Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/11 maq. 10-11
  • Lebaka Leo U Lokelang ho Ela Hloko Seo U se Buang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo U Lokelang ho Ela Hloko Seo U se Buang
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Mokhoa oo U Buang ka Oona
  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na U Bua ka Tsela e Behelang ba Bang Mohlala o Motle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Kamoo le ka Qobang Puo e Hlabang
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 6/11 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Lebaka Leo U Lokelang ho Ela Hloko Seo U se Buang

Tona-khōlō e ’ngoe e neng e sa elelloe hore sebuela-hōle se ntse se butsoe, e ile ea re mosali-moholo e mong eo e neng e sa tsoa kopana le eena ebile e buisane le eena hamonate o manganga, ’me ea tletleba ka hore basebetsi ba eona ba ka be ba mo thibile hore a se ke a tla ho eena. Batho ba bangata naheng eo ba ile ba makatsoa ke tsela eo e ileng ea hlalosa mosali-moholo eo ka eona. Kaha ketsahalo eo e ile ea senya botumo ba eona, tona-khōlō eo e ile ea hlōloa ke likhetho matsatsi a robeli feela hamorao.

HA HO na motho ea ka laolang leleme ka ho phethahetseng. (Jakobo 3:2) Leha ho le joalo, ketsahalo ena e boletsoeng ka holimo e bontša hore ke habohlokoa hore na u bua joang. Botumo ba hao, mosebetsi oa hao esita le hore na kamano ea hao le ba bang ea atleha kapa che, li itšetlehile haholo ka hore na u buisana le ba bang joang.

Empa na u ne u tseba hore seo u se buang ha se felle moo feela? Bibele e hlalosa hore ha e le hantle tsela eo u buang ka eona e senola seo u hlileng u leng sona. Jesu o ile a re: “Molomo o bua ho tsoa ho se tletseng pelong.” (Matheu 12:34) Kaha seo u se buang se bontša hore na u motho oa mofuta ofe, e leng se akarelletsang maikutlo le menahano ea hao, ke habohlokoa hore u hlahlobe ka hloko seo u se buang. Na Bibele e ka u thusa? Nahana ka lintlha tse latelang.

Kamoo U ka Ntlafatsang Mokhoa oo U Buang ka Oona

Seo motho a se buang se qala e le monahano. E le hore u ntlafatse seo u se buang, u lokela ho ntlafatsa tsela eo u nahanang ka eona. Hlokomela kamoo ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho ka amang tsela eo u nahanang ka eona, ’me le eona ea ama tsela eo u buang ka eona.

Tlatsa pelo ea hao ka lintho tse molemo. Ha Bibele e hlalosa lintho tse joalo tse molemo e re: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.

Ho latela keletso eo e molemo ho tla u thusa hore u khaotse ho nahana lintho tse sa lokelang. Hopola hore lintho tseo u li nahanang li susumetsoa haholo ke seo u se bonang le seo u se balang. Kahoo, e le hore u se ke ua nahana ka lintho tse mpe le tse sa hloekang, qoba tšusumetso e mpe. Seo se bolela hore u qobe boithabiso bo litšila le bo bontšang liketso tse mabifi. (Pesaleme ea 11:5; Baefese 5:3, 4) Ho e-na le hoo, nahana ka lintho tse hloekileng le tse hahang. Bibele e ka u thusa hore u etse seo. Ka mohlala, bala Liproverbia 4:20-27; Baefese 4:20-32; le Jakobo 3:2-12. Hlokomela kamoo ho sebelisa keletso e litemaneng tsena ho ka ntlafatsang mokhoa oo u buang ka oona kateng.a

Nahana ka hloko pele u bua. Liproverbia 12:18 e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” Haeba u hlokomela hore hangata u ‘hlaba’ ba bang ka mantsoe kapa u ba utloisa bohloko, e ka ba hantle hore u leke ho nahana pele u bua. Mamela keletso e molemo e ho Liproverbia 15:28: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe, empa melomo ea ba khopo e bua lintho tse mpe e sa khaotse.”

Leka ho ipehela pakane. Khoeling e latelang, ikemisetse hore ha u na ho bua ntho ea pele feela e tlang kelellong ea hao, haholo-holo ha u halefile. Ho e-na le hoo, nahanisisa ka mangolo a bontšitsoeng sehloohong sena ’me u leke ka matla ho bua ka tsela e bontšang bohlale, lerato ’me u khobile matšoafo. (Liproverbia 15:1-4, 23) Empa litaba ha li felle moo.

Rapela Molimo hore a u thuse. Mongoli e mong oa Bibele o ile a rapela, a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova.” (Pesaleme ea 19:14) Tsebisa Jehova Molimo hore u lakatsa ho bua ka tsela e mo khahlisang le e etsang hore batho ba bang ba thabele ho ba le uena. Liproverbia 18:20, 21 e re: “Bua mantsoe a molemo—u tla thabela hore ebe u entse seo. Mantsoe a ka bolaea kapa a phelisa!”—Contemporary English Version.

Sebelisa Lentsoe la Molimo e le seipone. Bibele e tšoana le seipone seo u ka ichebang ka ho sona. (Jakobo 1:23-25) Ka mohlala, ha u ntse u nahana ka melao-motheo e latelang e meraro ea Bibele, ak’u ipotse, ‘Ke buisana le batho ba bang joang hona ke na le botumo ba mofuta ofe?’

“Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Na u bua ka tsela e mosa, e bontšang khotso?

“Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” (Baefese 4:29) Na lipolelo tsa hao li haha bao u nang le bona?

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakolose 4:6) Na le maemong a boima, u leka ho bua ka tsela e mosa le e nolofaletsang ba bang hore ba u mamele?

Ha u lokisa liphoso tseo u li bonang ka seiponeng, u shebahala hantle ho ba bang ebile u ikutloa u thabile. U tla fumana melemo e tšoanang haeba u ntlafatsa tsela eo u buang ka eona ka hore u ichebe ka seiponeng sa Lentsoe la Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka bala boitsebiso bo eketsehileng ba Bibele mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Tsela eo u buang ka eona e bontša’ng?—Luka 6:45.

● U lokela ho buisa ba bang joang?—Baefese 4:29; Bakolose 4:6.

● Ke lintho life tse molemo tseo u ka li etsang hore u ntlafatse tsela eo u buang ka eona?—Pesaleme ea 19:14; Bafilipi 4:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Seo re se buang se ama botumo ba rōna hammoho le kamano ea rōna le batho ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela