Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/13 leq. 16
  • Mohatla oa Mokholutsoane oa Agama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohatla oa Mokholutsoane oa Agama
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • Letlalo le Monyang Metsi la ’Mankhoshepe ea Meutloa
    Tsoha!—2015
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2007
  • Liroboto li Tsoetse Pele Hakae Kajeno?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 2/13 leq. 16

NA O ENTSOE?

Mohatla oa Mokholutsoane oa Agama

MOKHOLUTSOANE oa agama o ka tloha moo ho tšekaletseng ’me oa qhomela leboteng habonolo feela. Empa haeba o tloha moo ho thellang, mokholutsoane ona o ka ’na oa sitoa ho qhoma hantle, leha ho le joalo, o ntse o tla fihla ka katleho leboteng. Joang? O sebelisa mohatla oa oona.

Ak’u nahane: Ha mekholutsoane ena e qhoma ho tloha sebakeng se mahoashe—moo e khonang ho ngoaparela—e qala ka ho tsitsisa ’mele le ho boloka mehatla ea eona e le tlaase. Ho etsa joalo ho e thusa hore e qhome ka tsela e nepahetseng. Leha ho le joalo, hangata ha mekholutsoane ena e le sebakeng se thellang, e hlōleha ho ingoaparela hantle le ho qhoma ka tsela e nepahetseng. Empa ha e le moeeng, e khona ho lokisa boemo ba ’mele ka ho phahamisa mohatla oa eona kapele feela. E etsa sena ka tsela e rarahaneng. Tlaleho e fanoeng ke Univesithi ea California, Berkeley e re: “Mekholutsoane ena e lokela ho lula e lokisa mehatla ea eona, e le hore e lule e otlolohile.” Ha sebaka seo e leng ho sona se thella haholo, mokholutsoane ona o lokela ho phahamisa mohatla oa oona haholoanyane e le hore o khone ho qhomela sebakeng se seng ka tsela e sireletsehileng.

Mohatla oa agama o ka ’na oa thusa lienjiniere hore li etse likoloi tsa liroboto tse sa phethoheng habonolo tse ka sebelisetsoang ho thusa mahlatsipa ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše kapa likoluoa tse ling. Mofuputsi Thomas Libby o re: “Liroboto ha li tsamaee kapele le habonolo joaloka liphoofolo, kahoo ntho leha e le efe e ka thusang liroboto hore li tsitse haholoanyane, e tla be e le tsoelo-pele e khōlō.”

U nahana’ng ka see? Na mohatla oa mokholutsoane oa agama o bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na o entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela