Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/11 maq. 21-24
  • Ke Thabela ho ba Molisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Thabela ho ba Molisa
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molisa le Linku
  • Ke ba Molisa ea Fapaneng
  • Seboka sa Bohlokoa
  • Morali oa Molisa
  • Ke Sebeletsa Jehova le Gulmira
  • Moo re ka Fumanang Matšeliso Teng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Balisa ba Lerato, Linku Tse Tšepang Balisa
    Tsoha!—1988
  • Jesu o Hlokomela Linku Tsa Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • “E Lahlehileng ke Tla e Batla”
    Khutlela ho Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 3/11 maq. 21-24

Ke Thabela ho ba Molisa

Joalokaha ho boletse Alymbek Bekmanov

Ke qalile ho lisa linku ha ke le lilemo li tharo, e leng se ileng sa etsa hore ke rate ho li hlokomela. Ha ke le lilemo li 17, ke ne ke se ke le molisa eo e leng khale a li bona. Hamorao ke ile ka ithuta ka bolisa ba mofuta o mong, e leng ho ba molisa oa moea. E-re ke hlalose lebaka le nthabisang le ho feta hore ebe ke molisa oa mofuta oo.

KE HLAHILE ka 1972. Lelapa leso le leholo la Makyrgyzstan le ne le lula motseng oa Chyrpykty, haufi le Letša le letle la Issyk Kul. Sebaka se haufi le letša leo se ratoa haholo ke bahahlauli ba etelang Kyrgyzstan, eo qalong e neng e le rephabliki ea Soviet Union. Hona joale ’na le mosali oa ka, Gulmira, re lula motse-moholo oa Kyrgyzstan, e leng Bishkek, o lik’hilomithara tse ka bang 200 ho tloha moo ke hōletseng teng.

Molisa le Linku

Ha ke sa le ngoana, nakong ea selemo re ne re isa linku makhulong a holimo thabeng. Sena se ne se akarelletsa ho hloa thaba e bophahamo ba limithara tse fetang 3 000, ’me re ne re nka matsatsi a ’maloa ho e hloa. Balisa ba bang ba ne ba khetha ho tsamaea ka tsela e paroletsang ebe ba fihla kapele makhulong ao. Empa tsela eo ba neng ba tsamaea ka eona e ne e e-na le lilomo le likhohlo ’me ka linako tse ling linku tse neng li kheloha hanyenyane feela li ne li lemala—kapa li bile li shoa.

Litseleng tseo ho ne ho tsebahala hore liphiri li atisa ho tšosa linku kapa ho li hlasela, li li arola mohlapeng ’me li li bolaea. Kahoo, Ntate-moholo, e leng moholoane oa Ntate, o ne a khetha tsela eo ho neng ho le bonolo ho tsamaea ka eona le e seng kotsi hakaalo, le hoja ho tsamaea ka eona ho ne ho eketsa nako ea leeto la rōna ka letsatsi le le leng kapa ho feta. Ka linako tse ling, ke ne ke batla ho potlakisa linku ebe Ntate-moholo oa nthiba. O ne a ee a re: “Alymbek, nahanela linku, u se ke ua nahana ka uena feela.”

Re ne re haha masaka a nakoana makhulong ao a matle a thabeng e telele e le hore re sireletse linku bosiu. Balisa ba bang ba ne ba rata boroko ’me ba isa linku naheng motšehare, e se e le khale letsatsi le chabile. Linku li ne li qala ho fula letsatsi le se le chesa haholo.

Ka mor’a nakoana, linku li ne li khobokana li inamisitse lihlooho, li hema ka thata. Kaha li ne li sa fule hore li khore li ne li fokola ’me li ota. Ka lehlakoreng le leng, Ntate-moholo o ne a tsoha ka matjeke—ka hora ea bone hoseng—’me e ne e re ha letsatsi le chaba, linku tseo a li lisang li be li se li le lekhulong le letle. Li ne li e-ba le nako ea ho fula moeeng o pholileng oa hoseng. Ho joalokaha batho ba atisa ho re, “Ha u bona linku, u bona molisa oa tsona.”

Nako e loketseng ea ho hlahloba linku le ho li alafa ke ha li qeta ho fula li phomotse. Bothata bo bong bo boholo boo linku tsa rōna li neng li e-ba le bona, ke hore lintsintsi li ne li behella mahe mokhubung oa tsona. Seo se ne se etsa hore mokhubu o retele ’me o ruruhe. Haeba re ne re sa fumane bothata boo kapele, nku e ne e opeloa haholo hoo e neng e ka lelera eaba ea shoa. Re ne re hlahloba linku tsa rōna hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng e le hore re li alafe. Le hoja ho etsa seo ho ne ho hloka nako le boiteko, moputso e ne e e-ba hore linku tsa rōna e be tse phetseng hantle le tse khotsofetseng.

Kamehla mantsiboea ha re ne re khutlisetsa linku sakeng, re ne re li bala. Li ne li kena ka sakeng le mokoallong o butsoeng hanyenyane—ka linako tse ling ho kena tse tharo kapa tse ’nè ka nako e le ’ngoe. Mohlapeng oa rōna ho ne ho e-na le linku tse makholo, empa re ne re se re tloaetse ho li bala hoo re neng re khona ho bala tse 800 ka metsotso e 15 kapa e 20. Ho ne ho hlokahala nako e ngata hore motho a tloaele ho etsa seo, empa re ile ra atleha!

Ha re ne re hlokomela hore ho na le nku e lahlehileng, Ntate-moholo o ne a nka sethunya le molamu ho ea e sheba—o ne a tsamaea le ha pula e na le ha ho le lefifi hore a il’o sheba konyana e le ’ngoe feela. O ne a hoeletsa. Lentsoe la hae le ne le tšosa liphoofolo tse hlaha. Ha nku e ne e utloa lentsoe la hae, u ne u bona hore e ikutloa e sireletsehile.

Re ne re reha nku e ’ngoe le e ’ngoe lebitso, ho latela chebahalo ea eona kapa mokhoa o itseng oo e nang le oona. Kamehla ho ne ho bonahala ho e-na le linku tse manganga mohlapeng. Ka lebaka le itseng, li ne li sa batle ho mamela molisa. Ka linako tse ling, linku tse ling li ne li batla ho latela nku e ’ngoe e sa mameleng. Kahoo molisa o ne a leka ho koetlisa linku tse manganga le ho li khalemela. Ka mohlala, o ne a koalla nku eo e le ’ngoe ka sakeng. Ha nako e ntse e ea, tse ling li ne li amohela khalemelo ebe li latela litaelo tsa molisa. Linku tse neng li lula li le manganga re ne re li hlaba re li ja.

Ke ba Molisa ea Fapaneng

Ka 1989, ke ile ka ithuta ho loana ke sa sebelise libetsa ’me ka ipabola haholo. Selemong se latelang seo, ke ile ka bitsetsoa ho kena sesoleng sa Soviet. Ha ke ntse ke le sesoleng Russia, bo-mphato ba ka bao re neng re ithutetse ho loana re sa sebelise libetsa hammoho ba ile ba iketsa kenke ea botlokotsebe. Ha ke khutlela hae Kyrgyzstan, ba ile ba mpolella hore haeba ke kena kenkeng ea bona, ke tla ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa hona nakong eo, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova.

Lipaki li ile tsa araba lipotso tse ’nileng tsa ntšoenya ho tloha bongoaneng, tse kang, Ke hobane’ng ha batho ba shoa? Ha ke ntse ke buisana le tsona, ke ile ka utloisisa hore lefu le bile teng ka lebaka la sebe sa motho oa pele, e leng Adama. (Baroma 5:12) Ke ile ka boela ka ithuta ka Bibeleng hore Jehova, Molimo oa ’nete, o rometse Mora oa hae Jesu ho ba Molopolli oa rōna le hore ha re bontša tumelo ho Jehova le ho Mora oa hae, sebe seo re se futsitseng se ka koaheloa. Sena se ne se tla re bulela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, tumellanong le seo Molimo a neng a se reretse batho qalong.—Pesaleme ea 37:11, 29; 83:18; Johanne 3:16, 36; 17:1-5; Tšenolo 21:3, 4.

Tsela e hlakileng le e utloahalang eo Lipaki li ileng tsa nkaraba ka eona li sebelisa Mangolo, e ile ea nkama hoo ke ileng ka khotsa, ka re: “Ke kamoo lintho li lokelang ho ba kateng!” Ke ne ke se ke sa batle ho tsamaea le bo-mphato bao ba ka. Ba ile ba leka ka makhetlo ho nkhutlisetsa kenkeng ea bona. Empa takatso ea ka ea ho ithuta Bibele le ho phela ka melao ea eona e ne e le matla haholo hoo e ileng ea nthusa hore ke hanele boiteko ba bona ba ho nkhohela ’me ka qetella ke le molisa oa moea.

Hoo e ka bang nakong eo, mosali e mong ea folisang ka tumelo ea tummeng sebakeng sa habo rōna o ile a etela ’Mè. Ka letsatsi le leng, ha ke fihla lapeng mosali eo o ile a qala ho buisana le meea. O ile a re ke na le neo e khethehileng eaba o nkhothaletsa hore ke ee kerekeng ea Mamosleme ke il’o iphumanela thatho, ’me a mpolella hore thatho eo e tla nthusa. Ho ile ha sala hanyane a nkholisa hore ha nka etsa joalo, ke tla fuoa neo ea ho folisa.

Ka le hlahlamang, ke ile ka ea ho Lipaki tseo ke neng ke ithuta Bibele le tsona ’me ka li bolella ka ketelo ea mosali eo. Li ile tsa mpontša ka Bibeleng hore Jehova o khahlanong le mefuta eohle ea ho sebelisana le meea, kaha ho amana le meea e khopo. (Deuteronoma 18:9-13) Ke ile ka qeta masiu a seng makae ke sa robale ka lebaka la bademona. Ha Lipaki li nthuta hore na ke lokela ho rapela joang ka tsela e lumellanang le thato ea Jehova, kapele ke ile ka khaotsa ho ba le litoro tse tšosang. Ke ile ka kholiseha hore ke fumane Molisa oa ’nete, e leng Jehova.

Ke ile ka ithuta hore Davida, ea ngotseng lipesaleme tse ngata tsa Bibele, le eena e ne e kile ea e-ba molisa bocheng ba hae. O ne a bitsa Jehova “Molisa oa ka,” ’me ke ile ka rata haholo tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Jehova. (Pesaleme ea 23:1-6) Ke ne ke batla ho etsisa Mora oa Jehova, e leng Jesu, ea bitsoang ‘molisa oa linku.’ (Baheberu 13:20) Ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka hore ke kolobetsoe metsing, kopanong e neng e tšoaretsoe Bishkek mathoasong a 1993.

Seboka sa Bohlokoa

Beng ka ’na ba bangata le baahelani ba bang ba ile ba qala ho kopana hammoho ho ithuta Bibele. Ba ka bang 70 ba motseng oa heso ba ne ba kopanela haufi le Letša la Issyk Kul. E mong oa beng ka ’na eo e neng e le hlooho ea lekhotla la motse o ne a thahasella haholo. O ile a re o tla hlophisa seboka se seholo seo ho sona re neng re tla hlalosa lithuto tse ncha tseo re seng re li lumela. Empa baeta-pele ba moo ba bolumeli ba ile ba qala ho hlohlelletsa baahi ba motse hore ba hanyetse mosebetsi oa rōna oa boboleli. Ba ile ba etsa ’momori oa hore sebokeng seo, baahi ba motse ba re hanyetse.

Ka letsatsi le behiloeng, ho ile ha tla batho ba ka bang sekete, ho akarelletsa baahi ba metse e meng e meraro ea boahelani. Ho ne ho e-na le Lipaki tse seng kae, ’me e ’ngoe ea tsona e ile ea qala ho hlalosa lithuto tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Le pele ho feta metsotso e mehlano, motho e mong o ile a ema eaba o mo botsa lipotso tse qholotsang a hoelelitse. Batho ba ile ba qala ho re qosa le ho re sokela, ’me letšoele la befa hoo le neng le batla ho re hlasela.

Ka eona nako eo, moholoane oa ka e mong, ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele, o ile a ema a re sireletsa. Batho bohle ba ne ba mo tšaba ba bile ba sa batle ho kopana le eena kaha o ne a tseba ho loana. O ile a ema ka sebete pakeng tsa bahlaseli bao le Lipaki, ’me re ile ra itsamaela ka bolokolohi. Lilemong tse latelang, ba bangata ba neng ba le teng sebokeng seo e ile ea e-ba Lipaki. Kajeno batho ba fetang 50 ba motseng oa heso o nang le baahi ba ka bang 1 000 ke Lipaki Tsa Jehova.

Morali oa Molisa

Likhoeli tse seng kae pele ho tšoaroa kopano e khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, Moscow, Russia, ka August 1993, ke ile ka kopana le Gulmira, e leng Paki e tsoang motseng o mong oa Kyrgyzstan. Lelapa labo le lona e ne e le la balisa. Ka 1988, nakong eo mosebetsi oa Lipaki o neng o ntse o thibetsoe Soviet Union, ’mè oa Gulmira o ile a qala ho ithuta Bibele le Paki e ’ngoe e bitsoang Aksamy. Aksamy e ne e bile eena Paki ea pele ea Jehova, Kyrgyzstan, lilemong tsa bo-1970.

Ka mor’a nakoana, Gulmira o ile a kopanela le ’mè oa hae thutong eo ea Bibele e neng e khannoa ke Aksamy. Ka 1990, e ile ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng. Gulmira o ile a susumelletseha ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng e le pula-maliboho.

Lilemong tse peli tse latelang, ke ile ka bona Gulmira ka makhetlo a seng makae feela, kaha ke ne ke lula lik’hilomithara tse ka bang 160 hōle le moo a lulang. Ka March 1995, ke ile ka etsa qeto ea ho itloaetsa eena, kahoo hoseng ho hong ka mo etela ka sepheo seo. Ke ile ka makala ha ke utloa hore ka le hlahlamang o ea ofising ea lekala e Russia ho ea sebeletsa teng, e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 5 633!

Ka nako eo, ke ne ke se ke le mosebeletsi oa nako e tletseng ’me ke qalile ho ithuta Serussia, kaha re ne re e-s’o be le lingoliloeng leha e le life ka Sekyrgyzstan. ’Na le Gulmira re ile ra qeta lilemo tse tharo re ngollana ’me ra hlophisa ho bala karolo e itseng ea Bibele e le hore re ka buisana ka lintlha tsa moea tseo re li fumaneng moo. Ka nako eo, ke ile ka qala ho kopanela phuthehong ea pele ea Sekyrgyzstan e motseng oa Balikchi.

Ke Sebeletsa Jehova le Gulmira

Re ile ra nyalana ka 1998, ha Gulmira a ne a tlile phomolong Kyrgyzstan. Ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa le eena ofising ea lekala e Russia. Ruri ke ile ka thaba hore ebe ke ne ke qalile ho ithuta Serussia! Ha nako e ntse e ea, ke ile ka abeloa ho sebetsa le thimi ea bafetoleli ba Sekyrgyzstan e le hore re hlahise lingoliloeng tsa Bibele ka puo eo. Ke ile ka rapela Jehova, ka mo kōpa bohlale le mamello. Ka sebele, ke ile ka thusoa haholo ke hore ebe ke ne ke sebetsa le Gulmira.

Ka 2004, thimi ea rōna ea bafetoleli e ile ea romeloa Bishkek, moo ke ileng ka khetheloa ho ba komiting e hlokomelang mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova, Kyrgyzstan. Ka nako eo, ho ne ho e-na le liphutheho tse supileng tsa Sekyrgyzstan le tse fetang 30 tsa Serussia naheng eo. Hona joale ho na le liphutheho tse fetang 20 tsa Sekyrgyzstan le lihlopha tse ngata tsa puo eo, tse etsang hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea Lipaki tse 4 800 tsa Kyrgyzstan.

’Na le Gulmira re ile ra etsa qeto ea ho ithuta Senyesemane, kaha ho se tseba ho ne ho tla re thusa tšebeletsong ea rōna. Sena se ile sa etsa hore ka 2008 re memeloe ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e United States. Ha ke le moo ke ile ka ea sekolong se khethehileng sa ba etellang pele mosebetsi oa boboleli linaheng tsa habo bona.

Hona joale ’na le Gulmira re ikutloa re hlomeletsoe ka botlalo hore re khone ho thusa batho ba Kyrgyzstan ho ithuta ka Molimo. Lintho tse re etsahaletseng li re thusitse ho lemoha hore ka sebele Jehova ke molisa ea lerato. Ke bone ha ho phethahala mantsoe a pesaleme ea Bibele, a reng: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang; o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.”—Pesaleme ea 23:1-3.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Linku tsa rōna li lekhulong

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Kamehla mantsiboea re ne re bala linku ho tiisa hore li teng kaofela

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

’Na le Gulmira kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela