Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 maq. 22-23
  • Domesday Book—Tlaleho e Ikhethang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Domesday Book—Tlaleho e Ikhethang
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phuputso e Khōlō
  • “Domesday”
  • Tlaleho eo Kajeno
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
  • Ba re ke “Bible” Brown
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Ba ile ba Ananela Phetolelo ea Bibele ea William Tyndale
    Lihlooho Tse Ling
  • Ba ne ba Rata Bibele
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 maq. 22-23

Domesday Book—Tlaleho e Ikhethang

William eo e neng e le ’musisi oa Normandy (e tikolohong ea Fora), o ile a hapa Engelane ka 1066. Lilemo tse 19 hamorao, o ile a laela hore ho lekoloe sebaka seo a se hapileng. Tlaleho ea phuputso eo e ile ea bitsoa Domesday Book. Ke hobane’ng ha e ntse e le e ’ngoe ea litlaleho tsa bohlokoa ka ho fetisisa historing ea Engelane?

WILLIAM o ile a fihla haufi le motse oa Hastings, Engelane, ka September 1066. Ka October 14, o ile a hlōla lebotho la Morena Harold oa Engelane, ea ileng a bolaoa. Ka Keresemese ea 1066, William, eo hamorao a ileng a tsejoa ka hore ke Mohlōli, o ile a behoa boreneng Ntlong ea Baitlami e Westminster, London. Lintho li ne li tla tsamaela Manyesemane joang pusong ea morena eo e mocha?

Phuputso e Khōlō

Morena William I o ile a hlasela karolo e ka leboea ea naha ’me a siea libaka tse ngata li se na baahi. Trevor Rowley eo e neng e le morupeli Univesithing ea Oxford, o ile a ngola a re: “Esita le ho latela litekanyetso tsa boqaba tsa mehleng eo, ‘ho hlasela ha hae karolo e ka Leboea’ (ka 1068-70) ho tlameha ho ne ho nkoa e le bokhopo.” Puso ea William e ne e tsoheloa matla khafetsa, ’me lebotho la hae la masole a ka bang likete tse leshome kapa ka tlaasenyana ho moo, le ne le phela har’a batho ba tletseng bora ba ka bang limilione tse peli. Qetellong, Manormane a ile a haha liqhobosheane tse fetang 500 naheng eo—’me e tummeng ka ho fetisisa ke Tora ea London.

Ka December 1085, lilemo tse 19 ka mor’a hore a hlasele Engelane, William o ile a qeta matsatsi a mahlano le lekhotla la hae Gloucester, Engelane, ba rera ho lekola naha eo, empa ba sa akarelletse London le Winchester. Mathoasong a selemo se latelang, ho ile ha romeloa manģosa a morena libakeng tse supileng ho ea batla boitsebiso ho baemeli ba litereke le ho hlahloba moruo oa naha eo.

Morena o ne a lokela ho bokella chelete e le hore a lefe masole a lebothong la hae. O ne a boetse a lokela ho ahlola linyeoe tsa batho ba loanelang litša. Ha a ne a ka finyella lipakane tseo, o ne a tla netefatsa hore batho ba tsoang Normandy le likarolong tse ling tsa Fora ba fumana bolulo Engelane, ’me kahoo Manormane a ne a tla lula a le boemong bo phahameng.

“Domesday”

Nakoana ka mor’a hore Morena William a hape Engelane, o ile a fa bo-rakhoebo ba Manormane litša tsa bahlomphehi ba Manyesemane. Phuputso ea William ea Engelane e ile ea senola hore halofo ea matlotlo a naha eo e ne e le laoloa ke banna ba ka tlaase ho ba 200, ’me ho bona ba babeli e le Manyesemane. Manyesemane a mangata ho a 6 000 kapa ho feta moo a neng a hirile, a ne a se na boikhethelo haese hore a hire litša tseo pele ho 1066 e neng e le tsa ’ona, ha mafutsana le Manyesemane a mang a amohiloeng litša a ne a itšokolela.

Phuputsong eo ho ile ha tlalehoa litša tse nkiloeng ke Manormane ’me tsa ngolisoa ka molao. Ho ile ha boela ha nyolloa theko ea litša le ea matlo hammoho le ea libaka tse nang le meru le makhulo, e le ka sepheo sa ho lefisa lekhetho. Esita le liphoofolo ka bonngoe—tse kang pholo, khomo, kolobe—li ne li kenyelelitsoe phuputsong eo. Manyesemane a hateletsoeng a ile a tšoenngoa ke tlaleho eo hobane a ne a tseba hore a ke ke a khona ho etsa boipiletso. A ile a tšoantša tlaleho ea phuputso eo le “Letsatsi la Kahlolo,” kapa “Letsatsi la Tlokotsi.” Kahoo, ha nako e ntse e ea tlaleho eo e ile ea bitsoa Domesday Book.

Domesday Book e ne e ngotsoe ka Selatine meqolong e ’meli ea letlalo. Moqolo o moholo oa Domesday o sephara, ’me o na le likarolo tse 413; ha o monyenyane o le mochoporo ’me o na le likarolo tse 475.a E ne e e-s’o fele ha William a hlokahala ka 1087. Ho tlile joang hore ho bokelloe boitsebiso bo bongata hakaalo ka selemo se le seng feela?

Manormane a ile a nka boitsebiso bo nang le mabitso a beng ba litša le a batho ba hirileng, hammoho le litlaleho tsa lekhetho, litlalehong tsa ’muso oa Manyesemane. Manormane a ile a sebelisa boitsebiso boo ho batla litsela tse ncha tsa ho lefisa lekhetho ka hore a romele liofisiri seterekeng ka seng e le hore li etse lipatlisiso sechabeng.

Tlaleho eo Kajeno

Mehleng e Bohareng, ba boreneng ba ne ba atisa ho tsamaea ka Domesday Book. Qalong e ne e sebelisetsoa ho ahlola linyeoe tsa batho ba loanelang litša; leha ho le joalo, lekholong la bo18 la lilemo, moahloli ea tummeng oa Lenyesemane, e leng Sir William Blackstone o ile a e sebelisetsa ho etsa qeto ea hore na ke bahiri bafe ba nang le tokelo ea ho khetha. E ’nile ea behoa libakeng tse sa tšoaneng, empa hona joale e behiloe Sebakeng sa Sechaba sa Polokelo ea Litlaleho tsa United Kingdom.

E le ho tšoaea hore e qetile lilemo tse 900 e le teng, e ile ea ngoloa bocha ka 1986, ’me ea etsoa meqolo e mehlano. Litsebi le bo-rahistori ba ka fumana phetolelo ea eona e ntlafalitsoeng ea Senyesemane. Lekhotla la Khaso la Brithani le ile la bolela hore ke “tokomane ea motheo ea litlaleho tsa sechaba . . . le hore e ntse e fana ka bopaki ba hore na setša ke sa mang.” Ka 1958 e ile ea sebelisetsoa ho netefatsa hore motse o mong oa boholo-holo o na le tokelo ea ho tsamaisa ’maraka oa ’ona.

Baepolli ba lintho tsa khale ba ntse ba sebelisa Domesday Book, hore ba fumane libaka tseo Manyesemane a boholo-holo le Manormane a neng a lula ho tsona. E ntse e le mohloli o ikhethang oa boitsebiso o ralileng motheo oa tsoelo-pele ea sechaba sa Manyesemane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Moqolo o moholo oa Domesday o ne o thathamisitse likhutsufatso tsa litša tse lokelang ho lefelloa lekhetho, ha moqolo o monyenyane oa Domesday o ne o ngotse litša ka botlalo, ’me litša tseo ha lia ka tsa kenyelletsoa moqolong o moholo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

NTOA EA BOLUMELI EA WILLIAM

William o ile a khothalletsa mopapa hore a phatlalatse tlhaselo eo ea hae hore ke ntoa ea bolumeli, ’me a mo tšepisa hore o tla mo fa matla a eketsehileng a ho laola kereke ea Engelane e tsoileng tseleng. Mopapa o ile a lumela. Moprofesa David C. Douglas o re lena e ne e le “leqheka le bohlale” la William. Bukeng ea hae e bitsoang History of England, rahistori George M. Trevelyan ea tsebahalang, o re “tšehetso ea Mopapa le tlhohonolofatso ea hae e ile ea thusa ho koahela bosholu ba likhoka boo William a bo entseng e le hore bo bonahale eka ke ntoa ea bolumeli.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© The Bridgeman Art Library

[’Mapa o leqepheng la 22]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ENGELANE

LONDON

Hastings

English Channel

NORMANDY

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

Book: Mary Evans/​The National Archives, London, England

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela