Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/12 maq. 21-23
  • Ke Hobane’ng ha ke Buile Joalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Buile Joalo?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HOBANE’NG HA HO ETSAHALA
  • SEO U KA SE ETSANG HA LELEME LE THELLA
  • KAMOO U KA LAOLANG LELEME
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Petrose o Latola Jesu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 1/12 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa

Ke Hobane’ng ha ke Buile Joalo?

Sehlooho sena se tla u thusa ho tseba

LEBAKA leo ka linako tse ling u buang lintho tse fosahetseng

SEO U KA SE ETSANG haeba u bua lintho tseo u sa lokelang ho li bua

KAMOO U KA laolang leleme la hao kateng

“Hangata ke khona ho laola leleme, empa ka linako tse ling ke bua lintho tseo ke sa lokelang ho li bua, ebe ke lakatsa eka lefatše le ka buleha ke kene!”—Chase

“Ka linako tse ling ke bua lintho tseo e ka ’nang eaba ha batho ba bang ba li utloa, ba nahana hore ho ka be ho bile molemo hore ke li buele ka pelong . . . Ebe kea soaba!”—Allie

HOBANE’NG HA HO ETSAHALA

Lengolo la sehlooho: “Haeba motho a sa khoptjoe puong, eo ke motho ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2, Good News Translation) Lengolo lee le bolela’ng? Ha ho na motho ea ka laolang leleme la hae ka ho feletseng. Batho ba bangata ba kile ba ba boemong bo tšoanang le ba Annette,a ea bolelang hore ka linako tse ling o iphumana a bua lintho tseo a tsebang hantle hore ha aa lokela ho li bua.

Pale ea sebele: “Motsoalle oa ka e mong o ile a kōpa hore ke mo fe liaparo tse ling tsa ka tseo ke neng ke li lahla. Ke sa nahane letho ke ile ka re ho eena, ‘Ha ke nahane hore li tla u lekana.’ A re: ‘U re’ng? U nahana hore ke nonne?’”—Corrine.

E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling u ka ’na ua hlōleha ho laola leleme, leka lintho tse latelang.

● Tseba hore na u fokola hokae.

․․․․․ Ke atisa ho bua ke halefile

․․․․․ Ke atisa ho bua ke sa nahane

․․․․․ Ke atisa ho bua feela empa ke sa ele hloko seo e mong a se buang

․․․․․ Tse ling ․․․․․

Mohlala: “Ke na le bothata ba ho etsa metlae haholo, ’me ka linako tse ling batho ba nka lintho tseo ke li buang hampe.”—Alexis.

● Lemoha hore na u atisa ho bua feela ha u e-na le mang.

․․․․․ Motsoali

․․․․․ Ngoan’eno

․․․․․ Motsoalle

․․․․․ Motho e mong ․․․․․

Mohlala: Christine ea lilemo li 20 o re: “Ntho e nkutloisang bohloko ke hore, batho bao ke ba ratang ke bona bao hangata ke ba utloisang bohloko ke sa lemohe. Ke nahana hore ke hobane ke phutholoha haholo ha ke e-na le bona hoo ke qetellang ke bua feela.”

SEO U KA SE ETSANG HA LELEME LE THELLA

Lengolo la sehlooho: ‘Phehellang lintho tse tlisang khotso.’ (Baroma 14:19) Tsela e ’ngoe eo u ka latelang keletso ena ka eona, ke ka ho kōpa tšoarelo.

