Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/12 maq. 10-11
  • Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tloaelo e Etsoang Lefatšeng ka Bophara
  • Na U Lokela ho Botsa Bafu?
  • Ba Buisana le Bo-mang?
  • Tšebelisano le Meea
    Tsoha!—2014
  • Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Ba Hlile ba Buisana le Bafu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tšebelisano le Meea e Mebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 6/12 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?

HAESALE batho ba lumela hore bafu ba ka khona ho tataisa batho ba phelang. Pale ea khale e ngotsoeng ke mongoli oa Mogerike e leng Homer e buang ka Odysseus eo hape a tsejoang e le Ulysses, e bontša hore batho ba ne ba lumela seo. Mohale enoa eo Homer a buang ka eena tšōmong ea hae, o ne a sa tsebe hore na a ka khutlela sehlekehlekeng sa habo sa Ithaca joang, kahoo o ile a ea lefatšeng la bafu ho ea bua le senohe se shoeleng.

Batho ba bangata ba ile ho ba buisanang le meea, ba robala mabitleng a baholo-holo ba bona hape ba etsa mekete e le hore ba khotsofatse batho ba shoeleng, e le ha ba nahana hore ba tla fumana likarabo tsa lipotso tse thata tseo ba nang le tsona. Na ka sebele hoa khoneha ho fumana tataiso ho bafu?

Tloaelo e Etsoang Lefatšeng ka Bophara

Malumeli a mangata a ka sehloohong a ruta hore hoa khoneha ho bua le bafu. Encyclopedia of Religion e re, “tsebo kapa tloaelo ea ho ipiletsa ho meea ea batho ba shoeleng ke tsela e ’ngoe ea bonohe.” E tsoela pele ka ho re tloaelo ena e etsoa “lefatšeng ka bophara.” New Catholic Encyclopedia e lumellana le sena ha e re “tloaelo ena ea ho buisana le bafu e etsoa ka litsela tse sa tšoaneng lefatšeng ka bophara.” Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba bang ba tšepahallang bolumeli ba lekile ho fumana tsebo ho bafu!

New Catholic Encyclopedia e re, “le hoja ho buisana le meea ho ne ho nyatsuoa ka ho feletseng ke Kereke, ho buuoa ka tloaelo ena khafetsa litlalehong tsa Mehleng e Bohareng le ea Tsosoloso Linaheng Tsa Europe.” Bibele e re’ng tabeng ee?

Na U Lokela ho Botsa Bafu?

Nakong e fetileng Jehova Molimo o ile a laela batho ba hae a re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea botsang bafu.” (Deuteronoma 18:9-13) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ba thibela ho buisana le bafu? Haeba ho ne ho khoneha hore batho ba phelang ba buisane le bafu, na e ne e ke ke ea e-ba ntho e lerato hore Molimo a re lumelle ho buisana le bona? Ha e le hantle batho ba ke ke ba khona ho buisana le bafu. Re tseba seo joang?

Khafetsa Mangolo a ruta hore bafu ha ba utloe. Nahana ka lengolo la Moeklesia 9:5 le reng: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Pesaleme ea 146:3, 4, e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena. Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.” Moprofeta Esaia le eena o ile a re batho ba shoeleng “ha ba na matla lefung.”—Esaia 26:14.

Batho ba bangata ba lumela hore ho sebelisana le meea ho ba thusitse hore ba khone ho buisana le barutuoa ba bona ba shoeleng. Liketsahalo tse joalo li tloaelehile kahoo ho hlakile hore batho ba bangata ba ile ba buisana le motho e mong ea tsoang sebakeng sa meea. Joalokaha mangolo a ka holimo a bontšitse ha baa buisana le bafu. Kahoo ba buisane le bo-mang?

Ba Buisana le Bo-mang?

Bibele e senola hore bara ba Molimo ba moea ba ile ba fetohela Moetsi oa bona ’me ea e-ba bademona. (Genese 6:1-5; Juda 6, 7) Bademona bana ba ntšetsa pele leshano la hore batho ba tsoela pele ho phela ka mor’a lefu. E le hore batho ba tsoele pele ba lumela leshano leo, bademona ba iketsa eka ke batho ba shoeleng ka ho buisana le batho ba phelang.

Bibele e bolela hore ka mor’a hore Jehova a lahle Morena Saule oa Iseraele ka lebaka la ho se mamele, Saule o ile a leka ho buisana le moprofeta Samuele ea shoeleng ka ho ea ho motho ea buisanang le meea. Saule o ile a fumana molaetsa o tsoang sebakeng sa meea eseng ho Samuele. Ha e le hantle, Samuele o ile a hana ho bua le morena eo ’me o ne a sa sebelisane le meea. Saule o ile a buisana le modemona ea neng a ikentse eka ke Samuele.—1 Samuele 28:3-20.

Bademona ke lira tsa Molimo ’me ho sebelisana le bona ho kotsi. Ka lebaka leo, Mangolo a re laela tjena: “Le se ke la retelehela ho ba buisanang le meea, ’me le se ke la batla keletso ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele, hore le silafatsoe ke tsona.” (Levitike 19:31) Lengolo la Deuteronoma 18:11, 12 lea re lemosa: ‘Leha e le mang ea botsang bafu o etsa ntho e manyala ho Jehova.’ Ka sebele, e ’ngoe ea liketso tsa ho se tšepahale tse entseng hore Jehova a bolaee Morena Saule ke hobane Saule o ile a “kōpa ea buisanang le meea hore a e botse.”—1 Likronike 10:13, 14.

Kahoo, ke mang eo u lokelang ho ea ho eena ha u batla tataiso e molemo ka ho fetisisa ha u tobane le lipotso le liqeto tse rarahaneng? Mangolo a hlalosa Jehova Molimo e le ‘Morupeli e Moholo.’ Haeba uena le batho bao u ba ratang le batla keletso Lentsoeng la Molimo e leng Bibele, ’me le sebelisa seo e le rutang sona, ho tla ba joaloka ha eka ‘litsebe tsa lōna li utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”’ (Esaia 30:20, 21) Le hoja kajeno Bakreste ba sa lebella ho utloa lentsoe la Molimo oa ’nete ka ho toba, a ka ba tataisa ka Bibele. Ka sebele ho joalokaha eka Jehova o re: ‘E re ke u tataise.’

NA U KILE UA IPOTSA?

● Molimo o ikutloa joang ha re leka ho buisana le bafu?—Deuteronoma 18:9-13.

● Na bafu ba ka thusa batho ba phelang? Ke hobane’ng ha u araba joalo?—Moeklesia 9:5.

● Ke mang eo re lokelang ho batla tataiso ho eena?—Esaia 30:20, 21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela