‘Bohlale bo Ntse bo Hoeletsa’—Na Ua bo Utloa?
“Na bohlale bo ntse bo sa hoeletse, le temoho e ntse e sa ntše lentsoe la eona? Bo eme tlhōrōng ea libaka tse phahameng, haufi le tsela, mateanong a litsela. Bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng. . . . Menyakong eo ho kenoang ka eona.”—LIPROVERBIA 8:1-3.
BOHLALE ke ba bohlokoa haholo. Kantle ho bona, re ne re tla lula re etsa liphoso tse booatla. Empa bohlale ba sebele re ka bo fumana hokae? Mongoli oa Liproverbia o ne a nahanne ka bohlale bo ke keng ba lekanngoa ba ’Mōpi oa rōna. Ho feta moo, batho ba bangata ba ka fumana bohlale ba Hae ka bukeng e khethehileng haholo, e leng Bibele. Nahana ka lintlha tse latelang:
The World Book Encyclopedia e re Bibele “ke buka e abuoeng ka ho fetisisa historing. E fetoletsoe hangata le ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe.” Bibele e fumaneha ka lipuo tse ka bang 2 600 e felletse kapa e sa fella, e leng se bolelang hore batho ba fetang 90 lekholong lefatšeng ka bophara ba ka e fumana.
Bohlale “bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng” ka tsela ea sebele. Matheu 24:14, e re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo [ba lefatše lena] bo tla tla.”
“Litaba [tseo] tse molemo” ke bohlale ba sebele hobane li bontša tsela eo Molimo a tla rarolla mathata a moloko oa batho ka bohlale—ka ’Muso oa Hae. ’Muso oo ke puso ea Molimo e tla busa holim’a lefatše lohle—e le ’muso o le mong oa lefatše lohle. (Daniele 2:44; 7:13, 14) Ke kahoo Jesu Kreste a ileng a rapela a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.
Lipaki Tsa Jehova li ho nka e le tlotla ho bolela ka ’Muso oa Molimo linaheng tse 239! Ka sebele bohlale—e leng bohlale ba Molimo—“bo hoeletsa,” esita le “menyakong eo ho kenoang ka eona.” Na ua bo utloa?