Seo e Leng ’Nete ka Keresemese
NA U nka hore ke habohlokoa ho tseba ’nete ka mekete le lithuto tsa bolumeli? Haeba ho joalo, mohlomong u kile ua ipotsa lipotso tsena: (1) Na ha e le hantle Jesu o hlahile ka la 25 December? (2) Banna “ba bohlale” e ne e le bo-mang, hona na ba ne ba hlile ba le bararo? (3) Ke “naleli” ea mofuta ofe e ileng ea ba lebisa ho Jesu? (4) Santa Claus o amana kae le Jesu le tsoalo ea hae? (5) Molimo o ikutloa joang ka tloaelo e etsoang ka Keresemese ea ho fana ka limpho, kapa ha re toba taba haholoanyane, ea ho fapanyetsana limpho?
A re hlahlobe lipotso tsena re itšetlehile ka linnete tse ka Bibeleng le tlalehong ea histori.
(1) Na Jesu o hlahile ka la 25 December?
Tloaelo: Ho ea ka neano, Jesu o hlahile ka la 25 December ’me ke lona letsatsi leo ho ketekoang tsoalo ea hae ka lona. Encyclopedia of Religion e re “Keresemese” e bolela “‘’Misa oa Kreste,’ ke hore ’misa oo ka oona ho ketekoang tsoalo ea Kreste.”
Tšimoloho: The Christmas Encyclopedia e re: “Ho khethoa ha la 25 December ha hoa thehoa Bibeleng, empa ho qalile meketeng ea bohetene ea Baroma, e neng e tšoaroa qetellong ea selemo,” hoo e neng e ka ba nakong ea ha letsatsi le tsoa tlung mariha, Karolong e ka Leboea ea Lefatše. Encyclopedia eo e re mekete eo e ne e akarelletsa oa Saturnalia, o neng o tlotla Saturn, molimo oa temo “le mekete e kopantsoeng ea melimo e ’meli ea letsatsi, e leng Sol oa Roma le Mithra oa Persia.” Matsatsi a tsoalo a melimo eo e ’meli a ne a ketekoa ka la 25 December, e leng nako eo letsatsi le tsoang tlung ka eona ho latela k’halendara ea Julius.
Mekete eo ea bohetene e qalile “ho kenyelletsoa Bokresteng” ka selemo sa 350, ha Mopapa Juliase I a ne a phatlalatsa hore la 25 December ke letsatsi la tsoalo ea Kreste. Encyclopedia of Religion e re: “Butle-butle mokete oa letsatsi la tsoalo ea Jesu o ile oa kenyelletsa meetlo eohle e neng e etsoa ha letsatsi le tsoa tlung kapa oa e nkela sebaka. Setšoantšo sa letsatsi se ile sa sebelisoa haholo ho tšoantšetsa Kreste ea tsositsoeng bafung (ea neng a boetse a bitsoa Sol Invictus), ’me selikalikoe sa khale sa letsatsi . . . sa etsoa moqhaka oa bahalaleli ba Bakreste.”
Seo Bibele e se rutang: Bibele ha e bolele letsatsi leo Jesu a hlahileng ka lona. Empa re ka etsa qeto re kholisehile hore ha aa hlaha ka la 25 December. Hobane’ng? Bibele e re bolella hore ha Jesu a hlaha, balisa ba ne ‘ba phela naheng,’ ba hlokometse mehlape ea bona bosiu haufi le Bethlehema. (Luka 2:8) Ka tloaelo, nako e batang ea lipula e qala ka October ’me balisa—haholo-holo ba lihlabeng tse batang, tse kang tse haufi le Bethlehema—ba ne ba koalla linku sebakeng se sireletsehileng bosiu. Ka December, ho ne ho bata haholo ’me ka linako tse ling ho khetheha lehloa.a
Re lokela ho hlokomela hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, bao ba bangata ba bona ba ileng ba tsamaea le Jesu tšebeletsong ea hae, ha ho mohla ba kileng ba keteka letsatsi la hae la tsoalo. Ho e-na le hoo, tumellanong le seo a se laetseng, ba ile ba ikhopotsa lefu la hae feela. (Luka 22:17-20; 1 Bakorinthe 11:23-26) Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba re, ‘Na ho hlile hoa tsotelleha hore na le amana le meetlo ea bohetene?’ Karabo ea potso ee ke efe? Molimo oa tsotella. Jesu Kreste o ile a re: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23.
(2) Banna “ba Bohlale”—Ba ne ba le Bakae? E ne e le Bo-mang?
Tloaelo: Banna ba bararo “ba bohlale” ba ileng ba tataisoa ke “naleli” ba tsoa bochabela, ba bontšoa ba fa Jesu limpho a le ka sejelong se ka setaleng. Ka linako tse ling ho bontšoa le balisa ba le teng moo.
Tšimoloho: The Christmas Encyclopedia e re ntle ho tlaleho e khutšoanyane e ka Bibeleng, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng mabapi le Banna ba Bohlale ke tšōmo.”
Seo Bibele e se rutang: Bibele ha e bolele hore na ke banna ba bakae “ba bohlale” ba ileng ba etela Jesu. E ka ’na eaba ba ne ba le babeli, ba le bararo, ba le bane kapa ba feta moo. Le hoja ho thoe banna bao “ba bohlale” liphetolelong tse ling tsa Bibele, lentsoe le sebelisitsoeng qalong ke magoi, e bolelang linohe tsa linaleli kapa baloi—e leng lintho tseo Bibele e reng li “manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Ho latela kamoo li tsamaileng sebaka se selelele kateng ho tloha Bochabela, linohe tsena tsa linaleli ha lia ka tsa fihla Jesu a ntse a le ka setaleng, ha li mo etela. Ho e-na le hoo, mohlomong ka mor’a hore li qete likhoeli li le leetong, li ile tsa “kena ka tlung” moo Jesu a neng a lula teng. Ha li fihla li ile tsa bona “ngoana e monyenyane le ’m’ae Maria.”—Matheu 2:11.
(3) Ke Naleli ea Mofuta Ofe e Ileng ea Etella Linohe Tsa Linaleli Pele?
Seo naleli ena e ileng ea se etsa se re thusa ho fumana karabo. Ka mohlala, ha ea ka ea lebisa banna bao ka ho toba Bethlehema, empa e ile ea ba isa Jerusalema, moo Morena Heroda a ileng a utloa hore ba ntse ba batlisisa ka Jesu. Heroda a ntan’o ‘bitsa ka sephiri linohe tsa linaleli,’ tse ileng tsa mo bolella ka ho tsoaloa ha “morena oa Bajuda.” Ka mor’a moo, Heroda o ile a re: “E-eang le batle ka hloko ngoana eo e monyenyane, ’me ha le mo fumane le khutle le ntlalehele.” Heroda o ne a sa thahaselle ho tseba ka Jesu hobane a e-na le sepheo se setle. Ho e-na le hoo, ’musi enoa ea ikhohomosang le ea sehlōhō o ne a ikemiselitse ho bolaea Jesu!—Matheu 2:1-8, 16.
Ho thahasellisang ke hore “naleli” eo joale e ile ea lebisa linohe tsa linaleli nģ’a boroa Bethlehema. Ha e le moo, ea “ema” ka holim’a ntlo eo Jesu a neng a le ka ho eona.—Matheu 2:9, 10.
Ho hlakile hore ena e ne e se naleli feela e tloaelehileng! Hona ke hobane’ng ha Molimo ea neng a sebelisitse mangeloi ho tsebisa balisa ba ikokobelitseng ka ho tsoaloa ha Jesu, joale a neng a ka sebelisa naleli ho tataisa linohe tsa linaleli tsa bahetene—ho li lebisa ho sera sa Jesu ebe ka mor’a moo e li isa moo ngoana a leng teng? Qeto feela e utloahalang ke ea hore naleli eo e ne e le sesebelisoa se kotsi sa Satane, ea khonang ho etsa lipontšo tse joalo. (2 Bathesalonika 2:9, 10) Ho makatsang ke hore mokhabiso oo ho thoeng ke naleli ea Bethlehema o atisa ho behoa tlhōrōng ea sefate sa Keresemese.
(4) Santa Claus o Amana Kae le Jesu le Tsoalo ea Hae?
Tloaelo: Linaheng tse ngata, ho nkoa hore Santa Claus ke eena ea tlisetsang bana limpho.b Bana ba atisa ho ngolla Santa ba mo kōpa limpho, tseo ho ea ka neano batho ba bakhutšoanyane ba tšōmong ba mo thusang ho li etsa, ntlo-khōlō ea hae e North Pole.
Tšimoloho: Ho ea ka batho ba bangata, tšōmo ea Santa Claus e qalile ka Saint Nicholas, eo e neng e le Moarekabishopo oa Myra e Asia Minor, eo hona joale e leng Turkey. The Christmas Encyclopedia e re: “Hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka St. Nicholas e thehiloe tšōmong.” E ka ’na eaba lebitso la “Santa Claus” le tsoa lentsoeng Sinterklaas, leo e leng tsela e fetotsoeng eo ho ngoloang “Saint Nicholas” ka eona ka Sedache. Ho latela tlaleho ea histori le ea Bibele, ha ho moo Santa Claus a kopanang teng le Jesu Kreste.
Seo Bibele e se rutang: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.” ‘Baahelani’ ba rōna ba haufi-ufi ke ba malapa a rōna. (Baefese 4:25) Bibele e boetse e re re lokela ho ‘rata ’nete,’ re ‘bue ’nete ka lipelong tsa rōna.’ (Zakaria 8:19; Pesaleme ea 15:2) Ke ’nete hore ho bolella bana hore Santa (kapa lesea Kreste) ke motho ea fanang ka limpho tsa Keresemese ho ka ’na ha bonahala eka ke papali feela e se nang molato, empa na ke ntho e loketseng kapa e bohlale ho thetsa bana, esita leha motho a etsa seo ka sepheo se setle? Na ha u makatsoe ke hore ketsahalo ee eo ho thoeng e lokela ho tlotlisa Jesu, e ba nako eo ho thetsoang bana ka eona?
(5) Molimo o Ikutloa Joang ka Mekete le Limpho Tse Fanoang ka Keresemese?
Tloaelo: Ho fana ka limpho ho etsoang ka Keresemese hoa ikhetha kaha hangata ho akarelletsa ho fapanyetsana limpho, ’me nako ea Keresemese e khetholloa ka ho etsa mekete, ho ithabisa le ho noa haholo.
Tšimoloho: Mekete ea boholo-holo ea Baroma ea Saturnalia e ne e qala ka la 17 December ’me e fela ka la 24, ha ho ne ho fapanyetsanoa limpho. Malapeng le literateng ho ne ho tlala lerata la batho ba ketekang, ba noang haholo le ba etsang lintho tse tsoileng tseleng. Mokete oa Saturnalia o ne o lateloa ke oa ho keteka letsatsi le qalang la January. Mokete ona le oona o ne o atisa ho nka matsatsi a mararo. E ka ’na eaba mokete oa Saturnalia le oa letsatsi le qalang la January e ne e e-ba nako ea ho ithabisa e tsoelang pele.
Seo Bibele e se rutang: Ba borapeling ba ’nete ba khetholloa ka ho ba batho ba thabileng le ba fanang ka seatla se bulehileng. Bibele e re: “Le nyakalle, lōna ba lokileng; hoeletsang ka thabo.” (Pesaleme ea 32:11) Hangata thabo e joalo e tsamaisana le ho fana ka seatla se bulehileng. (Liproverbia 11:25) Jesu Kreste o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) O ile a boela a re: “Itloaetseng ho fana,” kapa ho etseng karolo ea bophelo ba lōna.—Luka 6:38.
Ho fana ho joalo ho fapane hōle le ho fana ho etsoang ka tloaelo feela kapa hobane motho a tlamehile, mohlomong e le ha a phetha moetlo. Ha e hlalosa motho ea nang le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng e le kannete, Bibele e re: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Bakorinthe 9:7, Bibele ea Sesotho) Ba elang hloko melao-motheo ena e babatsehang ea Bibele ba fana ka seatla se bulehileng hobane lipelo tsa bona li ba susumetsa ho etsa joalo, e leng seo ba ka se etsang ka nako leha e le efe ea selemo. Ho hlakile hore Molimo o hlohonolofatsa ba fanang ka tsela ena, ’me ha ho mohla seo e leng moroalo.
Ke Ntho e Iqapetsoeng!
Ha re hlahloba litloaelo tsohle tse etsoang ka Keresemese re itšetlehile ka seo Bibele e se rutang, hoo e batlang e le kaofela ha tsona li nkiloe boheteneng kapa li sothile litlaleho tse ka Bibeleng. Kahoo, litloaelo tse etsoang ka Keresemese ke tsa Bokreste ka lebitso feela. Ho tlile joang hore ho be joalo? Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Kreste, ho ile ha hlaha mesuoe e mengata ea bohata, feela joalokaha Bibele e ne e boletse esale pele. (2 Timothea 4:3, 4) Banna bao ba se nang molao, ba ne ba thahasella ho etsa hore Bokreste bo amohelehe matšoeleng a bahetene ho e-na le hore ba rute ’nete. Kahoo, butle-butle ba ile ba amohela mekete e ratoang ea bohetene ’me ba re ke ea “Bokreste.”
Bibele e ile ea lemosa hore “mesuoe [eo] ea bohata . . . e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng. Empa bakeng sa eona, kahlolo ea ho tloha khale ha e tsamaee butle, le timetso ea eona ha e otsele.” (2 Petrose 2:1-3) Lipaki Tsa Jehova li nka mantsoe ao ka ho teba—joaloka likarolo tse ling tsohle tsa Bibele, eo li nkang hore ke Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. (2 Timothea 3:16) Kahoo, li qoba lineano le mekete ea bolumeli ba bohata. Na ho etsa joalo ho li amoha thabo? Che! Joalokaha re tla bona, lia tseba hore ’nete ea Bibele e lokolla batho!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho bonahala eka Jesu o hlahile ka khoeli ea Ethanime (September-October) ho latela k’halendara ea boholo-holo ea Sejuda.
b Tlaleho ea litaba ea BBC e re linaheng tse ling tsa Europe, tse kang Austria, batho ‘ba ntse ba sa lebelle Santa ka tjantjello joaloka lesea Kreste.’ Leha ho le joalo, ha a etile o ntse a tla le limpho.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
BA JETSE MOFOKA, BA KOTULA MOFOKA
Buka ea Christmas Customs and Traditions—Their History and Significance e re ka nako e ’ngoe, baeta-pele ba kereke ba ne ba “loana ea khumamela ho loantša bohetene.” Empa ha nako e ntse e ea, baeta-pele ba kereke ba ile ba ameha haholo ka ho tlatsa likereke, ho e-na le ho ruta batho ’nete. Kahoo, ba ile ba qala ho “iphapanyetsa” mekhoa eo ea bohetene. Hamorao ba ile ba e amohela.
Bibele e re “seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Kaha likereke li jetse peō ea bohetene masimong a tsona, ha lia lokela ho makala ha “mofoka” o tletse hohle. Mokete oo ho thoeng o tlotla tsoalo ea Jesu o sebelisoa e le lebaka la hore batho ba tahoe, ba etse mekete e lerata, ba ee litsing tsa mabenkele ho fapana le ho ea kerekeng, malapa a kene likolotong tsa ho reka limpho le bana ba ferekanye litaba tsa tšōmong le tsa sebele ’me ba nke hore Santa Claus ke Jesu Kreste. Ke ho utloahalang hore ebe Molimo o ile a re: “Le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:17.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Joaloka moketeng oa boholo-holo oa Saturnalia, nako ea Keresemese e tšoauoa ka ho etsa mekete, ho ithabisa le ho noa haholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Mary Evans Picture Library