Pono ea Bibele
Na re Lokela ho ba le Letsatsi le Halalelang Bekeng?
LEFATŠENG ka bophara, Mamosleme, Bajuda le batho ba limilione ba ipolelang hore ke Bakreste ba behella ka thōko letsatsi beke ka ’ngoe hore ba etse litšebeletso tse ikhethang tsa bolumeli. Hobane’ng? Ka mohlala, Ibrahim, e leng Momosleme ea inehetseng ea eang kerekeng Labohlano le leng le le leng ho ea rutoa le ho rapela o re: “Ke batla ho ikutloa ke le haufi le Molimo ’me ke be le khotso kelellong.”
Na Bibele e ruta hore Molimo o batla hore re nke letsatsi le itseng bekeng le halalela? Na ho etsa litšebeletso tsa borapeli ka letsatsi le itseng le khethehileng ke mohloli oa ho fumana khatholoho ea sebele moeeng?
Tokisetso ea Nakoana
Lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng, Molimo o ile a sebelisa moprofeta Moshe hore a fane ka molao o nang le litaelo tse khethehileng. Molao oo o ne o akarelletsa matsatsi a itseng a phomolo, kapa a Lisabatha, a neng a beheletsoe ka thōko bakeng sa borapeli. Letsatsi la phomolo le neng le tla khafetsa e ne e le Sabatha ea beke le beke. E ne e qala ka Labohlano ha letsatsi le likela ’me e tsoela pele ho fihlela ka Moqebelo ha letsatsi le likela.—Exoda 20:8-10.
Na ke batho ba lichaba tsohle ba neng ba lokela ho boloka phomolo ea beke le beke? Che. Ka ho khetheha, Molao oa Moshe o ne o filoe Baiseraele le batho ba sokolohetseng Bojudeng. Molimo o ile a re ho Moshe: “Bara ba Iseraele ba boloke sabatha . . . Ke pontšo pakeng tsa ka le bara ba Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”a—Exoda 31:16, 17.
Bibele e re Molao oa Moshe e ne e le “seriti sa lintho tse tlang ho tla.” (Bakolose 2:17) Kahoo, Sabatha e ne e le karolo ea tokisetso ea nakoana ea borapeli e neng e supa pele tokisetsong e phahameng ea nakong e tlang. (Baheberu 10:1) Bibele e bontša hore ho ea ka pono ea Molimo, Molao o neng o filoe Baiseraele, ho akarelletsa taelo ea ho boloka letsatsi la Sabatha ea beke le beke, o ile oa fela ha Jesu a e-shoa. (Baroma 10:4) Ke eng e ileng ea nkela Molao oo sebaka?
Tsela e Ncha ea Borapeli
Bibele e hlalosa ka ho hlaka tsela ea borapeli eo Molimo a e amohelang, kaha Molao oa Moshe o se o phethile morero oa oona. Na e akarelletsa ho etsa litšebeletso tsa borapeli ka letsatsi le itseng bekeng?
Mangolo a bontša hore litaelo tse ling tse neng li filoe Baiseraele li ne li boetse li sebetsa le ho ba ka phuthehong ea Bokreste. Li ne li akarelletsa taelo ea ho ila borapeli ba litšoantšo, bohlola le ho ja mali. (Liketso 15:28, 29) Kahoo, rea hlokomela hore taelo ea ho boloka Sabatha ea beke le beke e ne e sa akarelletsoa litaelong tseo ho neng ho hlokahala hore Bakreste ba li phethe.—Baroma 14:5.
Ke eng hape eo Bibele e re bolellang eona mabapi le tsela eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba rapela ka eona? Ba ne ba kopana hammoho kamehla hore ba rapele, ba bale mangolo, ba mamele lipuo le ho bina lipina tse rorisang Molimo. (Liketso 12:12; Bakolose 3:16) Libokeng tseo, Bakreste ba ne ba fumana taeo, ba matlafatsoa tumelong ba bile ba khothatsana.—Baheberu 10:24, 25.
Ha ho na moo Bibele e reng liboka tseo tsa Bokreste li ne li lokela ho tšoaroa ka Sontaha kapa ka letsatsi le itseng le khethehileng bekeng. Joale, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba nka Sontaha e le letsatsi le halalelang? Tloaelo ea ho tšoara litšebeletso tsa borapeli ka Sontaha e ile ea qala ka mor’a hore Bibele e phethoe le ka mor’a hore ho hlahe litumelo tse sa tšoaneng le meetlo e sa thehoang Bibeleng.
Na hamorao Molimo o ile a boela a khetha letsatsi le itseng bekeng leo batho ba neng ba lokela ho kopanela borapeling ka lona? Che. Mohlala o phethahetseng oa borapeli ba ’nete o qaqisitsoe ka Bibeleng. Ha ho na mangolo a mang a bululetsoeng a ileng a ekelletsoa ka Mangolong a Halalelang. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Esita le haeba rōna kapa lengeloi le tsoang leholimong re ne re ka le bolella e le litaba tse molemo ho hong ho fetang seo re ileng ra le bolella sona e le litaba tse molemo, a ke a rohakoe.”—Bagalata 1:8.
Borapeli bo Khathollang, bo Khahlisang Molimo
Le hoja baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ne ba tšepahalla ho etsa litšebeletso tsa borapeli ka letsatsi leo ba neng ba nka hore le ea halalela bekeng, Molimo o ne a sa amohele borapeli ba bona hobane lipelo tsa bona li ne li le khopo. Ba ne ba rata chelete ba bile ba khella fatše batho ba maemong a tlaase, ba ikokobelitseng. Ba ne ba rata ho hlahella, ba bolile, ba bile ba keneletse ka matla likhohlanong tsa lipolotiki tsa mehleng ea bona. (Matheu 23:6, 7, 29-33; Luka 16:14; Johanne 11:46-48) Ba ne ba ipolela hore ba emela Molimo. Leha ho le joalo, ba ile ba fetola Sabatha, eo Molimo a neng a rerile hore e be mohloli oa khatholoho, ba e etsa tsela ea bohatelli ea melao e iketselitsoeng ke batho.—Matheu 12:9-14.
Ka ho hlakileng, ho boloka letsatsi la phomolo ea beke le beke hase tsela ea borapeli bo khahlisang Molimo. Ke eng e hlokahalang? Jesu o ile a etsa memo ena e thabisang: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28) Borapeli boo ka sebele bo thehiloeng lithutong tsa Jesu bo khatholla e le kannete. Ha bo na boikaketsi le lineano tse boima.
Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li latela haufi-ufi tsela ea borapeli e neng e sebelisoa ke Jesu le balateli ba hae ba pele. Lipaki li thabela lenaneo la beke le beke la thupelo ea Bibele. Matsatsi ao li tšoarang liboka ka ’ona a itšetlehile ka maemo a sebaka seo li leng ho sona, eseng ka litloaelo tse sa lumellaneng le Mangolo. Re u mema hore u ee libokeng tseo sebakeng sa heno e le hore u il’o inoesa ka nkho borapeli bona bo khathollang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Poleloana ea Bibele e reng, “nakong e sa lekanyetsoang” ha se hakaalo hore e bolela ka ho sa feleng. Hape e ka bolela nako e telele kapa e sa hlalosoang.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Na u lokela ho rapela Molimo ka letsatsi le itseng bekeng?—Baroma 10:4; 14:5.
● Ke hobane’ng ha re lokela ho bokana hammoho bakeng sa borapeli?—Baheberu 10:24, 25.
● Ke eng e hlokahalang e le hore borapeli bo re tlisetse khotsofalo ea sebele?—Matheu 11:28.
[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 10, 11]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LABOBELI
LABORARO
1 LABONE
2 LABOHLANO
3 MOQEBELO
4 SONTAHA