Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 leq. 16
  • Lepheo la Serurubele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lepheo la Serurubele
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokaholimo ba Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2012
  • Lepheo la Serurubele le Monyang Khanya
    Tsoha!—2014
  • Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Thuto 1
    Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 4/14 leq. 16
Serurubele se bitsoang Giant Blue Morpho

NA LE ENTSOE?

Lepheo la Serurubele

MAPHEO a serurubele a bobebe hoo lerole le lenyenyane kapa marotholi a metsi a ka se thatafalletsang ho fofa. Leha ho le joalo, mapheo a sona a lula a hloekile a bile a omme. Se thusoa ke’ng?

Makhakhapha a palamaneng a lepheo la serurubele

Lepheo la serurubele le na le makhakhapha a manyenyane haholo a palamaneng

Ak’u nahane: Bafuputsi ba Univesithing ea Ohio ba ithutang ka serurubele se bitsoang Giant Blue Morpho (Morpho didius) ba fumane hore le hoja re ka ’na ra bona eka mapheo a serurubele sena a boreleli, empa a koahetsoe ke makhakhapha a manyenyane haholo a palamaneng joaloka lithaele tse rulelang ntlo. Esita le mela e bapileng e makhakhapheng ao, e etsa hore litšila le marotholi a metsi a thelle habonolo feela. Baenjiniere ba batla ho etsisa tsela eo lepheo la serurubele le bōpehileng ka eona, ha ba etsa pente e sa silafaleng le e ke keng ea senyeha ha e utloa metsi ba sebelisa theknoloji e phahameng.

Lepheo la serurubele ke o mong oa mehlala e bontšang kamoo bo-rasaense ba lekang ho etsisa tsela eo lintho tse phelang li entsoeng ka eona. Mofuputsi e mong ea bitsoang Bharat Bhushan o re: “Lintho tsa tlhaho li entsoe ka tsela e hlollang, ho tloha ho makhakhapha a manyenyane haholo ho isa ho a maholo, ’me li ’nile tsa susumetsa batho ho li etsisa ka lilemo tse makholo.”

U nahana’ng ka see? Na lepheo la serurubele le bile teng ka ho iphethola ha lintho? Kapa na le entsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela