Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 maq. 15-17
  • Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu ke Sefe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu ke Sefe?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu
  • Melemo ea ho Hlokomela Mokuli a le Lapeng
  • Tlhokomelo e Bontšang Kutloelo-bohloko
  • Ba Kulelang Lefu ba ka Fuoa Tlhokomelo Efe?
    Tsoha!—1991
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Ho Khothatsa Batho ba Kulelang Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Maikutlo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 7/11 maq. 15-17

Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu ke Sefe?

“’Mè oa ka ea lilemo li 94, ea neng a e-na le boloetse ba Alzheimer le lefu la pelo o ne a se a sa tsohe liphateng. O ne a hana ho ja, a sa batle le ha re mo tsosa. Ha ke le sepetlele ke ile ka bolelloa hore ‘kelello ea hae ha e sa sebetsa joaloka pele.’ Ke ne ke batla ho mo hlokomela a ntse a le lapeng, empa ke ne ke hloka thuso.”—Jeanne.

HA MOTHO a kulela lefu, seo e ba phephetso ho eena le ho ba lelapa. Beng ka eena ba lokela ho etsa qeto e boima. Na ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho lelefatsa bophelo ba mokuli, esita le haeba ho etsa joalo ho akarelletsa hore mokuli a utloe bohloko ka nako e telele ho sa hlokahale? Kapa na ba lokela ho ikitlaelletsa ho thusa moratuoa oa bona hore a thabele bophelo ka nako e mo saletseng?

Batho ba bangata ba bona ho le molemo ho fa bakuli ba kulelang lefu tlhokomelo e khethehileng. Sena se hlalosoa e le ho ba hlokomela ka seo ba se hlokang maikutlong, moeeng, litabeng tsa botsoalle le licheleteng. Sepheo ke ho kokobetsa bohloko boo bakuli ba kulelang lefu ba bo utloang. Hoo e ka bang halofo ea linaha tsa lefatše, e na le litsi tsa tlhokomelo ea bakuli ba kulelang lefu, esita le haeba li sa fane ka tlhokomelo e kaalo. Ka mohlala, ka lebaka la palo e ntseng e eketseha ea bakuli ba HIV/AIDS le kankere Afrika, linaha tse ngata li se li na le litsi tseo kapa li nka mehato ea ho li theha.

Sepheo sa ho Hlokomela Bakuli ba Kulelang Lefu

Bakuli ba bang ba ka ’na ba nka hore ha ba ingolisa litsing tsa tlhokomelo ea ba kulelang lefu ho tšoana le ha ba se ba sa batle ho phela. Ba lelapa ba ka ’na ba nahana hore ha ba isa moratuoa oa bona moo, ho tšoana le ha ba itiisa lipelo feela ba emetse hore a shoe. Empa ha mokuli a le setsing sa tlhokomelo ea ba kulelang lefu, seo hase bolele hore ha a sa batla ho phela. Ho e-na le hoo, ho ba moo ho fa mokuli seriti, ho mo thusa hore a phele a khotsofetse a e-na le baratuoa ba hae ka nako e telele kamoo ho ka khonehang, ho ka ba ha thusa ho mo kokobetsa mahlaba. Hoo ho ka boetse ha fa ba lelapa monyetla oa hore ba tšelise le ho tšehetsa moratuoa oa bona ka hohle kamoo ho hlokahalang.

Le hoja ho fa bakuli ba kulelang lefu tlhokomelo e khethehileng ho ke ke ha ba folisa, maloetse a phekolehang a kang pneumonia kapa ho ba le tšoaetso senyeng, a ka alafshoa. Ka mohlala, haeba maemo a fetoha ’me pheko e fumaneha kapa boloetse bo kokobela, mokuli a ka boela a sebelisa meriana e tloaelehileng.

Melemo ea ho Hlokomela Mokuli a le Lapeng

Linaheng tse ling, bakuli ba kulelang lefu ba fuoa tlhokomelo e khethehileng feela ha ba le mahaeng a bakuli. Leha ho le joalo, libakeng tse ling litho tsa lelapa li khona ho hlokomela mokuli a le lapeng. Ha mokuli a le lapeng, o khona ho kopanela linthong tseo lelapa le li etsang. Ho hlokomela mokuli a le lapeng ho boetse ho tsamaisana le setso linaheng tse ngata, tse kang Uganda, moo ka tloaelo litho tsa lelapa li hlokomelang ba kulang le ba hōlileng.

Ha bakuli ba kulelang lefu ba hlokomeloa ba le malapeng, hangata ho ba le thimi e thusang bahlokomeli, e ka ’nang ea akarelletsa lingaka, baoki, bathusi le basebeletsi ba sechaba. Litsebi tsena li ruta bahlokomeli seo ba ka se etsang hore mokuli a phutholohe le ho ba hlalosetsa hore na ba ka lebella’ng ha mokuli a shoa. Li boetse li hlompha seo mokuli le ba lelapa ba se kōpang. Ka mohlala, basebetsi ba fanang ka tlhokomelo e khethehileng, ba tla qoba ho etsa liteko tse sa hlokahaleng kapa ho fepa mokuli ka mathopo haeba a se a sa khone ho sila lijo, ’me e le seo ba lelapa ba se kōpang.

Dolores le Jean ba hlokomela ntate oa bona ea lilemo li 96 ea lulang le bona lapeng. Kaha boemo ba hae bo ntse bo mpefala, ba ananela thuso eo ba e fumanang. Dolores o re: “Ho na le mothusi ea tlang hahlano ka beke ea re thusang ho hlapisa Ntate. O boetse o re thusa ho chencha lilakane betheng ea Ntate le ho mo lokisa haeba re mo kōpa. Mooki o tla hang ka beke ho tla hlahloba Ntate le ho mo tlisetsa meriana. Ngaka e tla ka mor’a hoo e ka bang libeke tse ling le tse ling tse tharo. Litsebi tsena li fumaneha nako eohle ha re li hloka.”

Litsebi tse fumanehang nako eohle li phetha karolo ea bohlokoa ho hlokomeleng bakuli ba kulelang lefu, kaha banna le basali bana ba ka fana ka meriana e hlokahalang le ho tiisa hore mokuli ha a opeloe, ha ka nako e tšoanang a ntse a lemoha lintho tse etsahalang. Ba ka boela ba fa mokuli oksijene. Thuso eo litsebi tsena li fanang ka eona e fa bahlokomeli le bakuli sebete, e felisa tšabo ea hore mokuli o tla opeloa habohloko kapa a be le matšoao a mang a tepeletsang nakong eo a shoang.

Tlhokomelo e Bontšang Kutloelo-bohloko

Basebetsi ba hlokomelang bakuli ba kulelang lefu, baa elelloa hore ba lokela ho siela mokuli seriti le ho mo tšoara ka tlhompho ka linako tsohle. Martha ea qetileng lilemo tse fetang 20 a sebetsa setsing sa tlhokomelo ea bakuli ba kulelang lefu o re: “Ke ne ke tseba seo bakuli ba leng sona, lintho tseo ba li ratang le tseo ba sa li rateng, ’me ke leka ho ba thusa hore ba thabele nako e ba saletseng ka hohle kamoo ba ka khonang. Ke ne ke tloaetse boholo ba bona, ’me ba bang ke bile ke ba rata. Ke ’nete hore bakuli ba bang ba nang le boloetse ba Alzheimer kapa lefu la kelello, ba ne ba ntoantša ha ke leka ho ba thusa. Ba ne ba leka ho nkotla, ho ntoma esita le ho nthaha. Empa ka linako tsohle ke ne ke leka ho ikhopotsa hore hase motho enoa ea etsang lintho tsena. O li etsisoa ke boloetse.”

Ha a bua ka khotsofalo e tlisoang ke ho tšehetsa bahlokomeli, Martha o re: “Tšehetso ea ka e ne e ba thusa hore ba se ke ba sithabela ha ba ntse ba hlokomela baratuoa ba bona. Ba ne ba tšelisoa ke ho tseba hore basebetsi ba fanang ka tlhokomelo e khethehileng ba teng ho ba thusa.”

Haeba ho e-na le setsi se fanang ka tlhokomelo e khethehileng sebakeng sa heno, e ka ba ntho e utloahalang le e bontšang kutloelo-bohloko ho isa mokuli moo, ho e-na le ho mo isa sepetlele kapa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo. Jeanne ea qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena, o thabela hore ebe o ile a khetha hore ’mè oa hae a fuoe tlhokomelo e khethehileng. O re: “’Mè o ile a tsoela pele a lula hae a e-na le ba lelapa ba neng ba mo hlokomela ’meleng, maikutlong le moeeng, ha ka nako e tšoanang a ne a fumana tlhokomelo ea bongaka a bile a fumana meriana e hlokahalang, e le hore a ikutloe a phutholohile. Basebetsi bohle ba fanang ka tlhokomelo e khethehileng e ne e le litsebi ba bile ba na le kutloelo-bohloko. Keletso eo ba neng ba fana ka eona le tsebo ea bona li ile tsa thusa haholo. Ke lumela hore ’Mè o ne a ke ke a batla tlhokomelo e ’ngoe e fapaneng.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

Litsebi li phetha karolo ea bohlokoa ho hlokomeleng bakuli ba kulelang lefu

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

“Re ne re E-na le Eena”

Mosali e mong oa Mexico ea bitsoang Isabel, eo ’mè oa hae a bileng le kankere ea matsoele ka lilemo tse 16 ho fihlela e nama ’me e se e sa phekolehe, o re: “’Na le ba lelapa la ka re ne re tšoenyehile ka hore ’Mè o tl’o opeloa. Re ile ra rapela hore a se ke a opeloa habohloko ka tsela e kang eo bakuli ba bangata ba kankere ba kulelang lefu ba opeloang ka eona pele ba shoa. Ngaka e ’ngoe ea mona Mexico e sebetsanang ka ho khetheha le ho kokobetsa bohloko, e ile ea e-ba karabo ea lithapelo tsa rōna. E ne e tla hanngoe ka beke, e mo fa meriana e loketseng e kokobetsang mahlaba ’me e re fa litaelo tse tobileng tseo ho leng bonolo ho li latela, tsa hore na re e sebelise joang le hore na re hlokomele ’Mè joang. Re ne re tšelisoa ke ho tseba hore re ka bitsa ngaka eo neng le neng, ebang ke motšehare kapa ke bosiu, ’me e tla. Ebile tlhohonolofatso e kaakang ho bona ’Mè a sa opeloe a bile a le khotsong ho elella qetellong ea bophelo ba hae, a bile a thabela lijo tse seng kae tseo a neng a khona ho li ja. Re ne re e-na le eena, hona mona lapeng, ho fihlela a hlokahala a robetse.”

[Lebokose le leqepheng la 17]

Ha Mokuli a le Makhatheng a Lefu

Boloka lilakane li hloekile, li omme li bile li sa sosobana. E le hore mokuli a se ke a ba le liso tse bakoang ke ho robala nako e telele, lula u mo fetola lehlakore ’me u mo chenche liaparo tsa ka tlaase kapa leleiri ha ho hlokahala, haeba a se a sa khone ho itšoara ha a lokela ho ea ntloaneng. Ho ka sebelisoa meriana e kenngoang ka morao kapa sepeiti ho mo thusa haeba ho hlokahala hore a sebelise mala. Ha ho hlokahale hore a fuoe lijo le metsi ho mo thibela ho opeloa ha a le makhatheng a lefu. Mo ngobetse molomo ka leqhoa kapa seponche se metsi le ka moriana o tlotsang molomo. Ho tšoara mokuli ka letsoho hoa mo khothatsa, ’me u hopole hore e ka ’na eaba o ntse a utloa ho fihlela motsotsong oa ho qetela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela