Pono ea bibele
“’Nete e Tla le Lokolla”—Ka Tsela Efe?
BATHO ba limilione ba nahana hore ba lokolohile, empa haele hantle ha ho joalo. Ka mohlala, ba bangata ke makhoba a litumela-khoela. Ba bang ba tšaba bafu, kahoo ba leka ho ba khotsofatsa ka ho ba etsetsa mekete ea boemo bo holimo. Ba bang bona ha ba tsebe hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa, ka lebaka leo ba tšaba lefu ka ho feteletseng. Na batho ba joalo ba ka lokolloa linthong tsee tse ba imelang kelellong, maikutlong le licheleteng? E! Joalokaha mantsoe a Jesu Kreste a qotsitsoeng sehloohong a bontša, ’nete ke eona feela e ka re lokollang. Empa ke ’nete efe e ka re lokollang? Na ho buuoa ka ’nete ka kakaretso kapa ho buuoa ka mofuta o itseng ka ho khetheha?
Jesu o ile a hlakisa taba ena hantle. O ile a re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, . . . le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) “Lentsoe” la Jesu, e leng lithuto tsa hae, li fumaneha ka Bibeleng.
Ha Jesu a ne a re “’nete e tla le lokolla,” ha e le hantle o ne a bua ka ho lokolloa sebeng le lefung. Leha ho le joalo, ho tseba ’nete ea Lentsoe la Molimo ho boetse ho re lokolla linthong tse kang litumela-khoela, ho tšaba bafu le ho tšaba lefu ka ho feteletseng. Ka tsela efe?
1. Ho lokolloa litumela-khoeleng. Batho ba bangata ba lumela hore lintho tse itseng kapa linomoro li tla ba tlisetsa bomalimabe. Ba bang ba qoba ho etsa liqeto tsa bohlokoa pele ba fumana pontšo ea se tla ba etsahalla, kapa pele ba sheba naleli ea bona kapa ba ea ho motho ea buisanang le meea.
Kamoo ’nete ea Bibele e lokollang kateng: Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, esita le barapeli ba Molimo ba ile ba lumela litumela-khoeleng ho isa bohōleng ba hore ba rapele “molimo oa Mahlohonolo” le “molimo oa Bokamoso bo Reriloeng Esale Pele”! Jehova Molimo o ile a ikutloa joang ka see? O ile a re: “Le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka.” (Esaia 65:11, 12) Molimo o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ka batho ba neng ba batla keletso ho ba buisanang le bademona, o ile a re: “Leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea . . . ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:11, 12.
Litumela-khoela le ho sebelisana le meea ho kotsi hobane ke “maqiti a Diabolose” eo Jesu a ileng a mo bitsa hore ke “ntate oa leshano.” (Baefese 6:11; Johanne 8:44) Haeba u ne u batla keletso ka taba e itseng ea bohlokoa, na u ne u tla e batla ho motho ea leshano? Le hanyenyane! Kahoo, u tla be u le bohlale haeba u qoba ntho leha e le efe e ka u kopanyang le “ntate oa leshano.”
Ntho e ka re thusang hore re etse liqeto tse molemo bophelong ke bohlale boo re bo fumanang tsebong e nepahetseng ea Bibele le ho tseba seo Molimo a se reretseng batho. Liproverbia 2:6 e re: “Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”
2. Ho lokoloha ho tšabeng bafu. Batho ba bangata ba lumela hore “meea” ea baholo-holo ba shoeleng e ka susumetsa batho ba phelang. Ba nahana hore “meea” ena, e lokela ho khotsofatsoa ka ho etsetsoa mekete le ho hlabeloa, e le hore e se ke ea halefa. Ka lebaka la seo, batho ba bang ba kena tloara! likolotong e le hore ba etse mahlabelo le mekete ea boemo bo holimo.
Kamoo ’nete ea Bibele e lokollang kateng: Bibele e re bolella ’nete ka boemo ba bafu. Ka mohlala, Jesu o ile a re bafu ba ‘robetse.’ (Johanne 11:11, 14) O ne a bolela’ng ka see? Karabo e fumanoa lengolong la Moeklesia 9:5: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Ka sebele ho joalokaha eka bafu ba borokong bo tebileng, ho hang ha ba tsebe letho. Ha e le hantle, ha ba sa le eo, kahoo ba ke ke ba re thusa kapa ba re ntša kotsi.
Leha ho le joalo batho ba bang ba bolela hore ba buisane le bafu. Seo se ka etsahala joang? Bibele e boetse ea araba. E re bolella hore qalong ea histori ea batho, mangeloi a mang a ile a fetohela Molimo. (2 Petrose 2:4) Mangeloi ana a khopo a leka ho qhekella batho, ’me a bitsoa bademona. (1 Timothea 4:1) Tsela e ’ngoe eo ba qhekellang batho ka eona ke ea ho iketsa eka ke batho ba shoeleng, ebe ba hōlisa leshano la hore bafu baa phela ka sebōpeho se seng kapa sebakeng se seng.
3. Ho lokolloa ho tšabeng lefu ka ho feteletseng. Ka sebele lefu ke sera, feela joalokaha Bibele e bolela. (1 Bakorinthe 15:26) Ka lebaka leo, hoa utloahala hore ebe rea le tšaba, ebile re leka ho le qoba. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re tšabe lefu ka ho feteletseng.
Kamoo ’nete ea Bibele e lokollang kateng: Bibele ha e re senolele feela ’nete ka boemo ba bafu, empa e boetse e re bolella hore Molimo o rerile ho tsosa bafu. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [la Kreste] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
Ba tla “tsosoa” ka sebōpeho sefe? Jesu o ile a re bontša mohlala oa seo ha a ne a tsosa batho ba ’maloa lefung. Ketsahalong ka ’ngoe, motho ea tsositsoeng o ne a tsoha e le motho—ka tsela eo a neng a le ka eona pele a e-shoa. (Mareka 5:35-42; Luka 7:11-17; Johanne 11:43, 44) Taba ena e lumellana le lentsoe “tsoho,” le bolelang “ho ema.” Ha Molimo a bua le mohlanka oa hae ea neng a se a hōlile e leng Daniele, o ile a re: “U tla phomola [kapa u tla robala lefung], empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.” (Daniele 12:13) E tlameha ebe mantsoe ao a ile a tšelisa Daniele hakaakang, a mo etsa hore a se ke a tšaba lefu ’me a be le tšepo!
Le leng la mabaka ao Jesu a neng a a tletse lefatšeng, e ne e le hore a “bolelle baholehuoa tokollo,” e leng batho ba tšoasehileng litumelong tsa bohata. (Luka 4:18) Kaha lithuto tsa hae li fumanoa ka Bibeleng, li tsoela pele ho lokolla batho letsatsi le letsatsi. Re na le tšepo e tiileng ea hore ’nete ea Bibele e tla u lokolla ka ho sa feleng.
NA U KILE UA IPOTSA?
’Nete ea Bibele e re lokolla ka tsela efe
● litumela-khoeleng?—Esaia 8:19, 20; 65:11, 12.
● tšabong ea bafu?—Moeklesia 9:5; Johanne 11:11, 14.
● tšabong ea lefu?—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
’Nete ea Bibele e lokolla batho litumela-khoeleng, tšabong ea bafu le ho tšabeng lefu ka ho feteletseng