Pale ea sebele: “’Mè oa ka o ile a hlokahala ke e-na le likhoeli tse leshome, ’me Ntate ke ne ke sa mo tsebe, kahoo ke ile ka hōlisoa ke Nkhono le Ntate-moholo. Ka letsatsi le leng, ha ke le lilemo tse ka bang 10 kapa 11, ke ne ke ikutloa ke hlorile ke bile ke halefile hore ebe ’Mè o hlokahetse, ’me ke ne ke utloa ke batla ho beha motho e mong molato. Kahoo ha Nkhono a nkōpa hore ke mo thuse ka ntho e itseng, ke ile ka mo araba ka bohale ke bile ke phahamisitse lentsoe; ’me ka qetella ke itse, ‘Ke u hloile, ha u ’mè oa ka’. Nkhono o ile a utloa bohloko. Eaba o mathela kamoreng ea hae, o koala lemati, ’me ka utloa a lla. Ke ile ka ikutloa hampe. O ’nile a ntlhokomela le ho nketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ’na ka mo tšoara hampe. Ntate-moholo o ile a buisana le ’na ka se neng se etsahetse, ’me a mpontša mangolo a buang ka ho laola leleme. Ka mor’a moo, ke ile ka kōpa tšoarelo ho Nkhono. Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke fositse.”—Karen.

Ka tlaase mona, ngola lebaka le le leng le ka ’nang la etsa hore u thatafalloe ho kōpa tšoarelo.

․․․․․

Ke hobane’ng ha ho kōpa tšoarelo ho ka ’na ha u etsa hore u ikutloe hamolemo?

․․․․․

Ntlha e thusang: Nahana ka melao-motheo e fumanoang ho Liproverbia 11:2 le ho Matheu 5:23, 24.

Ho hlakile hore ho molemo ho qoba ho khopisa ba bang, e le hore ho se ke ha hlokahala hore u kōpe tšoarelo. U ka etsa seo joang?

KAMOO U KA LAOLANG LELEME

Lengolo la sehlooho: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Bona litlhahiso tsena tse tla u thusa hore u sebelise keletso eo.

Bala mangolo a latelang, ’me u matahanye lengolo le ntlha e lumellang le lona.

Liproverbia 12:16 □

Liproverbia 17:14 □

Liproverbia 26:20 □

Moeklesia 7:9 □

Bafilipi 2:3 □

1 “U se ke ua inka u le motho oa bohlokoa haholo; ha u etsa joalo, u ke ke ua khopiseha habonolo.” —Danette.

2 “Ke otlolla maoto. Seo se mpha monyetla oa ho ba mong ka nakoana le hore ke fumane nako ea ho kokobetsa maikutlo.”—Brielle.

3 “Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke atisa ho nahana hore ke lokela ho pheha khang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ke ithutile hore ke se ke ka khopeha le feela.”—Celia.

4 “Haeba motho e mong a omana empa u sa mo arabise, motho eo o tla qetella a khathala hobane ho se na ea mo arabang. E-ba le mamello. U se ke ua roteletsa mollo.”—Kerrin.

5 “Ka linako tse ling ke ee ke ikutloe ke halefetse motho ea itseng. Ke nahana ho mo bolella hore tsebe li tlale. Empa ho leta ho nthusitse ho hlokomela hore ke batlile ke bua lintho tse se nang thuso. Ke ithutile hore, ha kea lokela ho potlakela ho nka khato.”—Charles.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Allie—Pele ke bua ntho e itseng, ke ipotsa lipotso tse kang: ‘Na see se tla ntlafatsa boemo? Seo ke se buang se tla ama motho eo ke buang le eena joang?’ Haeba u e-na le khoao mabapi le seo u batlang ho se bua, ho molemo hore u se ke ua se bua.

Chase—Haeba ke batla ho bua ntho e itseng, ke leka ho nahana kamoo e tla ama batho ba mpotolohileng kateng. Ke nahana hore ha ke ntse ke hōla, ke khona ho laola leleme haholoanyane. Motho o ithuta ho tsoa phihlelong.

[Lebokose le leqepheng la 23]

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Kaha ha ho na motho ea phethahetseng—joalokaha Jakobo a ngotse, “re khoptjoa hangata”—buisana le batsoali ba hao ka hore na ba ile ba tobana le mathata afe tabeng ea ho laola leleme.—Jakobo 3:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

“Hang ha u ka ntša sesepa se hlatsoang meno ka chupung, u ke ke ua khona ho se busetsa ka ho eona. Ho etsahala se tšoanang le ka lipuo tsa rōna. Haeba re buile ntho e itseng e utloisang bohloko, re ke ke ra e khutlisetsa morao.”—James.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela