Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/12 maq. 12-15
  • “Bofelo bo Tla Tla”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bofelo bo Tla Tla”
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Felisoa ha Bokhopo
  • Boprofeta ba Bibele Boa Tšepahala
  • Babilona e Moholo ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • ’Muso oa Molimo oa Busa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Khetholla “Babylona e Moholo”
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Boprofeta bo Ileng ba Phethahala
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 11/12 maq. 12-15

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 7

“Bofelo bo Tla Tla”

Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.

NA U tlala bohale ha mebuso e khopo e hatella baahi ba eona ebile e ba tlatlapa? Na u utloa bohloko ha u bona likhoebo tse khōlō li khopamisa toka ʼme li ruisa barui ka ho qhekella mafutsana? Na u loloma ke bohale ha u bona baeta-pele ba bolumeli ba kuta mehlape ea bona kapa ba ruta lintho tseo ho totobetseng hore hase ʼnete? Haeba ho joalo, u tla thabela ho tseba hore Bibele le eona e nyatsa lintho tsena tse mpe. Sehloohong sena re tla tšohla (1) boprofeta ba Bibele bo bolelang esale pele hore ho tla felisoa bokhopo bohle le batho ba khopo le (2) hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa boprofeta bona ka ho feletseng.

Ho Felisoa ha Bokhopo

Sehloohong se fetileng letotong lena ho ile ha tšohloa pontšo e nang le likarolo tse ngata eo Jesu a faneng ka eona e bontšang hore lefatše la hona joale le haufi le ho fela. Pontšo eo, e akarelletsa ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo lefatšeng lohle—e leng puso ea Molimo eo haufinyane e tla busa lefatše kaofela. (Daniele 2:44; Matheu 24:3, 14) Jesu o itse ha mosebetsi oo oa ho bolela o phethiloe, “bofelo bo tla tla.” Mohlomong u tla makala ho tseba hore ntho ea pele eo Molimo a tla e felisa ke bolumeli ba bohata, bo rutang lintho tse sa nepahalang ka eena. Bibele e tšoantša bolumeli ba bohata le seotsoa se bitsoang “Babylona e Moholo.”—Tšenolo 17:1, 5; sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Ho Khetholla Babylona e Moholo,” leqepheng la 13.

Boprofeta ba pele:

‘Likotlo tsa [Babylona e Moholo] li tla tla, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’—Tšenolo 18:2, 8.

Ho phethahala ha bona: Bibele e senola hore Molimo ka nako ea hae, o tla susumetsa mebuso ea lefatše ea lipolotiki hore e fetohele Babylona e Moholo ʼme e e timetse. E tla ‘ripitla Babylona e Moholo le ho e hlobolisa’ ʼme e ‘je linama tsa eona.’ (Tšenolo 17:16) Ka mantsoe a mang, e tla pepesa mesebetsi ea eona e hlabisang lihlong e be e tlatlape letlotlo la eona le leholo. Babylona e Moholo e tla timetsoa ka potlako le ka ho phethahetseng hoo ho ke keng ha sala letho la eona.—Tšenolo 18:21.

Babusi ba lipolotiki ba tla nahana hore ho itsoetse ho bona hore ba etse joalo. Leha ho le joalo, ho phethahala ha boprofeta bona bo hlollang ho tla tiisa hore Molimo ke eena ea timelitseng Babylona e Moholo. O tla be a “kentse ka lipelong tsa [bona] ho phetha monahano oa hae.”—Tšenolo 17:17.

Boprofeta ba bobeli:

“Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [e entsoeng ke motho], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Ho phethahala ha bona: Ha Molimo a tlositse bolumeli ba bohata tseleng, o tla shebana le mekhatlo e meng—ea lipolotiki le ea khoebo—hammoho le batho ba khopo. (Liproverbia 2:22; Tšenolo 19:17, 18) Ho tšoana le motho ea hirisang matlo ea lelekang bahiri ba senyang, Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” O tla timetsa ba le tlatsang pefo le mekhoa e hlephileng ea ho kopanela liphate.—Tšenolo 11:18; Baroma 1:18, 26-29.

Ho tla pholoha bo-mang? Bibele e araba ka ho re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11; 72:7.

Na re ka tšepa boprofeta ba Bibele? Na re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa bokhopo le mahlomola ʼme a boloke ba lokileng? Ka sebele re ka kholiseha!

Boprofeta ba Bibele Boa Tšepahala

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Jehova Molimo ke Mongoli oa Bibele le hore o tla etsa ntho e ʼngoe le e ʼngoe eo a e tšepisitseng. (2 Timothea 3:16) Na hoa utloahala ho lumela see?

Haeba u ne u e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo ea u ratang e le kannete le eo ho seng mohla a kileng a u thetsa, na u ne u tla mo kholoa haeba a u tšepisa ntho e ntle eo a neng a ka khona ho e etsa? Ha ho pelaelo hore u ne u tla mo kholoa. Molimo o molemo ho feta motsoalle leha e le ofe oa motho eo re ka bang le eena. “Molimo ha a bue leshano le ka mohla!”—Tite 1:2, Contemporary English Version.

Ha ho pelaelo hore ’Mōpi o tla felisa bolumeli ba bohata, puso e hatellang le mekhatlo e meharo ea khoebo. Na u ka rata ho tseba haholoanyane hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a liketsahalo tsee? Makasine e latelang ea Tsoha! e tla u thusa. E tla ba le sehlooho sa ho qetela letotong lena la lihlooho.

HO KHETHOLLA BABYLONA E MOHOLO

Re tseba joang hore mosali oa tšoantšetso ea bitsoang Babylona e Moholo, ea hlalositsoeng bukeng ea Bibele ea Tšenolo, o emela malumeli ’ohle a bohata? Hlahloba bopaki:

  • Mosali eo e ke ke ea e-ba mosali oa sebele hobane lipono tse bukeng ea Tšenolo ke “lipontšo,” kapa lintho tse tšoantšetsang.—Tšenolo 1:1.

  • Babylona e Moholo e lutse holim’a metsi, a tšoantšetsang “batho le matšoele le lichaba.” (Tšenolo 17:1, 5, 15) Mosali oa sebele a ke ke a khona ho etsa joalo. Leha ho le joalo, bolumeli ba bohata bo fumana tšehetso ho litho tsa bona tse ngata.

  • Mosali enoa oa tšoantšetso ke “motse o moholo o nang le ’muso holim’a marena a lefatše.” Ka mantsoe a mang, ke mokhatlo ’me o susumetsa lefatše lohle.—Tšenolo 17:18.

  • Seotsoa sena sa moea, e leng Babylona e Moholo, se etsa lilekane le “marena a lefatše.” Ho feta moo, marena a lefatše aa siama ka lebaka la ho timetsoa ha sona. (Tšenolo 17:1, 2; 18:9) Kahoo, seotsoa sena e ke ke ea e-ba mokhatlo oa lipolotiki.

  • Bahoebi le bona baa siama ka lebaka la ho timetsoa ha sona. (Tšenolo 18:15) Kahoo, e ke ke ea e-ba tsamaiso ea lefatše ea khoebo.

  • Bibele e re ho kopanya borapeli ba Molimo le ho rata lefatše ke bofebe ba moea. (Jakobo 4:4) Babylona e Moholo e etsa sona seo. Hape, e khothalletsa hore ho be le tšebelisano le meea bolumeling.—Tšenolo 18:23.

  • Motse oa boholo-holo oa Babylona, e leng oo Babylona e Moholo e reheletsoeng ka oona, o ne o chesehela bolumeli haholo.—Esaia 47:1, 12, 13; Jeremia 50:1, 2, 38.

Kahoo, re ka bua ka kholiseho hore Babylona e Moholo e tšoantšetsa malumeli a bohata a ikopantseng lefatšeng lohle.

BOPROFETA BA BIBELE BO ILENG BA PHETHAHALA

Ka tlaase mona ho bontšitsoe lethathamo la boprofeta ba Bibele bo ikhethang boo ho builoeng ka bona lihloohong tse tšeletseng tse fetileng letotong lena la lihlooho. Joalokaha lihlooho tseo li bontšitse, ho ile ha bonahala hore boprofeta boo bo nepahetse!

BOPROFETA BO MABAPI LE ABRAHAMA LE LITLOHOLO TSA HAE

  • Litloholo tsa monna ea tšepahalang Abrahama, li ne li tla fetoha sechaba se seholo, seo hamorao se neng se tla bitsoa sechaba sa Iseraele.—Genese 12:1, 2.

  • Litloholo tsa Abrahama li ne li tla khutlela naheng ea Kanana ka mor’a moloko oa bone li lula naheng ea basele.—Genese 15:13, 16.

  • Litloholo tsa Abrahama li ne li tla lula naheng “eohle ea Kanana.”—Genese 17:8.

  • Kaha Baiseraele ba ile ba fetohela Molimo, o ne a tla lumella hore ba hlōloe, ba be ba isoe botlamuoeng.—Jeremia 25:8-11.

  • Molimo o ne a tla khutlisetsa Bajuda naheng ea bona ka mor’a hore ba qete lilemo tse 70 ba le botlamuoeng.—Jeremia 25:12; 29:10.

  • ’Muso oa lefatše oa Babylona o ne o tla lihuoa, ’me qetellong Babylona e be lesupi.—Esaia 13:19, 20.

BOPROFETA BO MABAPI LE MESIA LE BALATELI BA HAE

  • Mesia, kapa Kreste, o ne a tla tsoa lelokong la Morena Davida.—Esaia 9:7.

  • Mesia ea tšepisitsoeng o ne a tla hlahela Bethlehema.—Mikea 5:2.

  • Mesia o ne a tla hlaha lilemo tse 483 ka mor’a hore ‘ho tsoe lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe.’ Lentsoe leo le ile la tsoa ka 455 B.C.E.—Daniele 9:25.

  • Pele a bolaoa, Mesia o ne a tla shapuoa habohloko.—Esaia 50:6.

  • Mesia o ne a tla bolaoa joaloka senokoane se nyatsehang, empa o ne a tla patoa le “sehlopha sa barui.”—Esaia 53:9.

  • Balateli ba Kreste ba ne ba tla phatlalatsa molaetsa oa hae ho pholletsa le Judea le Samaria le likarolong tse ling tsa lefatše.—Liketso 1:8.

  • Bakreste ba ne ba tla hlorisoa.—Mareka 13:9.

  • Batho ba hatellang ba ne ba tla kena ka lenyele ka phuthehong ea Bokreste, ba etse hore ba bangata e be bakoenehi.—Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1, 2.

BOPROFETA BO MABAPI LE MATSATSI A HO QETELA

Matšoao a mehla ea bofelo e ne e tla ba

  • Ho boleloa ha “litaba . . . tse molemo tsa ’muso [oa Molimo]” lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.

  • Lintoa lefatšeng lohle.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:4.

  • Likhaello tsa lijo.—Matheu 24:7.

  • Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.—Luka 21:11.

  • Mafu a tšabehang.—Luka 21:11.

  • Lehloeo le liketso tse mabifi.—Matheu 24:10, 12.

  • Batho ba meharo, ba inahanang bobona le ba ratang chelete.—2 Timothea 3:1-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela