Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/12 maq. 7-9
  • Botšepehi bo Tlisa Katleho ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi bo Tlisa Katleho ea Sebele
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molemo oa ho Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Khoebo ea Hao e Tla U Hloka Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Tšepahala—Ho Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 1/12 maq. 7-9

Botšepehi bo Tlisa Katleho ea Sebele

“Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”—Luka 12:15.

HO FUMANA chelete hoa hlokahala bophelong. Molimo o re file boikarabelo ba ho itlhokomela le ba ho hlokomela malapa a rōna.—1 Timothea 5:8.

Empa ho thoe’ng haeba ho fumana chelete le lintho tseo e ka li rekang e se e le habohlokoa ho feta feela ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong? Ho thoe’ng haeba u phelela ho etsa chelete? Batho bao ho fumana chelete e leng ntho e ka sehloohong ho bona, ba ka ba ba etsa bolotsana hore feela ba e fumane. Ba ka ’na ba hlokomela metsotso e se e jele babeli hore ha e le hantle, ho se tšepahale ho ba sitisa ho atleha. Ho feta moo, joalokaha Bibele e bolela, ho rata chelete ho bakela batho bohloko bo boholo.—1 Timothea 6:9, 10.

Hlokomela mehlala e latelang e mene ea batho ba hlalosang hore katleho hase feela taba ea ho ba le leruo le lengata.

Boitlhompho

“Lilemong tse ’maloa tse fetileng ke ile ka buisana le motho e mong ea neng a batla ho kenela inshorense ea bophelo e neng e ja limilione tsa lidolara. Phaello ea ka e ne e tla ba lidolara tse likete. O ile a mpolella hore ke lokela ho mo fa halofo ea phaello ea ka, haeba ke batla hore a kenele inshorense eo. Ke ile ka mo bolella hore seo a se kōpang se fosahetse ebile ha se molaong.

“Ke ile ka leka ho mo behela mabaka ka hore ke mo botse hore na o ne a ka lumela ho fana ka boitsebiso ba hae ba lekunutu le ba lichelete ho motho ea sa tšepahaleng. Ke ile ka boela ka mo bolella boemo ba ka le hore a ka ntetsetsa haeba a ntse a batla hore ke mo thuse ho kenela inshorense. Ha aa ka a khutlela ho ’na.

“Hoja ke ile ka lumela kōpo ea hae, botšepehi ba ka bo ka be bo ile ba senyeha ’me seriti sa ka joaloka Mokreste sa silafala. Mohlomong nka be ke fetohile lekhoba la batho ba mano ba batlang hore ke kene mekhoeng e bolotsana.”—Don, oa U.S.A.

Khotso ea Kelello

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se qalang sa makasine ena, Danny o ne a ka fuoa tjotjo e ngata haeba a ne a ka bua leshano ka bokhoni ba feme e neng e tlil’o ba rekisetsa thepa nakong e tlang. O ile a sebetsana le boemo boo joang?

“Ke ile ka leboha mookameli oa feme eo ka ho nkamohela ka mofuthu le ka lijo tsa motšehare, eaba ke khutlisetsa enfelopo e tšetseng chelete ho eena. O ile a tsoela pele ho mphehella, a ba a bolela hore haeba re ka amohela hore feme ea bona e re rekisetse thepa, o ne a tla eketsa tjotjo. Ke ile ka hana.

“Haeba ke ne ke ile ka amohela chelete eo, ke ne ke tla lula ke le matsoalong a hore ke se ke ka fumanoa. Hamorao, ka tsela e itseng taba ena e ile ea fihla litsebeng tsa mookameli oa ka. Ke ne ke thabile ke bile ke lokolohile hobane ke tseba hore ha kea etsa letho le bolotsana. Lengolo la Liproverbia 15:27 le ile la tla kelellong ea ka le reng: ‘Ea etsang phaello e sa lokang o tlisetsa ntlo ea hae khathatso, empa ea hloileng limpho [kapa tjotjo] o tla ’ne a phele.’”—Danny, oa Hong Kong.

Lelapa le Thabileng

“Ke sehahi se itšebetsang. Ho na le menyetla e mangata haholo ea ho qhekella batho bao re ba sebeletsang kapa ho qoba ho lefa lekhetho. Empa ’na le lelapa la ka re ruile molemo ka lebaka la boikemisetso ba rōna ba ho lula re tšepahala.

“Motho o lokela ho tšepahala likarolong tsohle tsa bophelo, eseng feela ha a le mosebetsing kapa khoebong. Ho tseba hore monna kapa mosali oa hao a ke ke a lahla melao ea Molimo ea ho tšepahala, ho etsa hore lelapa le tšepane haholoanyane. Molekane oa hao o ikutloa a sireletsehile ha a tseba hore u tšepahala ka linako tsohle, eseng feela ha maemo a lumela.

“Ho ka etsahala hore u be le k’hamphani e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng empa leha ho le joalo, u hlōlehe ho rarolla mathata a lelapa. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, kea hlokomela hore ho latela melao-motheo ea Bibele ho etsa hore ke phele ka tsela e leka-lekaneng. Ke ba le nako ea ho thaba hammoho le ba lelapa la ka, ho e-na le ho lelekisa lintho tsa lefatše lena le laoloang ke lerato la chelete le meharo.”—Durwin, oa U.S.A.

Kamano e Ntle le Molimo

“Mosebetsi oa ka o akarelletsa ho rekela k’hamphani ea rōna thepa. Ka linako tse ling, batho bao re rekang thepa ho bona ba ee ba etse tlhahiso ea hore, ho fapana le hore ba fe k’hamphani ea rōna theolelo e feletseng, ba tla fa ’na karolo e itseng ea chelete bakeng sa lintho tseo k’hamphani e li rekang. Empa ka ho etsa joalo, ke ne ke tla be ke utsoetsa k’hamphani ka tsela e itseng.

“Ke fumana moputso o fokolang, ’me chelete eo e ne e ka nthusa ho koala mabaka. Empa ha ho letho le ka bapisoang le ho ba le letsoalo le hloekileng esita le ho amoheloa ke Jehova Molimo. Kahoo linthong tsohle tse amanang le khoebo, ke latela molao-motheo oa Bibele o fumanoang ho Baheberu 13:18 o reng: ‘Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.’”—Raquel, oa Philippines.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Melao-motheo ea Khoebo e Etsoang ka Botšepehi

Melao le litekanyetso tsa batho litabeng tsa khoebo li fapana ho ea ka libaka. Leha ho le joalo, Bibele e ka sebelisoa e le motheo oa melao-motheo eo motho a lokelang ho e sebelisa ha a etsa liqeto. Khoebo e etsoang ka botšepehi e na le melao-motheo e tšeletseng e latelang:

Ho bua ’nete

Molao-motheo: “Le se ke la bolellana leshano.”—Bakolose 3:9.

Ho ba motho ea ka tšeptjoang

Molao-motheo: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.”—Matheu 5:37.

Ho ba le botumo bo botle

Molao-motheo: “U se ke ua senola lekunutu la e mong.”—Liproverbia 25:9.

Ho tšepahala

Molao-motheo: “U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng.”—Exoda 23:8.

Ho hloka leeme

Molao-motheo: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

Ho etsa lintho tse molaong

Molao-motheo: “Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho.”—Baroma 13:7.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Kamoo U ka Lulang U Tšepahala Khoebong

● Tseba Hore na Lintho Tsa Bohlokoa ke Life. Ka mohlala, ntho ea bohlokoa haholo ke efe ho uena, na ke ho bokella leruo kapa ke ho ba le kamano e ntle le Molimo?

● Etsa Qeto Esale Pele. Nahana ka maemo a ka ’nang a u thatafalletsa hore u tšepahale ’me u rere hore na u tla etsa’ng.

● Tsebisa ba Bang Boemo ba Hao. Ha u qala ho kena khoebong le ba bang, ka bohlale ba tsebise melao-motheo eo u phelang ka eona.

● Batla Thuso ho ba Bang. Ha u tobana le teko kapa u tobana le mathata ka lebaka la seo u se lumelang, kōpa keletso ho motho e mong ea phelang ka melao-motheo e tšoanang le ea hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Haeba u tšepahala, u tla ba le khotso ea kelello

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela