Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 leq. 6
  • Ke sa Phelela’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke sa Phelela’ng?
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 4/14 leq. 6
Monna ea sithabetseng ea nahanang ho ipolaea

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke sa Phelela’ng?

HA U ne u ka kopana le Diana,a u ne u tla nahana hore ke moroetsana ea bohlale, ea mosa le ea botsoalle. Empa le hoja Diana a bonahala e le motho ea thabileng le ea botsoalle, ’nete ke hore hangata o lula a sithabetse. O re: “Letsatsi ha le fete ke e-s’o nahane ka ho ipolaea. Ke nahana hore ho ne ho ka ba molemo ha ke shoele.”

“Liphuputso tse ling li bontšitse hore ho batho ba bang le ba bang ba ipolaeang, ba 200 ba bona ba ne ba kile ba leka ho ipolaea ’me [ba bang] ba 400, ba nahana ka hona.”—THE GAZETTE, MONTREAL, CANADA.

Diana o re a ke ke a ipolaea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha a bone bohlokoa ba hore a tsoele pele ho phela. O re: “Ke labalabela hore ke hlaheloe ke kotsi e tla mpolaea. Ke se ke nka lefu e le motsoalle eseng e le sera.”

Batho ba bangata ba ka utloisisa kamoo Diana a ikutloang kateng ’me ba bang ba bona ba kile ba rera kapa ba leka ho ipolaea. Leha ho le joalo, litsebi li bontša hore batho ba bangata ba lekang ho ipolaea, hase hore ba batla ho shoa empa feela ba batla ho felisa matšoenyeho a bona. Ka bokhutšoanyane, ba lumela hore ba na le lebaka la ho shoa, seo ba se hlokang feela ke lebaka la hore ba tsoele pele ba phela.

Ke hobane’ng ha u lokela ho phela? Nahana ka mabaka a mararo a hore u tsoele pele ho phela.

KHOPOLO-TABA: Ho bua ka ho ipolaea—kapa hona ho sebelisa lentsoe leo, ho khothalletsa batho hore ba leke ho ipolaea.

’NETE: Ho buisana le ba bang ka taba ena hangata ho thusa motho ea nang le menahano ea ho ipolaea hore a fetole maikutlo.

a Lebitso le fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela