Liketso Tse Mabifi li re Utloisa Bohloko
KE MANG ea e-s’o angoe ke liketso tse mabifi? Re li bona kamehla litlalehong tsa litaba. Re tšaba ho hlaseloa ka mabifi ha re le literateng le mesebetsing ’me bana le bona, ba tšaba ho hlaseloa ke bo-mpoli ha ba le sekolong. Esita le malapeng moo hangata batho ba ikutloang ba sireletsehile, ba limilione—haholo-holo basali—ba ikutloa ba sa sireletseha. Ha e le hantle, ho itšetlehile ka naha ka ’ngoe, basali ba etsang karolo ea 70 lekholong ba tlalehile hore ba ile ba otloa ke batho ba lulang le bona.
Linaheng tse ngata, batho ba tšaba liketso tse mabifi tse bakoang ke maemo a lipolotiki kapa ke merusu ea sechaba haesita le bokhukhuni. Tšabo eo e bonahala ka ho eketseha ha thepa ea elektronike linaheng tse ling, haholo-holo tse kileng tsa hlaseloa ke likhukhuni.
Ka ho utloahalang, indasteri e etsang lik’hamera tsa elektronike e hōla ka sekhahla—ho sa tsotellehe ho putlama ha moruo oa lefatše. Ke mang ea lefellang lintho tseo? Ha e le hantle, li lefelloa ke rōna ha re lefa lekhetho le litefello tse ling. Litefello tseo li ka ’na tsa phahama ha lintho tse sebelisetsoang ho fana ka tšireletso li se li hlaseleha habonolo, li ntse li ata li bile li bitsa chelete e ngata.
Liphello tse utloisang bohloko tsa liketso tse mabifi li lokela ho etsa hore re itekole, re lekole boitšoaro ba rōna le seo re se lumelang. Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena: Mecha ea phatlalatso e phetha karolo efe ho ateng ha liketso tse mabifi? Ke lintho life tse ka susumetsang tsela eo re ikutloang ka eona ka liketso tse mabifi? Re ka itšireletsa joang tšusumetsong ee?