tse kang litoeba, likhoto, limmutla, lipela le liphokojoe li fumana setšabelo metsong ea sona.

Sefate sa eike se na le litsela tsa ho itlhoekisa. Selemo le selemo, makhasi a ka etsang kotara ea milione a sefate se hōlileng aa hlohlorela. Likokoana-hloko lia a bolisa ebe a khutlela mobung e se e le limatlafatsi. Ka lilemo tse ling, sefate sena se hlahlisa litholoana tse 50 000. Tse ngata tsa tsona li bokelloa ke linonyana le liphoofolo kapa lia li ja. Likokoanyana le bo-maleshoane li tlosa lithupa tse ommeng, ebe fungi eona e ja boka.

Lehong la eike le ikhetha ka ho ba thata le ka hore lea tšoarella. Ke khale batho ba le ratela ho haha matlo le ho etsa thepa e ntle ea ka tlung. Le etsa lifaki tse ntle bakeng sa ho boloka joala le veine nako e telele. Likepe tse tiileng tse entsoeng ka lehong la eike, li ile tsa thusa Lebotho la Metsing la Brithani hore le qete lilemo tse ngata le laola maoatleng.

Lehong la eike le ntse le nkeloa holimo. Sefate sena se khabisitseng naha ea Brithani, sea khahleha ka lebaka la matla a sona, ho tšepahala le ho mamella ha sona. Tholoaneng e nyenyane ho mela sefate sa eike sa setonanahali—e leng mohlolo o mong oa pōpo!

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Sefate sa eike se ka phela lilemo tse fetang sekete ’me sa ba bophahamo ba limithara tse 40 le bophara ba limithara tse fetang 12

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]

Tree: © John Martin/Alamy; acorn: © David Chapman/Alamy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela