Ke Hobane’ng ha Mahlomola a Atile Hakaale?
BARUTI ba bolelang hore ba tseba karabo ea potso ena, ba atisa ho ruta hore mahlomola ke kotlo e tsoang ho Molimo. Ka mohlala, ka mor’a matsatsi a seng makae ho bile le tšisinyeho ea lefatše Haiti, moruti e mong ea ka sehloohong o ile a bolella phutheho ea hae hore koluoa eo, ke molaetsa o tsoang ho Molimo. Ba bang ha ba lomahanye meno hakaalo tabeng ena. Moprofesa e mong oa bolumeli oa Amerika o re ho bonahala eka batho ba bangata ba na le maikutlo a hore: “Taba ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a baka likoluoa tse joalo, ke sephiri seo re sa lokelang ho se batlisisa. Ha rōna feela ke hore re be le tumelo.”
Ha e le hantle, na ke Molimo ea ‘bakelang’ batho mahlomola? Bibele e araba potso eo ka che, e hlakileng! Jehova Molimo o ne a sa rera hore batho ba be mahlomoleng. Empa banyalani ba pele ba ile ba fetohela puso ea Molimo, ba khetha ho ipehela melao ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ba ile ba furalla Molimo ’me ba khola litholoana tse babang. Kajeno re utloa liphello tsa khetho e mpe eo ba e entseng. Empa seo ha se bolele hore Molimo ke eena ea simolotseng mahlomola. Bibele e re: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Lintho tse bohloko li ka hlahela motho leha e le ofe—esita le bao Molimo a ba amohelang. Nahana ka mehlala e latelang:
● Moprofeta Elisha o ne a tšoeroe ke boloetse bo bolaeang.—2 Marena 13:14.
● Moapostola Pauluse o ile a ngola hore o ile a tsoela pele “ho lapa le ho nyoroa le ho apara ka mokhoa o fokolang le ho hlekefetsoa le ho hloka mahae.”—1 Bakorinthe 4:11.
● Mokreste e mong ea bitsoang Epafroditase o ne a kula ’me a “tepeletse maikutlo.”—Bafilipi 2:25, 26.
Ha ho moo re balang teng hore Molimo o ne a otla banna bao ba bararo ka lebaka la libe tsa bona. Bibele ha e felle feela ka ho senola hore na ke mang ea sa ikarabelleng tabeng ea ho baka mahlomola. Empa e boetse e bolela lintho tse tharo tse atisang ho bakela batho mahlomola.
Liqeto Tseo Batho ba li Etsang
“Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Ha ho pelaelo hore motho ea khethang ho tsuba, ho khanna habohlasoa, kapa ho hafotsa chelete o lokela ho jara boikarabelo ba mahlomola leha e le afe a ka ’nang a tlisoa ke qeto eo a e entseng.
Hape re ka ’na ra ba mahlomoleng ka lebaka la liqeto tse bontšang boithati tse entsoeng ke motho e mong. Ha e le hantle, batho ba entse lintho tse ngata tse nyarosang tse khopo, ho akarelletsa masetla-libete a entsoeng ke Manazi le a etsoang ke batho ba hlekefetsang bana. Ba bang ba sebelisa hampe bolokolohi ba bona ba ho ikhethela, ’me ba etsa liqeto tse tlisetsang batho ba bang mahlomola.
Liketsahalo Tse sa Lebelloang
Lekholong la pele la lilemo C.E., tora e ’ngoe e khōlō Jerusalema e ile ea oa, ’me ea bolaea batho ba 18. Ha Jesu a bua ka batho ba ileng ba shoa ketsahalong eo, o ile a re: “Ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema? Che.” (Luka 13:4, 5, Bibele—Phetolelo e Ncha) Jesu o ne a tseba hore batho bao ba ne ba sa otloe ke Molimo. O ne a tseba hore Lentsoe la Molimo le ne le boletse esale pele hore: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Litlokotsi tse ngata li etsahala hobane motho a le sebakeng se fosahetseng, ka nako e fosahetseng kapa ka lebaka la liphoso tse etsoang ke batho. Ka mohlala, litlaleho li bontša hore ho etsahala lintho tse ngata tse utloisang bohloko ha batho ba hlokomoloha litemoso le ha ba le libakeng tseo mehaho e sa hahoang ka tsela e tla mamella maemo a mabe a leholimo kapa litšisinyeho tsa lefatše. Maemong a joalo, liketsahalo tse sa lebelloang li ama batho ba bangata le ho ba bakela mahlomola.
“’Musi oa Lefatše Lena”
Bibele e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Eo “ea khopo” ke Satane Diabolose, e leng sebōpuoa se matla sa moea se hlalosoang e le “’musi oa matla a moea.” Satane o khothalletsa “moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baefese 2:2) Liketso tse ling tsa tlōlo ea molao, tse kang ho hlaseloa ha batho ba merabe e meng le ho hlekefetsoa ha bana, li tšosa hoo batho ba bangata ba thatafalloang ho utloisisa hore ho na le motho ea ka etsang lintho tse joalo.
Empa na see se bolela hore Molimo o iphapanyetsa mahlomola a rōna? Na ho na le seo a ka se etsang ho a felisa, hona na o tla a felisa?