Na e Entsoe?
Karolo e ka Holimo ea Lepheo le Monyang Metsi la Namib Beetle
● Batho ba ka bang limilione tse 900 lefatšeng ka bophara, ha ba na metsi a loketseng ho nooa. Libakeng tse ngata, basali le bana ke bona ba tsamaeang maeto a malelele e le hore ba il’o kha metsi ao ba a sebelisang malapeng. Shreerang Chhatre, e leng moenjiniere Setsing sa Theknoloji sa Massachusetts o re: “Ke nahana hore ke ntho e mpe hore ebe batho ba kojoana li mahetleng ba lokela ho tsamaea lihora tse ngata ka letsatsi, hore feela ba fumane ntho ea bohlokoa bophelong.” E le hore ba rarolle bothata bona, Chhatre le basebetsi-’moho le eena ba ntse ba etsa liphuputso tsa kamoo batho ba ka fumanang metsi kateng moholing, ’me ba ithuta mokhoa oo ho Namib beetle.
Ak’u nahane: Hoseng ho hong le ho hong, ho ba le moholi lehoatateng la Namib le Afrika. Namib beetle e nka monyetla ka moholi oo o bang teng ka nakoana ka hore e eme e shebile moeeng e le sebakeng se nepahetseng.a Maqhutsu a karolong e ka holimo ea mapheo a eona, a entsoe ka tsela e etsang hore a khone ho monya moholi oo. Moholi oo oa bokellana ebe o etsa marotholi a maholo. Matla a khoheli a qala ho sebetsa, ’me a thusoa ke liforo tse pakeng tsa maqhutsu tseo metsi a fetang feela ho tsona, marotholi ao a matha liforong tse mapheong ao ’me a kene molomong.
Chhatre le basebetsi-’moho le eena, ba batla ho sebelisa mokhoa o tšoanang e le hore ba bokellele batho metsi a nooang. Ke ’nete hore batho ba hloka metsi a mangata ho feta a hlokoang ke Namib beetle. Ho lefella mokhoa ona ke bothata bo boholo. Chhatre o re: Hajoale, ho bokellela batho metsi ho sebelisoa moholi ke “morero o ntseng o tsoela pele.”
U nahana’ng ka see? Na karolo e ka holimo ea lepheo le monyang metsi la Namib beetle e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mefuta e meng ea kokoanyana ena e ’nile ea bonoa e sebelisa mokhoa o tšoanang oa ho bokella metsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Marotholi a metsi a ipōpa ebe a mathela molomong oa kokoanyana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]
Photo: Chris Mattison Photography/photographersdirect.com