Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/10 maq. 15-18
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 1 Egepeta Historing ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 1 Egepeta Historing ea Bibele
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e ka Tšeptjoang
  • Boprofeta bo ka Tšeptjoang
  • Tšepiso eo U ka e Tšepang
  • Part 1—Egepeta ea Boholo-holo—Oa Pele Mebusong e Meholo ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšōmong?
    Tsoha!—2004
  • Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 1
    Tsoha!—2012
  • Tlaleho eo e Seng ea Bibele e Bua ka Sechaba sa Iseraele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 11/10 maq. 15-18

Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 1 Egepeta Historing ea Bibele

Bibele e ngotsoe ka lilemo tse ka bang 1 600. Tlaleho ea eona ea histori le ea boprofeta e amana le mebuso e supileng e matla ea lefatše: Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece, Roma le ’muso oa Manyesemane le Maamerika. Ho tla tšohloa ’muso ka mong ho ena, letotong la lihlooho tse supileng. Ka sepheo sefe? Sa ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.

EGEPETA e tummeng ka liphiramide tsa eona le Nōka ea Nile ke ’muso oa pele o matla oo ho buuoang ka oona historing ea Bibele. Sechaba sa Iseraele se ile sa thehoa tlas’a tšireletso ea eona. Moshe ea ngotseng libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele o hlahetse Egepeta le ho ruteloa teng. Na histori ea lefatše le lintho tsa khale tse epolotsoeng li tšehetsa seo Moshe a se ngotseng ka naha ee ea boholo-holo? Nahana ka mehlala ena.

Histori e ka Tšeptjoang

Litlotla le mabitso. Histori e nepahetseng e atisa ho qaqisa meetlo, mekhoa e amohelehang, mabitso le litlotla tsa ba boholong le lintlha tse ling tse joalo. Na boitsebiso bo bukeng ea Genese le ea Exoda, e leng libuka tse peli tse qalang tsa Bibele, bo nepahetse lintlheng tsee? Ha a bua ka tlaleho ea Genese e mabapi le Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo, hammoho le buka ea Bibele ea Exoda, J. Garrow Duncan, bukeng ea hae e reng New Light on Hebrew Origins, o re: “[Mongoli oa Bibele] o ne a tseba ka ho feletseng puo ea Egepeta, meetlo ea teng, lintho tseo batho ba teng ba neng ba li lumela, makhotla a teng le mekhoa e neng e amoheleha a bile a tseba le ba boholong.” O phaella ka ho re: “[Mongoli] o sebelisa tlotla e nepahetseng e lumellanang hantle le nako eo a buang ka eona. . . . Ha e le hantle, ha ho letho le pakang ka mokhoa o kholisang hore motho o tseba ka tsela e qaqileng lintho tse neng li etsahala Egepeta eo ho buuoang ka eona ka Testamenteng ea Khale le bileng le pakang botšepehi ba bangoli ba eona, ho feta kamoo lentsoe Faro le neng le sebelisoa kateng ka linako tse sa tšoaneng.” Duncan o boetse o re: “Ha [mongoli] a bua ka batho ba neng ba ea ho Faro, o bontša hore ba ne ba ela hloko mekhoa e amohelehang ka khotla ’me ba sebelisa puo e nepahetseng.”

Ho etsa litene. Nakong eo Baiseraele e neng e le makhoba Egepeta, ba ne ba etsa litene ka ho kopanya letsopa le joang, bo neng bo tiisa setene. (Exoda 1:14; 5:6-18)a Lilemong tse ’maloa tse fetileng, buka ea Ancient Egyptian Materials and Industries e ile ea re: “Hase libakeng tse ngata moo ho neng [ho etsoa litene] joaloka Egepeta, moo litene li ntseng li omisoa letsatsing, kaha esale e le thepa e sebelisetsoang ho haha naheng eo.” Buka eo e boetse e bolela hore “Baegepeta ba ne ba sebelisa joang ha ba etsa litene,” e leng se tšehetsang boitsebiso bo tlalehiloeng ka Bibeleng.

Ho beola. Banna ba Baheberu ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba hōlisa litelu. Empa Bibele e re bolella hore Josefa o ile a beola pele a isoa ho Faro. (Genese 41:14) Ke hobane’ng ha a ile a beola? E le hore a ikamahanye le mekhoa le meetlo ea Egepeta, moo ho neng ho nkoa hore ho ba le litelu le moriri ke pontšo ea ho se hloeke. Buka ea Everyday Life in Ancient Egypt e re: “[Baegepeta] ba ne ba ithorisa ka hore baa beola.” Ha e le hantle, mabitleng a moo ho ’nile ha fumanoa lisete tsa lintho tse sebelisetsoang ho ikhabisa, tse akarelletsang mahare, li-tweezer, liipone le lintho tse li tšelang. Ho hlakile hore Moshe e ne e le motlalehi ea hlokolosi. Ho ka boleloa se tšoanang le ka bangoli ba bang ba Bibele ba tlalehileng liketsahalo tse amanang le Egepeta ea boholo-holo.

Mesebetsi ea khoebo. Jeremia ea ngotseng libuka tse peli tsa Marena, o ile a fana ka lintlha tse qaqileng tsa khoebo e neng e le pakeng tsa Morena Solomone le Baegepeta le Bahethe, ba neng ba hoebisana ka lipere le likoloi tsa ntoa. Bibele e re koloi ea ntoa e ne e bitsa “likotoana tsa silevera tse makholo a tšeletseng, le pere . . . tse lekholo le mashome a mahlano,” kapa kotara ea theko ea koloi ea ntoa.—1 Marena 10:29.

Ho ea ka buka ea Archaeology and the Religion of Israel, rahistori oa Mogerike ea bitsoang Herodotus hammoho le lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li tiisa hore khoebo ea lipere le likoloi tsa ntoa e ne e iphile matla nakong ea puso ea Solomone. Ha e le hantle, buka eo e bolela hore “ho ile ha fumanoa hore ka lipere tse ’nè . . . motho o ne a ka reka koloi e le ’ngoe ea ntoa ea Egepeta,” e leng se lumellanang le lipalo tse fanoeng ka Bibeleng.

Ntoa. Jeremia le Esdrase le bona ba buile ka hore Faro Shishake o ile a hlasela Juda ’me ka ho khetheha ba bolela hore seo se etsahetse “ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame [oa Mojuda],” kapa ka 993 B.C.E. (1 Marena 14:25-28; 2 Likronike 12:1-12) Ka nako e telele, ke Bibele feela e neng e tlalehile tlhaselo eo. Joale ho ile ha sibolloa setšoantšo se leboteng la tempele ea Egepeta e Karnak (Thebese ea boholo-holo).

Setšoantšo seo se bontša Shishake a eme ka pel’a molimo Amone, ’me Shishake a phahamisitse letsoho a otla batlamuoa. Se boetse se na le mabitso a metse ea Iseraele e ileng ea hlōloa, eo e mengata ea eona e tlalehiloeng ka Bibeleng. Ho feta moo, tokomane eo e bua ka “Tšimo ea Abrame”—’me ke tlaleho ea khale ka ho fetisisa ea Egepeta e buang ka mopatriareka Abrahama ea ka Bibeleng.—Genese 25:7-10.

Ho hlakile hore seo bangoli ba Bibele ba se ngotseng hase tšōmo. Kaha ba ne ba tseba hore ba ikarabella ho Molimo, ba ile ba ngola ’nete, le hoja ho etsa joalo ho ne ho hlabisa lihlong—joaloka tabeng ea ha Shishake a hlōla Juda. Ho tlaleha lintho ka botšepehi joalo ho fapane hōle le litlaleho tse neng li sotha lintho le ho li feteletsa tsa bangoli ba Egepeta ea boholo-holo, ba neng ba hana ho tlaleha ntho leha e le efe e ka ’nang ea beha babusi ba bona kapa sechaba sa habo bona ka mosing.

Boprofeta bo ka Tšeptjoang

Ke Jehova Molimo feela, Mongoli oa Bibele, ea ka bolelang bokamoso ka nepo. Ka mohlala, hlokomela seo a ileng a bululela Jeremia hore a se bolele esale pele ka metse e ’meli ea Egepeta—e leng Memfise le Thebese. Memfise, kapa Nofe, e ne e le setsi se hlaheletseng sa khoebo, lipolotiki le bolumeli. Leha ho le joalo, Molimo o ile a re: “Nofe e tla fetoha ntho e makalloang ’me e chesoe, hoo e ke keng ea e-ba le moahi.” (Jeremia 46:19) ’Me seo ke sona se ileng sa etsahala. Buka e bitsoang In the Steps of Moses the Lawgiver e re “lithako tse khōlōhali tsa Memfise” li ile tsa hapuoa ke bahlōli ba Maarabo, ba ileng ba li etsa koari. E eketsa ka hore kajeno “motseng oo oa boholo-holo ha ho na lejoe le hlaheletseng ka holim’a mobu oa teng oa selokoe.”

Thebese e neng e bitsoa No-amone kapa No, le eona e ile ea etsahalloa ke ntho e tšoanang, hammoho le melimo ea eona e se nang thuso. Ha a bua ka motse ona oo e kileng ea e-ba motse-moholo oa Egepeta le setsi se seholo sa borapeli ba molimo Amone, Jehova o ile a re: “Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho Amone . . . le ho Faro le ho Egepeta le ho melimo ea eona . . . Ke tla nehelana ka bona . . . letsohong la Nebukadrezare morena oa Babylona.” (Jeremia 46:25, 26) Joalokaha ho ne ho profetiloe, morena oa Babylona o ile a hapa Egepeta le motse-moholo oa eona, No-amone. Ka mor’a hore ’musi oa Persia ea bitsoang Cambyses II le eena a hlasele motse oo ka 525 B.C.E., o ile oa tsoela pele ho thefuleha ’me qetellong oa ripitloa ke Baroma. Ha e le hantle, ho nepahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore ke buka e ikhethang ’me seo se etsa hore re tšepe seo e se buang ka bokamoso ba rōna.

Tšepiso eo U ka e Tšepang

Ke Moshe ea ngotseng boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng nakong eo Egepeta e neng e le ’muso o matla oa lefatše.b Boprofeta boo bo ho Genese 3:15 bo re Molimo o ne a tla hlahisa “peō,” e neng e tla silakanya Satane le “peō” ea hae—e leng batho ba latelang litsela tse khopo tsa Satane. (Johanne 8:44; 1 Johanne 3:8) Karolo e ka sehloohong ea “peō” ea Molimo e ipakile hore ke Mesia, Jesu Kreste.—Luka 2:9-14.

Puso ea Kreste e tla busa lefatše lohle, leo ho lona a tlang ho felisa mebuso eohle ea batho e khopo le e hatellang. Ha ho sa tla ba le ‘motho ea busang e mong ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ho feta moo, joaloka Joshua oa boholo-holo ea ileng a etella pele Baiseraele ho ea Naheng e Tšepisitsoeng, Jesu o tla tataisa “bongata bo boholo” ba batho ba tšabang Molimo, a bo sireletse ho bo isa “Naheng e Tšepisitsoeng” e ntle le ho feta—e leng lefatše le hloekisitsoeng leo e tla ba paradeise hohle.—Tšenolo 7:9, 10, 14, 17; Luka 23:43.

Tšepiso eo e babatsehang e re hopotsa boprofeta bo bong bo tlalehiloeng mehleng ea Egepeta ea boholo-holo. Boprofeta bo ho Jobo 33:24, 25, bo re Molimo o tla lokolla batho esita le “sekoting,” kapa lebitleng ka tsoho ea bafu. Ha e le hantle, ho phaella ho ba tla pholosoa ha ho timetsoa batho ba khopo, bafu ba limilione tse ngata ba tla tsosoa ba e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. (Liketso 24:15) Tšenolo 21:3, 4 e re: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”

Sehloohong se latelang letotong lena la lihlooho, ho tla ntšetsoa pele taba ena ea histori le boprofeta bo ka tšeptjoang, ha ho tšohloa Assyria ea boholo-holo, e leng ’muso o matla oa lefatše o ileng oa latela Egepeta.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba ha u na Bibele empa u na le Inthanete, u ka sheba mangolo ao ho www.watchtower.org. Moo ho na le lebokose le reng, “Read the Bible Online.”

b Boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 bo ile ba boleloa ke Molimo serapeng sa Edene ’me hamorao ba tlalehoa ke Moshe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

LEJOE LE NGOTSOENG TLALEHO EA MERNEPTAH

Ka 1896, tempeleng ea Egepeta eo ho neng ho sebeletsoa litaba tsa mapato ho eona, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana se ’nileng sa bitsoa Lejoe le Ngotsoeng Tlaleho ea Merneptah. Lejoeng lena le letšo la morema-phofu ho ngotsoe lintho tseo Morena Merneptah oa Egepeta a li finyeletseng, eo ho lumeloang hore o busitse lilemong tse qetellang tsa lekholo la bo13 la lilemo B.C.E. Lejoeng leo ho ngotsoe sefela se nang le mantsoe a reng: “Iseraele ke lesupi, ha e sa na peō.” Ena ke eona feela tlaleho e tsejoang ea Egepeta ea boholo-holo e buang ka Iseraele ebile ke ea khale ka ho fetisisa ntle ho Bibele.

Lejoe leo le ngotsoe mehleng ea Baahloli ba Bibele, e leng nakong e tlalehiloeng ka bukeng ea Bibele e bitsoang ka lebitso leo. Empa ho fapana le litlaleho tsa bo-faro ba ithorisang, buka ea Baahloli e bua ka ho atleha le ho hlōleha ha Baiseraele. Ha e bua ka ho hlōleha ha bona, Baahloli 2:11, 12 e re: “Bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova ’me ba sebeletsa bo-Baale [melimo ea Bakanana]. Kahoo ba tlohela Jehova . . . , ea neng a ba ntšitse naheng ea Egepeta.” Litlaleho tsohle tse ka Bibeleng li tlalehiloe ka botšepehi bo joalo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Todd Bolen/Bible Places.com

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Le kajeno ho ntse ho sebelisoa litene tse entsoeng ka joang, Egepeta

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Tse ling tsa lintho tseo Baegepeta ba neng ba li sebelisa ha ba beola—lehare le seipone

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Setšoantšong sena se Karnak ho tlalehiloe mabitso a metse ea Iseraele e hapiloeng

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

]Seemahale sena sa setonanahali se oeleng se haufi le Memfise se ne se kile sa e-ba bolelele ba limithara tse 12

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]

Egypt, Pharaoh; and Rome, Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Medo-Persia, wall relief: Musée du Louvre, Paris

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]

Shaving kit: © The Metropolitan Museum of Art/Art Resource, NY; Karnak relief: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.; Memphis statue: Courtesy Daniel Mayer/Creative Commons

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela