Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/14 maq. 14-15
  • Spain e Leleka Mamorisco

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Spain e Leleka Mamorisco
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA ILE BA QOBELLOA HO FETOHA
  • “E NE E SE BAKRESTE BA LOKILENG KAPA BAFO BA TŠEPAHALANG”
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Kereke ea K’hatholike Spain—Matla le Monyetla
    Tsoha!—1990
  • Kereke ea K’hatholike Spain—Tšebeliso e Mpe ea Matla
    Tsoha!—1990
  • Ho Tsebahatsa Lentsoe la Molimo Spain ea Boholo-holo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 9/14 maq. 14-15
Mamorisco a lelekoa Spain

LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

’Muso oa Spain o Leleka Mamorisco

Ho tlalehiloe hore kereke ke eona e ileng ea hlohlelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bohloko eo Masepanishe a ileng a e etsa paleng ena. Ke pale e thahasellisang.

MORENA oa Spain o ne a batla hore ’Muso oa Spain o laoloe ke Bokreste. Ka lebaka leo, Mamorisco a ile a nkoa e le mekhelo ’me ho ne ho thoe boteng ba ’ona bo khopisa Molimo. Ka mor’a lilemo tse ngata, ho ile ha etsoa qeto. Efe? Ea hore a lokela ho lelekoa!a

BA ILE BA QOBELLOA HO FETOHA

Ka lilemo tse makholo, Mamosleme a Spain, e leng sehlotšoana se neng se bitsoa Mudéjar, a ne a lula ka khotso libakeng tse neng li laoloa ke Mak’hatholike. Libakeng tse ling, ka nakoana a ne a lumelloa ho tsoela pele a sebelisa melao le meetlo ea ’ona le ho etsa litšebeletso tsa bolumeli ba ’ona.

Empa ka 1492, morena Ferdinand II oa Mak’hatholike le mofumahali Isabella, ba ile ba hapa Granada, e leng karolo ea ho qetela ea Iberia e neng e laoloa ke Mamosleme. Mamosleme a ile a lumela ho inehela hafeela ba ka fuoa litokelo tse tšoanang le tsa Mamudéjar. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo baeta-pele ba Mak’hatholike ba ile ba hlorisa le ho hatella le ho feta sehlotšoana sa Mamosleme se neng se le haufi le bona hore se sokolohe. Mamorisco a ile a ipelaetsa ka hore ho hatakeloa litumellano tse ileng tsa etsoa nakong e fetileng ’me ka 1499 a ile a leka ho liha ’muso. Masole a ’muso a ile a thiba tlhaselo eo, empa ka mor’a moo Mamosleme ’ohle a ile a qobelloa ho sokoloha kapa ho falla naheng eo. Masepanishe a ile a reha Mamosleme a ileng a sokoloha ’me a tsoela pele ho lula Spain, Mamorisco.

“E NE E SE BAKRESTE BA LOKILENG KAPA BAFO BA TŠEPAHALANG”

Ka 1526, Boislamo bo ile ba thibeloa naheng ea Spain, empa Mamorisco a mangata a ile a tsoela pele a tšoara litšebeletso tsa bolumeli ka sekhukhu. Boholo ba ’ona a ne a ntse a tšoareletse setsong sa ’ona.

Kaha Mamorisco a ne a tseba mesebetsi ea bohlokoa ea matsoho, a sebeletsa Mak’hatholike a bile a lefa lekhetho, Mak’hatholike a ne a sa natse taba ea hore Mamorisco ha a inehela ho bona ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Mamorisco a ile a hlouoa ka lebaka la ho hana ho sokoloha ’me a ile a khetholloa haholo ke ’muso le batho ka kakaretso. Khethollo eo e ile ea hlohlelletsoa le ho feta ke hore kereke e ne e ntse e belaela hore Mamorisco ha a sokoloha ka ho feletseng.

Ho e-s’o ee kae, kereke e ile ea felloa ke mamello ’me e ile ea hatella Mamorisco. Ka 1567, ho ile ha phatlalatsoa taelo ea Morena Philip II e thibelang Mamorisco ho bua puo ea ’ona, ho apara moaparo oa ’ona le ho latela mekhoa le meetlo ea ’ona. Taelo ena e ile ea baka borabele le tšollo ea mali.

Ho hakanngoa hore Mamorisco a ka bang 300 000 a ile a qobelloa ho falla Spain ’me a ile a hlorisoa haholo

Bo-rahistori ba bolela hore babusi ba Spain ba ne ba kholisehile hore “Mamorisco e ne e se Bakreste ba lokileng kapa bafo ba tšepahalang.” Ka lebaka leo, a ile a qosoa ka hore a ne a rera bolotsana le lira tsa Masepanishe, e leng masholu a maoatleng a Barbary, Maprostanta a Fora le Maturkey—e le hore lira tseo li khone ho hlasela Spain. Ka 1609, Philip III o ile a leleka Mamorisco hobane a ne a tšaba hore e tla ba mahlabaphio ka lebaka la hore a ne a khetholloa.b Lilemong tse ileng tsa latela, batho bao ho neng ho belaeloa hore ke Mamorisco ba ne ba hlorisoa. Seo se ile sa etsa hore Spain e be naha ea bolumeli ba K’hatholike feela.

a Bo-rahistori ba sebelisa lebitso Mamorisco ka tsela e sa someng ha ba bua ka Mamosleme a ileng a fetohela Bok’hatholikeng, a neng a lula Hloahloeng ea Iberia ka mor’a hore ’muso oa ho qetela oa Mamosleme o oe ka 1492.

b Bo-rahistori ba boetse ba belaela hore bonyane ’musi a le mong oa Mosepanishe o ile a rua molemo haholo ka ho nkela Mamorisco thepa ea ’ona.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Mathoasong a lilemo tsa bo-700, Mamosleme a Afrika Leboea le a Arab a ile a hapa karolo e khōlō ea Hloahloa ea Iberia, e leng linaha tseo hona joale li tsejoang e le Spain le Portugal.

  • Ka 1492, butle-butle mabotho a Mak’hatholike a ile a hapa Granada ’me a nka sehlotšoana sa ho qetela sa Mamorisco se neng se le haufi le moo.

  • Ka 1492, Morena Ferdinand le Mofumahali Isabella ba ile ba leleka Bajuda bohle ba neng ba hana ho fetohela Bok’hatholikeng. Ka lilemo tsa bo-1500, Mamosleme ’ohle a ileng a sokoloha hammoho le bana ba bona, a ile a hlorisoa ’me a lelekoa. Ho tloha ka 1609 ho ea ho 1614, Mamorisco, e leng “Bakreste ba bacha” ba Mamosleme—ba ile ba lelekoa.

  • Ho hakanngoa hore Mamorisco a ka bang 300 000 a ile a qobelloa ho falla Spain ’me a ile a hlorisoa haholo. Ho bonahala eka bonyane a 10 000 a ile a e-shoa ha a ne a hana ho tsamaea ha a lelekoa.

Bok’hatholike bo “Hloekileng” ho Pholletsa le Naha!

Juan de Ribera, moarekabishopo oa Valencia, o ile a kenya letsoho ha ho ne ho lelekoa Mamorisco

Juan de Ribera, moarekabishopo oa Valencia, o ile a tšehetsa ho lelekoa ha Mamorisco

Ha ho pelaelo hore naha ea Spain e ile ea e-ba le mathata a moruo ka lebaka la hore Mamorisco a neng a ba sebeletsa a ile a falla. Ho ntse ho le joalo, baahi ba naha eo ba ile ba thaba haholo ka mor’a hore Mamorisco a falle. Libuka tsa histori li bolela hore kaha Mamorisco a ne a belaeloa, Masepanishe a mangata a ne a nka hore ho ba ha ’ona Spain ho ’nile ha “a tena ka nako e telele ebile ho ne ho ba hlabisa lihlong.” Joale, batho bao ba neng ba ba tena ba ile ba lelekoa naheng. Baeta-pele, kereke le batho ka kakaretso ba ile ba thaba ka lebaka la hore qetellong ba ile ba khona ho theha Bok’hatholike bo “hloekileng” ho pholletsa le naha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela