Bacha Baa Botsa
Nka Etsa’ng Hore ke Khahle Batho ba Qalang ho Mpona?
“Puisano ena ea ho hlahlobeloa mosebetsi e tsamaea hantle haholo! E tlameha ebe mohiri oa ka oa ka moso oa bona hore ke phutholohile; esale ke mo bitsa ka lebitso ho tloha ha ke fihla. Joang kapa joang o tla nkhira!”
“Na eo ke eena mohlankana ea rometseng lengolo le khahlehang la kōpo ea mosebetsi? Ho hang nke ke ka mo hira! Haeba o itšoara tjena le pele a fumana mosebetsi, ebe joale o tla itšoara joang ha a se a sebetsa?”
Sheba setšoantšo sena ’me u bale mantsoe a ka holim’a sona. Na u hlokomela lintho tse tharo tseo mohlankana eo ea batlang mosebetsi a li etsang, tse fanang ka maikutlo a mabe ka eena?
1 ․․․․․
2 ․․․․․
3 ․․․․․
● Likarabo li ka tlaase mona
1. Mohlankana eo ha aa apara ka tsela e loketseng ho ea hlahlobeloa mosebetsi. 2. Tsela eo a buang le mohiri ka eona (a mo bitsa ka lebitso feela) e bontša hore o phutholohile ho feta tekano. 3. Mokhoa oo a lutseng ka oona ha o bontše tlhompho.
NKA hore u qala ho latsoa sejo se itseng. Ho tla u nka nako e kae pele u etsa qeto ea hore na ua se rata kapa che? Ho ka ’na ha hlokahala hore u se lome hanngoe feela e le hore u etse qeto ea hore na u sa tla se ja hape—esita le hore na u tla qetela se setseng.
Ho etsahala ntho e tšoanang ha u qala ho kopana le motho e mong. Ka nakoana feela, u ba le maikutlo a itseng ka eena. Empa taba eo u lokelang ho e hopola ke hore: Ka eona nakoana eo, motho eo le eena o ba le maikutlo a itseng ka uena.
Na u batla mosebetsi? motsoalle? kapa molekane oa lenyalo? Hore u atlehe, ho ka ’na ha itšetleha ka hore na batho ba ba le maikutlo afe ka uena ha ba qala ho u bona. A re hlahlobe likarolo tse tharo tseo ho tsona u ka ’nang ua ntlafatsa tsebo ea hao ea ho sebelisana le ba bang e le hore u ba khahle ha ba qala ho u bona.
1. Kamoo U Shebahalang Kateng
Ebang taba eo e leeme kapa che, batho ba ba le maikutlo a itseng ka uena ba itšetlehile ka seo ba se bonang ha ba qala ho kopana le uena, e leng tsela eo u shebahalang ka eona. Hangata batho ba hlokomoloha karolo ena e etsang hore ba khahle ba bang ka lekhetlo la pele. Moroetsana e mong ea bitsoang Clarissaa o re, “Ho bonahala eka ha u ea reschorenteng matsatsing ana, ha u tsebe hore na batho ba tla tla ba iterekile kapa ba apere habohlasoa feela!”
Ke ’nete hore u lokela ho apara ho latela ketsahalo eo u eang ho eona. Ka mohlala, liaparo tseo u li aparang ha u ea tlhahlobong ea mosebetsi, u ke ke ua li apara ha u ea lebōpong la leoatle! Empa u ka etsa’ng haeba u sa tsebe hantle hore na moaparo o loketseng ke ofe? Ntho ea bohlokoa ke hore u bontše ho hlaphoheloa kelellong ka hore u qobe ho apara ka tsela e feteletseng. Haeba u sa tsebe hantle, ho molemo hore u apare ka tsela e tloaelehileng.
HOPOLA SENA! Joaloka setšoantšo sa X-ray, moaparo oa hao le boitlhopho o senola seo u leng sona.
“Ha ke le ’mokeng ’me ke bona batho ba apereng ka tsela e makatsang, kea ba qoba. Mothating oo, seo ke se tsebang feela ke chebahalo ea bona ’me moaparo oa bona ha o ba hlahise hantle.”—Diane.
Bibele e re khothalletsa hore re apare “moaparo o hlophehileng hantle” o bontšang “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Timothea 2:9.
Ipotse: ‘Na liaparo tsa ka li bonahala li hlophehile hantle kapa li le bohlasoa? Na motho eo e ka bang mohiri, motsoalle kapa molekane oa ka moso a ka etsa qeto ea hore ha kea “hlaphoheloa kelellong” ka lebaka la tsela eo ke apereng ka eona?’
Tlhahiso: Kōpa keletso ho motho eo u mo hlomphang hobane a apara hantle.
2. Seo U se Buang
Mokhoa oo u buang ka oona o bontša hore na u ikokobelitse kapa ua ikhohomosa, u teneha le feela kapa che. U lokela ho hopola taba ena haeba u leka ho khahla motho ea itseng oa bong bo bong. Moroetsana e mong ea bitsoang Valerie o re: “Ka sebele kea teneha ha ke buisana le mohlankana ebe nako eohle o ipuela feela ka eena.” O phaella ka ho re: “Ka lehlakoreng le leng, bashanyana ba bang ba batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka uena li sa tloha feela. Seo se sithabetsa ngoanana ebile se etsa hore a ikutloe eka a ka baleha.”
HOPOLA SENA! Kaha seo u se buang se bontša ba bang seo u hlileng u leng sona, ke habohlokoa hore u bue ka tsela e tla ba khahla!
“Ha ke kopana le moshanyana, ke rata hore a itšoare ka tsela e tloaelehileng. Tsela eo a itšoarang ka eona ha le qala ho kopana ke ea bohlokoa. Haeba a lokela ho nahana ka thata ka seo a tl’o se bua, mohlomong ha a lokela ho se bua.”—Selena.
Bibele e re: “Ha u bua haholo u tla bua ntho e fosahetseng—kahoo e-ba bohlale ’me u hlokomele seo u se buang.”—Liproverbia 10:19, Contemporary English Version.
Ipotse: ‘Nka bontša ho leka-lekana joang e le hore ke se ke ka bua haholo kapa hanyenyane? Na tsela eo ke buang ka eona e ka tšosa ba bang kapa ea ba khopisa?’
Tlhahiso: Ela hloko batho ba bonahalang ba tseba ho qoqa hantle le ba bang. Ba etsa’ng ho ntšetsa moqoqo pele? Na u ka etsa se tšoanang?
3. Kamoo U Itšoarang Kateng
Joalokaha batho ba tloaetse ho bolela, liketso li bua ho feta lipolelo. Ka mohlala, haeba u e-na le mekhoa e metle, liketso tsa hao li tla bontša hore u hlompha batho ba bang. Ena ke ntlha e ’ngoe eo u lokelang ho e hopola ha u se u loketse ho batla molekane oa lenyalo. Ngoanana e mong ea bitsoang Carrie o re: “Ho etsa lintho tse nyenyane, tse kang ho bulela motho lemati ho bontša hore ua mo hlompha. Tsena ke lintho tse bontšang hore motho o na le mekhoa e metle.”
HOPOLA SENA! Liketso tsa hao li tšoana le lematjana la phatlalatso le bontšang seo u leng sona. (Liproverbia 20:11) Liketso tsa hao “li phatlalatsa” eng ka uena?
“Ke nahana hore ke habohlokoa hore u mamelisise ha ba bang ba bua. Hape, u bontša mekhoa e metle ha u sa kene motho hanong ha a ntse a bua, ntle le haeba ho hlokahala.”—Natalia.
Bibele e re: “U tšoare ba bang ka tsela eo u batlang hore ba u tšoare ka eona.”—Luka 6:31, CEV.
Ipotse: ‘Na ke na le mekhoa e metle? Na ke bontša hore ke thahasella ba bang? Na kea tšepahala? Na ke boloka nako?’
Tlhahiso: Rera ho fihla sebakeng seo u eang ho sona bonyane metsotso e leshome pele ho nako, e le hore ha ho ka hlaha maemo a tšohanyetso, u ’ne u fihle ka nako. U se ke ua fa batho bao u qalang ho kopana le bona maikutlo a hore ha u boloke nako!
Tlhokomeliso: Ho khahla batho bao u qalang ho kopana le bona ha ho bolele hore u pate seo u leng sona, hobane ha e le hantle seo ke ho ba thetsa. (Pesaleme ea 26:4) Ho e-na le hoo, etsa qeto ea hore na ke litšobotsi life tseo u batlang ho tsejoa ka tsona, ebe ua li hlaolela e le hore u li bonahatse. (Bakolose 3:9, 10) Hopola hore ka ho etsa joalo u iketsetsa botumo. Ka ho ela hloko tsela eo u shebahalang ka eona, u buang ka eona le lintho tseo u li etsang, u tla etsa hore ba bang ba be le maikutlo a matle ka uena—e leng se tla tšoarella nako e telele!
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ha ho tluoa tabeng ea ho khetha metsoalle, ka habohlokoa hore motho a sebelise kahlolo e molemo. Ke khona ho bona kamoo metsoalle e amang boitšoaro ba ka kateng, kahoo ke leka ho khetha e tla ntšusumelletsa ho etsa lintho tse ntle.”
“Ho ba le metsoalle ha hoa itšetleha ka hore na u motle hakae kapa u na le chelete e ngata hakae—e leng lintho tseo u ke keng ua li laola hakaalo—empa ho itšetlehile ka litšobotsi tseo u nang le tsona. Seo u ka khona ho se laola!”
[Litšoantšo]
Sier
Ashley
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
LINTHO TSE KA U THUSANG HORE U ATLEHE . . .
● Bososela ka mofuthu
● Tiisa letsoho ha u lumelisa motho (empa u se ke ua le tiisa haholo)
● Lula u hloekile
● Sheba motho mahlong ka tsela e loketseng
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
U SE KE UA FETELETSA LINTHO!
Bua EMPA u se ke ua ea lolololo
Botsa lipotso EMPA u se ke ua phenya-phenya motho
E-ba botsoalle EMPA u se ke ua bapala ka maikutlo a lerato a ba bang
Itšepe EMPA u se ke ua ikhohomosa
[Lebokose le leqepheng la 28]
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Ha le ne le lekana le ’na, le ile la ithuta hore le lokela ho etsa’ng e le hore le khahle batho ba qalang ho le bona?
․․․․․