Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/13 maq. 12-13
  • Kamoo U ka Behelang Mocha Melao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Behelang Mocha Melao
  • Tsoha!—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao
    Tsoha!—2013
  • Buisana le Ngoana oa Hao—Le sa Ngangisane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Koetlisa Mocha Hore a Sebeletse Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Thusa Mocha oa Hao ho Atleha
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 3/13 maq. 12-13

SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Kamoo U ka Behelang Mocha Melao

BOTHATA

Ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o re u mo behela melao e thata haholo. Empa uena ha u lumellane le eena. U re ka pelong, ‘Haeba ke nyehlisa melao, o tla kena mathateng!’

U ka behela ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha melao e seng thata. Empa pele, u lokela ho utloisisa hore na ke eng e ka ’nang ea etsa hore a halefisoe ke melao eo u mo behelang eona.

LEBAKA LE ETSANG HORE E MO HALEFISE

Khopolo-taba: Bacha ha ba mamele litaelo; ke karolo ea ho hōla e ke keng ea qojoa.

’Nete: Mocha a ka mamela haholoanyane haeba batsoali ba hae ba sa behe melao e thata ’me ba buisana le eena ka eona.

Le hoja ho e-na le lintho tse ngata tse ka ’nang tsa etsa hore mocha a se ke a mamela, batsoali ba ka ’na ba hlohlelletsa seo ba sa elelloe, haeba ba beha melao e thata kapa melao ea bona e se e sa lokela lilemo tsa ngoana oa bona. Nahana ka lintlha tse latelang:

  • Melao e thata. Ha batsoali ba behela ngoana melao ’me ba sa buisane le eena ka eona, ngoana o e talima e mo khina ho e-na le ho e talima e mo sireletsa joaloka lebanta la pholoso le sireletsang mopalami hore a se ke a tsoa kotsi. Ka lebaka leo, ha mocha a le moo a sa bonoeng a ka ’na a etsa lintho tseo batsoali ba mo hanetseng hore a li etse.

  • Ha melao e se e sa lokela lilemo tsa mocha. Ha motsoali a behela ngoana e monyenyane lebaka a ka ’na a re feela, “hobane ke cho joalo,” empa mocha o batla se fetang seo, o batla mabaka a utloahalang. Ho feta moo, ho ka etsahala hore haufinyane ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a lule thōko le uena, moo a tla lokela ho iketsetsa liqeto tse boima. Ke habohlokoa hore a ithute ho beha mabaka le ho etsa liqeto hona joale, ha a ntse a lula le uena.

Empa ke eng seo u ka se etsang haeba ho bonahala eka ngoana oa hao o lula a halefisoa ke melao ea hao?

SEO U KA SE ETSANG

Pele ho tsohle, hlokomela hore mocha o hloka ho tseba seo a lokelang ho se etsa le seo a sa lokelang ho se etsa. Kahoo, beha melao ’me u etse bonnete ba hore ngoana oa hao oa e utloisisa. Buka ea Letting Go With Love and Confidence e re: “Ha bacha ba behetsoe lithibelo tse hlakileng ’me batsoali ba ba beha leihlo ka tsela e lekaneng, hase hangata ba ka etsang lintho tse utloisang batsoali ba bona bohloko.” Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba fang bana ba bona bolokolohi bo bongata, ba etsa hore bana ba nahane hore ha ba ba tsotelle. Sena se etsa hore bana ba tsoe tseleng.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 29:15.

Joale u ka bontša joang hore u lekanyetsa lintho hantle? Lumella ngoana oa hao hore a hlalose kamoo a ikutloang kateng ka melao eo a e fuoang. Ka mohlala, haeba a kōpa hore nako eo a lokelang ho fihla hae ka eona e fetoloe, mo mamele ha a itlhalosa. Ha mocha a tseba hore u mo mamela ka hloko, o tla hlompha le ho ikobela qeto eo u e etsang—esita le haeba a sa lumellane le eona.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 1:19.

Leha ho le joalo, pele u etsa qeto hopola sena: Le hoja bacha ba batla bolokolohi bo bongata ho feta boo ba bo fuoang, batsoali bona ba ka ’na ba ba fa bolokolohi bo fokolang. Kahoo nahana ka ho teba ka seo ngoana oa hao a se kōpang. Na o bontšitse hore o na le boikarabelo? Na maemo a hloka hore u nyehlise melao? Ikemisetse ho feto-fetoha le maemo ha ho hlokahala.—Molao-motheo oa Bibele: Genese 19:17-22.

Le hoja u ka mamela maikutlo a ngoana oa hao, etsa bonnete ba hore u mo bolella lintho tseo u tšoenyehileng ka tsona. Ha u etsa joalo, u mo ruta hore a nahanele maikutlo a ba bang eseng a hae feela.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 10:24.

Qetellong, etsa qeto ’me u hlalose mabaka a entseng hore u e fihlele. Esita le haeba a sa thabela qeto eo, o tla thaba hore ebe o na le batsoali ba mo mamelang. Hopola hore u koetlisa mocha hore e be motho e moholo. Ha u beha melao e seng thata ’me u buisana le eena ka eona, u tla mo thusa hore e be motho e moholo ea nang le boikarabelo.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 22:6.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe.”—Bafilipi 4:5.

  • “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.

BAKENG SA BACHA

“Ak’u nahane ka monna ea itseng ea kolotang banka chelete. Haeba a ka lefa kamehla, banka e tla mo tšepa ’me e ka ba ea mo ekeletsa sekoloto nakong e tlang. Le lapeng ho joalo. U lokela ho mamela batsoali ba hao. Haeba u bontša hore ua tšepahala—esita le linthong tse nyenyane—batsoali ba hao ba ka ’na ba u tšepa haholoanyane nakong e tlang. Empa haeba nako le nako u sa ba mamele, u se ke ua makala haeba ba se ba sa u tšepe hakaalo kapa ba se ba sa u tšepe ka ho feletseng.”—Ntlha ena e nkiloe bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela