Bacha Baa Botsa
Na ke Lokela ho Tlohela Sekolo?
U nahana hore u lokela ho tlohela sekolo ha u le sehlopheng sefe?
․․․․․
Batsoali ba hao ba batla hore u tlohele sekolo ha u le sehlopheng sefe?
․․․․․
NA LIKARABO tsa lipotso tse peli tse ka holimo lia tšoana? Le haeba lia tšoana ’me u ntse u kena sekolo, e ka ’na eaba ho na le matsatsi a mang ao u lakatsang eka u ka tlohela sekolo. Na u kile ua ikutloa joaloka bacha ba buileng mantsoe aa a ka tlaase?
● “Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke sithabetse hoo ke neng ke sa batle ho tsoha. Ebe kea ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke lokela ho ea sekolong le ho ithuta lintho tseo ho seng mohla ke tla ke ke li sebelise?’”—Rachel.
● “Hangata sekolo se ne se nkhathatsa hoo ke neng ke batla ho se tlohela ebe ke batla mosebetsi. Ke ne ke nka hore sekolo ha se nthuse ka letho, ke bile ke nahana hore ho molemo hore ke qete nako eo mosebetsing moo ke tla lefuoa.”—John.
● “Mantsiboea a mang le a mang ke ne ke qeta lihora tse ka bang ’nè ke etsa mosebetsi oa sekolo! Mosebetsi o mongata oa liprojeke le oa ho itokisetsa litlhahlobo o ne o nkimela hoo ke neng ke ikutloa eka ha ke sa khona ho mamella ’me ke batla ho tlohela sekolo.”—Cindy.
● “Re kile ra tšosoa ka hore ho na le bomo e tla qhoma, bana ba bararo ba leka ho ipolaea, e mong a hla a ipolaea ’me ho e-na le kenke ea linokoane tse mabifi. Ka linako tse ling, maemo a ne a mpefala hoo ke neng ke batla ho tlohela sekolo!”—Rose.
Na u kile ua tobana le mathata a kang aa? Haeba ho joalo, ke boemo bofe bo entseng hore u batle ho tlohela sekolo?
․․․․․
Mohlomong hona joale u nahana ka ho teba ka ho tlohela sekolo. Empa u ka tseba joang haeba u tlohela sekolo hobane e le nako e loketseng kapa hobane feela u khathetse ke sona?
Na ho Molemo ho Tlohela Sekolo?
Na u ne u tseba hore linaheng tse ling ho tloaelehile hore mocha a qete sekolong ka mor’a lilemo tse hlano ho isa ho tse robeli? Linaheng tse ling, ho lebeletsoe hore liithuti li kene sekolo lilemo tse 10 ho isa ho tse 12. Kahoo, ha ho lilemo tse behiloeng kapa sehlopha seo batho bohle lefatšeng ba lebeletsoeng hore ba fihle ho sona.
Ho ekeletsa moo, linaheng tse ling bana ba ka ’na ba lumelloa ho ithuta lintho tse itseng ba le hae, ho sa hlokahale hore ba ee sekolong se tloaelehileng. Ke ’nete hore bana bao batsoali ba bona ba ba lumellang hore ba ithute ba le hae ’me ba ba tšehetsa, hase hore ba tlohela sekolo.
Empa haeba u nahana ho nyahlatsa sekolo pele u qeta—ebang ke se tloaelehileng kapa ke sa hae—u lokela ho nahana ka lipotso tse latelang:
Ke’ng se lebeletsoeng ka molao? Joalokaha ho boletsoe, melao e laolang hore na bana ba lokela ho kena sekolo nako e kae ea fapana ho ea ka libaka. Sebakeng sa heno molao o hloka hore bonyane bana ba kene sekolo ho fihla sehlopheng sefe? Na u se u fihlile sehlopheng seo? Ho ke ke ha e-ba molemo hore u tlohele sekolo pele u fihla ho sona, kaha seo se tla bolela hore u hlokomoloha keletso ea Bibele ea hore u “ipehe tlas’a balaoli ba phahameng” ’me u tla be u nyahlatsa sekolo.—Baroma 13:1.
Na ke finyelletse lipakane tsa ka tsa thuto? Ke lipakane life tseo u batlang hore thuto e u thuse ho li finyella? Na ha u tsebe hantle? U lokela ho li tseba! Ho seng joalo, u tšoana le mopalami ea ka tereneng ea sa tsebeng hore na o batla ho ea hokae. Ka hona lula fatše le batsoali ba hao ’me le arabe lipotso tse lebokoseng le nang le sehlooho se reng “Lipakane Tsa ka Tsa Thuto,” le leqepheng la 28. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u tsepamise kelello ’me ho thuse uena le batsoali ba hao hore le rale hore na u tla kena sekolo nako e kae.—Liproverbia 21:5.
Ha ho pelaelo hore matichere le batho ba bang ba tla u eletsa hore na u lokela ho kena sekolo nako e kae. Empa qetellong ke batsoali ba hao ba nang le boikarabelo ba ho etsa qeto tabeng ena. (Liproverbia 1:8; Bakolose 3:20) Ho ke ke ha e-ba molemo hore u tlohele sekolo pele u finyella lipakane tsa thuto tseo uena le batsoali ba hao le lumellaneng ka tsona, kaha seo se tla bolela hore u nyahlatsa sekolo.
Sepheo sa ka sa ho nyahlatsa sekolo ke sefe? Ela hloko hore u se ke ua ithetsa. (Jeremia 17:9) Batho ba rata ho fana ka mabaka a utloahalang ho emela liketso tsa bona tsa boithati.—Jakobo 1:22.
Ka tlaase mona, ngola mabaka a utloahalang ao e ka ’nang eaba u na le ’ona a ho tlohela sekolo pele u qeta.
․․․․․
Ka tlaase mona, ngola mabaka a mang a boithati a ho tlohela sekolo.
․․․․․
Ke mabaka afe a utloahalang ao u a ngotseng? Mohlomong a mang ke hore u batla ho thusa lelapa leno ka lichelete kapa ho etsa mosebetsi oa boithaopo. Mabaka a boithati e ka ’na ea e-ba ho batla ho qoba litlhahlobo kapa mosebetsi oa sekolo. Ho ka ’na ha e-ba thata ho lemoha lebaka le ka sehloohong le u susumetsang—na ke le utloahalang kapa ke la boithati?
Khutlela lintlheng tseo u li ngotseng, ’me ntlheng ka ’ngoe u ngole ka botšepehi nomoro e pakeng tsa 1 le 5 (ngola 1 ho bontša hore hase la bohlokoa hakaalo le 5 ho bontša hore ke la bohlokoa haholo). Haeba u tlohela sekolo hobane feela u baleha mathata, u ka ’na ua makala.
Phoso ke Efe ka ho Tlohela Sekolo?
Ho tlohela sekolo ho tšoana le ho theoha terene e ntse e tsamaea pele u fihla moo u eang. E ka ’na eaba maemo ha a matle ka tereneng eo le bapalami ha ba botsoalle. Empa ha u itihela ka ntle ho eona, u ke ke ua fihla moo u eang ’me u ka ’na ua itematsa hampe. Ka ho tšoanang, haeba u tlohela sekolo u ka ’na ua hlōleha ho finyella lipakane tsa hao tsa thuto ’me mohlomong ua ipakela mathata hona joale le nakong e tlang, a kang a latelang:
Mathata a hona joale Ho ka ’na ha e-ba thata hore u fumane mosebetsi ’me le haeba u o fumana, u ka ’na ua lefuoa chelete e nyenyane haholo ho feta eo u neng u tla e lefuoa ha u ne u qetile sekolo. E le hore u be le lintho tsa motheo tse hlokahalang, u ka ’na ua tlameha ho sebetsa lihora tse telele mohlomong maemong a sa thabiseng ho feta ao u tobanang le ’ona hona joale sekolong.
Mathata a nakong e tlang Phuputso e bontša hore ba nyahlatsang sekolo ba atisa ho fokolloa ke bophelo, ho ba le bana ba sa le banyenyane, ho koalloa teronkong le ho phela ka liphallelo.
Ke ’nete hore ho qeta sekolong ha ho bolele hore u ke ke ua ba le mathata ao. Empa ke hobane’ng ha u batla ho ithatafalletsa lintho ho sa hlokahale ka hore u siee sekolo ka lehare?
Molemo oa ho se Tlohele Sekolo
’Nete ke hore haeba u sa tsoa feila tlhahlobong kapa u bile le letsatsi le bosula sekolong, u ka ’na ua batla ho nyahlatsa—mathata leha e le afe a nakong e tlang a ka bonahala a se boima hakaalo ha a bapisa le ao u tobaneng le ’ona hona joale. Empa pele u ka khetha ho nka tsela e “bonolo,” nahana ka seo liithuti tse boletsoeng pejana li se buileng ha li bontša kamoo li ruileng molemo kateng ka ho se tlohele sekolo.
● “Ke ithutile ho mamella mathata. Ke boetse ke ithutile hore haeba u batla ho thabela ho etsa ntho e itseng, u lokela ho fetola tsela eo u nahanang ka eona. Ha ke ntse ke le sekolong, ke ithutile lintho tseo ke tla li sebelisa ha ke qeta.”—Rachel.
● “Hona joale kea tseba hore haeba ke sebetsa ka thata, nka finyella lipakane tsa ka. Ke ikoetlisetsa ho etsa mosebetsi oa matsoho sekolong se phahameng, e leng se tla nthusa hore ke etse mosebetsi oo ke o ratang oa ho lokisa mechine e hatisang.”—John.
● “Ho kena sekolo ho nthutile ho rarolla mathata, ebang ke sekolong kapa sebakeng leha e le sefe. Ho ithuta ho rarolla mathata sekolong, litšebelisanong le batho le maemong a mang a thata ho nthusitse hore ke hōle kelellong.”—Cindy.
● “Sekolo se nthusitse hore ke itokisetse maemo a thata a ka bang teng mosebetsing. Hape ke ile ka tobana le maemo a nqobellang ho hlahloba mabaka ao ke nang le tumelo ka ’ona, kahoo ho kena sekolo ho ’matlafalitse tumelo.”—Rose.
Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona. Ea sa feleng pelo o molemo ho feta ea ikhohomosang moeeng.” (Moeklesia 7:8) Kahoo ho e-na le hore u tlohele sekolo, rarolla mathata ao u tobanang le ’ona sekolong u sa fele pelo. Haeba u etsa joalo, u tla hlokomela hore qetello ea taba ena e tla u tsoela molemo haholo.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
SEO U KA NAHANANG KA SONA
● Ho ipehela lipakane tsa thuto tseo u ka li finyellang ka nako e khutšoanyane ho tla u thusa joang hore u thabele sekolo?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe mosebetsi oo u ka ratang ho o etsa ha u qeta sekolo?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ke ithutile ho rata ho bala ha ke le sekolong. Ke ntho e babatsehang ho utloisisa seo motho e mong a se nahanang le tsela eo a ikutloang ka eona ha u bala.”
“Ke na le bothata ba ho etsa lintho ka tsela e hlophisehileng. Hoja ebe ha ke kene sekolo, boemo bo ka be bo le bobe le ho feta! Sekolo se nthusa hore ke be le kemiso, ke e khomarele ’me ke etse lintho tsa bohlokoa.”
[Litšoantšo]
Esme
Christopher
[Lebokose le leqepheng la 28]
LIPAKANE TSA KA TSA THUTO
Morero o ka sehloohong oa thuto ke ho u lokisetsa hore u tle u fumane mosebetsi o tla u thusa ho iphelisa le ho phelisa ba lelapa la hao haeba qetellong u ka ba le lelapa. (2 Bathesalonika 3:10, 12) Na u se u entse qeto ea hore na u batla ho etsa mosebetsi ofe le hore na u ka itokisetsa oona joang ha u ntse u le sekolong? E le ho u thusa hore u lemohe haeba lintho tseo u ithutang tsona li u lebisa pakaneng ea hao, araba lipotso tse latelang:
Ke ipabola lintlheng life? (Ka mohlala, u sebelisana joang le batho ba bang? Na u thabela ho sebetsa ka matsoho, ho etsa lintho kapa ho li lokisa? Na u khona ho sekaseka mathata kapa ho a rarolla?)
․․․․․
Ke mesebetsi efe eo nka e etsang e tla ntumella hore ke sebelise bokhoni ba ka?
․․․․․
Ho na le menyetla efe ea ho fumana mosebetsi sebakeng sa heso?
․․․․․
Ke lithuto life tseo ke li etsang hona joale tse tla ntokisetsa hore ke fumane mosebetsi nakong e tlang?
․․․․․
Ke lithuto life tseo nka khethang ho li etsa hona joale tse tla nthusa ho finyella lipakane tsa ka ka tsela e atlehileng?
․․․․․
Hopola, sepheo sa hao ke hore ha u qeta sekolong, u be u e-na le thuto eo u ka e sebelisang. Kahoo, u se ke ua fetelletsa lintho kapa ua ba seithuti se sa qeteng—se tšoanang le motho ea boletsoeng sehloohong sena “ea lulang ka tereneng” ho ea ho ile e le hore feela a qobe ho jara boikarabelo ba ho ba motho e moholo.
[Lebokose le leqepheng la 29]
MOLAETSA O EANG HO BATSOALI
“Matichere a ka aa bora!” “Ke fuoa mosebetsi o mongata haholo oa sekolo!” “Ke thatafalloa ho pasa lithuto tsa ka—ke sa itšoenyetsa’ng?” Mathata a kang ana a etsa hore bacha ba bang ba batle ho tlohela sekolo pele ba ka fumana tsebo eo ba e hlokang bakeng sa ho iphelisa. Haeba mora kapa morali oa lōna a batla ho tlohela sekolo, le ka etsa’ng?
Hlahlobang boikutlo boo le nang le bona ka thuto. Na le ne le nka hore ho kena sekolo ke tšenyo ea nako—ke ‘chankana’ eo le tlamehang ho e mamella ho fihlela mohlang le ka etsang lintho tse ling tse thahasellisang? Haeba ho joalo, bana ba lōna ba ka ’na ba bontša boikutlo bo tšoanang ka thuto. ’Nete ke hore ho ba le thuto e lekaneng ho tla ba thusa hore ba fumane “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana”—e leng litšobotsi tse tla ba thusa hore e be batho ba baholo ba atlehileng.—Liproverbia 3:21.
Ba feng lithulusi. Bana ba bang ba ka pasang hantle ba mpa ba sa tsebe mokhoa oa ho ithuta—kapa ba hloka sebaka se loketseng seo ba ka ithutelang ho sona. Sebaka se loketseng sa ho ithuta se ka ’na sa akarelletsa ho ba le deske e makhethe, moo ho nang le khanya e lekaneng le lintho tsa ho etsa lipatlisiso. Le ka thusa ngoana hore a hatele-pele—ebang ke moeeng kapa likarolong tse ling tsa bophelo—ka ho mo koetlisa le ho mo lokisetsa sebaka se loketseng e le hore a ka nahanisisa ka lintho tse ncha tseo a ithutang tsona.—1 Timothea 4:15.
Kenyang letsoho. Talimang matichere le baeletsi e le bathusi, eseng e le lira. Kopanang le ’ona. A tsebeng ka mabitso. Buisanang le ’ona ka lintho tseo ngoana a batlang ho li finyella le mathata ao a tobanang le ’ona. Haeba ngoana a sa pase hantle lithutong tsa hae, lekang ho fumana hore na bothata bo hokae. Ka mohlala, na o nahana hore ha a ka sebetsa hantle sekolong, o tla tlokoa ke bana ba bang? Na tichere e na le bothata? Na o thatafalloa ke lithuto tseo a li etsang? Lintho tseo ngoana a ithutang tsona sekolong li lokela ho mo thusa hore a ntlafatse bokhoni ba hae, eseng hore li mo sithabetse. Kapa mohlomong: Na o na le bothata bo itseng ’meleng, bo kang ba ho se bone hantle kapa ba ho ithuta?
Haeba le kenya letsoho haholoanyane koetlisong ea ngoana, ebang ke litabeng tsa moea kapa likarolong tse ling tsa bophelo, ho tla ba le monyetla o moholoanyane oa hore a atlehe.—Liproverbia 22:6.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho tlohela sekolo ho tšoana le ho theoha terene e ntse e tsamaea pele u fihla moo u eang