Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/12 maq. 10-11
  • Motse o Ikhethang o Entsoeng ka Pampiri

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motse o Ikhethang o Entsoeng ka Pampiri
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Hohela Bo-rahistori
  • Ba Ile ba Thaba Europe Bochabela
    Tsoha!—1992
  • A re Etsiseng Kreste
    Binelang Jehova le Thabile
  • Sehlooho sa Puisano
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ba Ile ba Hlolloa ke Seo ba Ileng ba se Bona
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 2/12 maq. 10-11

Motse o Ikhethang o Entsoeng ka Pampiri

U KA ’NA ua re ‘motse o entsoeng ka pampiri?’ E, empa hase oa sebele, ke motse o monyenyane o iketselitsoeng. Motse ona ke Prague, e leng motse-moholo oa Czech Republic, ’me o bolokiloe Musiamong oa Masepala oa Prague. Moahi oa oona ke Antonín Langweil, ea qetileng lilemo tse 11 a o etsa, ho tloha ka 1826 ho ea ho 1837, e leng selemo seo a hlokahetseng ka sona. Ke eng e ileng ea susumelletsa Langweil hore a qale mosebetsi o boima hakaalo?

Langweil o hlahile ka selemo sa 1791, motseng oa Postoloprty oo kajeno o tsejoang ka hore ke Czech Republic. Ka mor’a ho ithuta mokhoa oa ho hatisa ka poleiti sekolong sa thuto e phahameng sa bonono sa Vienna, Austria, o ile a bula setsi sa pele Prague moo a neng a ruta batho mokhoa ona oa ho hatisa. Leha ho le joalo, ha aa ka a atleha khoebong kahoo khoebo ea hae e ile ea oa. Ka selemo sa 1826, ha a ne a etetse moo batho ba bontšang mesebetsi ea bona Prague, o ile a bona motse o iketselitsoeng ka samente oa Paris, Fora. A susumelitsoe ke seo a se boneng, Langweil o ile a etsa qeto ea ho haha Prague ea maiketsetso a sebelisa k’hateboto le lehong le seng le kae.

Leha ho le joalo, qalong Langweil o ile a qeta lilemo tse ’maloa a ngola ka hloko lintlha tse itseng ka Prague. O ile a tsamaea seterata se seng le se seng, a toroea ka hloko mehaho, libenche tsa serapa sa boikhathollo, matlo a manyenyane, liemahale hammoho le lifate. O ile a ba a kenyelletsa le meqomo eo a e boneng fatše, lifensetere tse pshatlehileng, leri e itšetlehileng leboteng le lehong le pakiloeng! Joale a qala ho haha motse ona oa maiketsetso o fokolitsoeng ka makhetlo a 480 ha o bapisoa le oa sebele. E le hore a eketse chelete e nyenyane eo a neng a e fumana, o ne a boetse a etsa matlo a maiketsetso a bahlomphehi.

Ka 1837, Langweil o ile a tšoaroa ke lefuba ’me a hlokahala ka June selemong sona seo, a siea mosali le barali ba bahlano. Lilemo tse tharo hamorao, motse ona oa hae oa maiketsetso, o ile oa isoa Musiamong o bontšang lintho tse amanang le Bochaba o seng o bitsoa Musiamo oa Sechaba. Ho tlile joang hore o isoe moo? Ka 1840, mosali oa Langweil oa mohlolohali o ile a kōpa ho o rekisetsa Moemphera Ferdinand I, ea ileng a o reka ’me a fana ka oona ka ho rata ho seo kajeno e leng musiamo oa sechaba oa Czech Republic. O ile oa fihla o kentsoe ka mabokoseng a robong. Hamorao ’muelli oa Musiamo oa Motse oa Prague e leng moo motse ona oa maiketsetso o lulang teng o ile a re: “Motse ona oa Langweil o ne o bapatsoa ka linako tse ling lekholong la bo-19 la lilemo. Ka 1891 o ile oa ba har’a tse ling tsa lintho tse neng li bontšoa Lipontšong Tsa Jubilee Tsa Profinse. E le ho bontša bohlokoa ba ketsahalo eo, ho ile ha sebelisoa chelete e ngata e le hore o nchafatsoe. . . Ka 1905 motse ona o ile oa tsoela pele o behiloe Musiamong oa Sechaba o bontšang pokello ea lintho tsa khale.”

O Hohela Bo-rahistori

Motse oa Langweil o entsoeng ka pampiri o tsejoa haholo. Motse ona o bolelele ba limithara tse 3,24 le bophara ba limithara tse 5,76, o kentsoe ka har’a lebokose la khalase ’me o khantšitsoe ka mabone a manyenyane a mangata a kentsoeng ka har’a lona. “Motse” ona o bonahala eka ke oa sebele hoo ha u o shebile u ka lebalang hore ke oa maiketsetso! Ka sebele ha Langweil a ne a etsa matlo a manyenyane a fetang likete tse peli, o ile a etsa e ’ngoe le e ’ngoe ea ’ona ka ho nepahala ho hlollang.

Ka mohlala, Langweil o ile a ngola linomoro matlong ao a manyenyane. O ile a etsa le mabone a seterateng, likotopo tsa metsi le majoe a chitja a katang fatše. O ile a etsa likereke le lifensetere tsa tsona tse mebala-bala—ho akarelletsa le tse pshatlehileng, hantle feela ka tsela eo li neng li le ka eona. Libakeng tse ling tseo ho tsona mabota a matlo a neng a khephohile, motse oa hae oa maiketsetso o bontša litene tse ka hare. O ile a boela a etsa Nōka ea Vltava e tsoelipanang le motse oa Prague.

Kajeno, motse ona oa Langweil oa maiketsetso hase feela mosebetsi oa matsoho o babatsehang empa o boetse o hohela batho ba ratang mosebetsi oa matsoho le bo-rahistori ba batlang ho bona kamoo motse oa Prague o fetohileng kateng. Ka ho utloahalang, libaka tse ling tsa motse ona ha li sa tšoana le kamoo Prague e leng kateng kajeno, hobane li ile tsa tsosolosoa kapa tsa nchafatsoa, haholo-holo sebakeng seo ho lulang Bajuda ho sona le karolong e ’ngoe ea Prague e bitsoang Toropo ea Khale. Ka thuso ea theknoloji motse ona oa Langweil oa maiketsetso o se o kentsoe k’homphieutheng moo baeti ba ka khonang ho bona Prague ea 1837.

Ka April 1837, Langweil ea neng a se a kula o ile a kōpa hore motse oa hae o behoe Musiamong o bontšang lintho tse amanang le Bochaba, empa kōpo ea hae ha ea ka ea amoheloa. E tlameha ebe o ile a soetseha hakaakang! Empa ak’u mo nahane a etetse musiamo ona kajeno kapa a shebile motse oa hae oa Prague ea khale k’homphieutheng. Ha ho pelaelo hore o ne a tla hlokomela hore mosebetsi o boima oo a ileng a o etsa e ne e se oa lefeela.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Antonín Langweil

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Motse oa Prague oo Langweil a o entseng ka pampiri

[Setšoantšo se maqepheng a 10, 11]

Motse o entsoeng ke Langweil ha o atamelitsoe

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 10]

Page 10, Langweil: S laskavým svolením Národního muzea v Praze; pages 10 and 11, model photos: S laskavým svolením Muzea hlavního mesta Prahy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela