Molek’hule ea Hemoglobin e Entsoe ka Tsela e Hlollang
“Ho hema ho bonahala eka ke ntho feela e tloaelehileng, empa tšebetso ena ea motheo e bontšang hore lintho lia phela e etsahala feela ka lebaka la liathomo tsa mefuta-futa tse molek’huleng e rarahaneng haholo.”—Max F. Perutz, ea ileng a fumana Khau ea Nobel ka 1962 le motho e mong ka lebaka la liphuputso tseo a li entseng tsa molek’hule ea hemoglobin.
HO HEMA—ke ntho e iketsahallang feela ka tlhaho. Ba bangata ba rōna ha re nahane hakaalo ka hona. Empa ho hema ho ne ho ke ke ha re boloka re phela ha e ne e se ka molek’hule ea hemoglobin, e rarahaneng e entsoeng ka tsela e hlollang ke ’Mōpi oa rōna. Hemoglobin e ka liseleng tsa rōna tse khubelu tse litrilione tse 30 e tlosa oksijene matšoafong ’me e e isa likarolong tse ling tsa ’mele. Haeba re ne re se na hemoglobin, re ne re tla shoa ka ho panya ha leihlo.
Limolek’hule tsa hemoglobin li khona joang ho nka limolek’hule tse nyenyane tsa oksijene ka nako e loketseng, li li boloke li sireletsehile ka nako e loketseng ’me li li lokolle ka nako e loketseng? Ho hlokahala hore ho etsahale lintho tse ngata tse hlollang tse bontšang boenjiniere limolek’huleng.
“Litekisi” Tse Nyenyane Tsa Limolek’hule
U ka ’na ua nka hore molek’hule ea hemoglobin ke tekesi e nyenyane e mamati a mane, e ka nkang “bapalami” ba bane. Tekesi ena ea molek’hule ha e hloke mokhanni, kaha e tsamaea ka har’a sele e khubelu ea mali, e ka hlalosoang e le k’hontheinara e tsamaisang thepa ea limolek’hule tsena tsa hemoglobin.
Limolek’hule tsa hemoglobin li qala leeto la tsona ha lisele tse khubelu tsa mali li fihla matšoafong—e leng “boema-fofane.” Ha re kenya moea ka matšoafong, limolek’hule tse ngata tse nyenyane tsa oksijene tse sa tsoa kena, li qala ho batla tekesi eo li ka e palamang. Ka potlako, limolek’hule tsena li kena liseleng tse khubelu tsa mali, e leng “lik’hontheinara.” Mothating ona, mamati a litekesi tsa hemoglobin tse leng ka seleng ka ’ngoe aa koaleha. Empa ka mor’a nakoana feela molek’hule e ikemiselitseng ea oksijene letšoeleng leo le phetheselang e ipetetsa hore e kene ka tekesing ea hemoglobin.
Joale ho etsahala ntho e ’ngoe e thahasellisang haholo. Molek’hule ea hemoglobin e ka seleng e khubelu e qala ho fetoha sebōpeho. “Mamati” ’ohle a mane a tekesi ea hemoglobin a qala ho ipula ha bapalami ba ho qala ba kena, e leng se etsang hore bapalami ba bang ba kene habonolo. Mokhoa ona o sebetsa hantle hoo ha motho a hula moea hanngoe feela, bapalami ba tlatsang karolo ea 95 lekholong ea “litulo” tsohle tse ka tekesing e ka seleng e khubelu ea mali. Ha li le hammoho, limolek’hule tsa hemoglobin tse ka etsang kotara ea bilione tse ka seleng e le ’ngoe e khubelu ea mali li ka tsamaisa limolek’hule tse ka bang bilione tsa oksijene! Ka mor’a nakoana sele e khubelu ea mali e nkileng litekesi tsena kaofela e isa oksijene ea eona ea bohlokoa lithong tsa ’mele tse e hlokang. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke’ng e thibelang liathomo tsa oksijene tse ka har’a sele hore li se ke tsa tsoa pele ho nako?’
Karabo ke hore ka har’a molek’hule e ’ngoe le e ’ngoe ea hemoglobin, limolek’hule tsa oksijene li itšoarella liathomong tse letileng tsa tšepe. Mohlomong u kile ua bona se etsahalang ha oksijene le tšepe li kopana moo ho nang le metsi. Hangata seo se hlahisa mafome. Ha tšepe e ba le mafome, a koalla oksijene ka har’a ’ona ka ho feletseng. Joale ho tla joang hore molek’hule ea hemoglobin e khone ho kopanya tšepe le oksijene le ho li arola ka har’a mokelikeli oa sele e khubelu ea mali empa ho sa be le mafome?
Ho e Hlahlobisisa
E le hore re arabe potso eo, a re ke re hlahlobisiseng molek’hule ea hemoglobin. E na le liathomo tse ka bang 10 000 tsa haedrojene, k’habone, naetrojene, sebabole le oksijene tse potolohileng liathomo tse ’nè feela tsa tšepe. Ke hobane’ng ha liathomo tsee tse ’nè tsa tšepe li hloka tšehetso e ngata hakaale?
Ntlha ea pele, liathomo tse ’nè tsa tšepe li na le motlakase ’me li lokela ho laoloa ka hloko. Liathomo tsena tse nang le motlakase, tse bitsoang li-ion, li ka baka tšenyo e khōlō ka har’a lisele haeba li ka tsoa taolong. Kahoo athomo ka ’ngoe ho tsena tse ’nè tsa tšepe e ba ka har’a poleiti e thata e e sireletsang.a Ka mor’a moo, lipoleiti tseo tse ’nè li kena ka hloko ka molek’huleng ea hemoglobin ka tsela eo limolek’hule tsa oksijene li fihlang liathomong tsa tšepe tse nang le motlakase empa limolek’hule tsa metsi tsona li sa fihle ho tsona. Ha metsi a le sieo, ha ho be le mafome.
Tšepe e ka molek’huleng ea hemoglobin ha e khone ho ikopanya le oksijene le ho ikarola ho eona. Empa haeba liathomo tse ’nè tsa tšepe tse nang le motlakase li ne li le sieo, likarolo tse ling tsohle tsa molek’hule ea hemoglobin li ne li ke ke tsa e-ba le thuso. Mali a ka tsamaisa oksijene hafeela liathomo tsena tsa tšepe li kene hantle ka molek’huleng ea hemoglobin.
Li Lokolla Oksijene
Ha sele e khubelu ea mali e tsoa mothapong o tsamaisang mali ho tsoa pelong ’me e kena mothapong o monyenyane o liseleng tsa ’mele, tikoloho eo sele e khubelu ea mali e leng ho eona ea fetoha. Moo ho batla ho futhumetse ho feta ka matšoafong, ’me oksijene ea fokola ebile ho na le asiti e ngata e hlahisoang ke carbon dioxide e haufi le sele eo. Matšoao ana a bolella limolek’hule tsa hemoglobin, kapa litekesi, tse ka seleng eo hore joale ke nako ea hore li theole bapalami ba tsona ba bohlokoa, e leng oksijene.
Ha limolek’hule tsa oksijene li tsoa ka molek’huleng ea hemoglobin, e boetse e fetoha sebōpeho. Phetoho eo e etsa hore “mamati a koalehe” ’me oksijene e sale ka ntle, e leng moo e hlokahalang teng haholo. Ha mamati ao a koaleha, seo se boetse se thibela hemoglobin ho khutlisetsa oksijene leha e le efe matšoafong. Ho e-na le hoo, e khutla e nkile carbon dioxide.
Nakoana ka mor’a moo, lisele tse khubelu tsa mali tse se nang oksijene li khutlela matšoafong, moo limolek’hule tsa hemoglobin li ntšang carbon dioxide ebe li boetse li nka oksijene e ’ngoe e bolokang bophelo—e leng ntho e etsahalang ka makhetlo a likete-kete nakong ea matsatsi a ka bang 120 ao sele e khubelu ea mali e phelang ka ’ona.
Ka ho hlakileng, hemoglobin ke molek’hule e ikhethang. Joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena, ke ‘molek’hule e rarahaneng haholo.’ Ka sebele, re tsota le ho leboha tsela e bohlale le e hlokolosi eo ’Mōpi oa rōna a entseng boenjiniere ba lintho tsena tse nyenyane ka eona e le hore bophelo bo be teng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Poleiti ena ke molek’hule e ikemetseng e bitsoang heme. Ha ea etsoa ka protheine empa e keneletse ka har’a protheine ea hemoglobin.
[Lebokose/Chate e leqepheng la 28]
KAMOO U KA HLOKOMELANG HEMOGLOBIN EA HAO KATENG!
Libakeng tse ling ha ho buuoa ka mali a haelloang ke hemoglobin, ha e le hantle ho buuoa ka “mali a haelloang ke tšepe.” Ha liathomo tse ’nè tsa tšepe tsa motheo li le sieo molek’huleng ea hemoglobin, liathomo tse ling tse 10 000 molek’huleng eo e ba tse se nang thuso. Kahoo, ke habohlokoa hore re fumane tšepe e lekaneng ka hore re je lijo tse matlafatsang. Chateng ena e bontšitsoeng, ho thathamisitsoe lijo tse ling tse nang le tšepe e ngata.
Ho phaella tabeng ea ho ja lijo tse nang le tšepe e ngata, re lokela ho mamela keletso e latelang: 1. Ikoetlise kamehla le ka tsela e loketseng. 2. U se ke ua tsuba. 3. Qoba ho hemeloa ke mosi oa koae. Ke hobane’ng ha sakerete le mefuta e meng ea koae e le kotsi?
Ke hobane mosi oo o na le carbon monoxide e ngata, e leng mosi o kotsi o ntšoang ke likoloi. Carbon monoxide ke eona e atisang ho bolaea batho ka tšohanyetso le eo batho ba bang ba ipolaeang ka eona. Carbon monoxide e kopana habonolo le liathomo tsa tšepe tse molek’huleng ea hemoglobin, ka makhetlo a fetang 200 ho feta oksijene. Kahoo mosi oa sakerete o ama motho hampe kaha o fokotsa oksijene eo a e hemang.
[Chate]
LIJO TEKANYO TŠEPE (mg)
Nyoponyopo 1 khaba 5.0
Chisi ea limela 1/2 ea komiki 4.0
Lensisi 1/2 ea komiki 3.3
Nama ea khomo Ligrama tse 85 3.2
Mangangajane a perekisi Lihalofo tse 5 2.6
Linaoa 1/2 ea komiki 2.6
Koro 1/4 ea komiki 2.6
Lierekisi 1/2 ea komiki 2.4
Broccoli Hloohoana e le ’ngoe 2.1
Nama ea kalakunu Ligrama tse 85 2.0
Sepiniche 1 komiki ea se tala 0.8
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Sebōpeho sa protheine
Oksijene
Athomo ea tšepe
“Heme”
Matšoafong moo ho nang le oksijene e ngata, molek’hule ea oksijene e kopana le “hemoglobin”
Ka mor’a hore molek’hule ea pele ea oksijene e kopane le “hemoglobin,” phetoho e fokolang e bang teng sebōpehong sa eona e nolofalletsa limolek’hule tse ling tse tharo tsa oksijene hore le tsona li kopane le eona ka potlako
“Hemoglobin” e tlosa limolek’hule tsa oksijene matšoafong ’me e li isa lithong tsa ’mele tse e hlokang