Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/14 leq. 7
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • India
  • Switzerland
  • Lenakeng la Afrika
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 10/14 leq. 7

TSA MONA LE MANE

United States

Sesebelisoa sa GPS se khomarelitsoeng koloing

Mapolesa a mang a sebelisa theknoloji ho etsa hore ho lelekisa likoloi ho se ke ha e-ba kotsi haholo. Mokhoa o mong oo ba etsang sena ka oona, ke ho kenya likoloi tsa bona ntho e khonang ho betsa koloi e lelekisoang ka sesebelisoa sa GPS se khomarelang koloing eo ’me seo se thusa mapolesa hore a tsebe moo koloi eo e leng teng. E leng se etsang hore a se ke a lelekisa babelaelloa ka lebelo le phahameng.

India

Mosali oa Moindia

Ho hakanngoa hore hora e ’ngoe le e ’ngoe ho bolaoa mosali a le mong ka lebaka la litsekisano tse mabapi le chelete ea bohali. Le hoja moetlo oo o sa lumelloe ke molao, ka 2012 ho ile ha bolaoa basali ba fetang 8 200, ka lebaka la hore monna kapa ba habo ba ne ba lumela hore chelete eo ba habo mosali ba e lefileng e ne e le nyane.

Switzerland

Lehaqasi

Mahaqasi a mehatla e melelele a mararo a ile a kenngoa lisensara tse nyenyane moo a ileng a tsoalla teng ’me lisensara tseo li ile tsa bontša hore linonyana tsena li ile tsa fofa ka matsatsi a fetang a 200 li sa khaotse, ha li ne li fallela Afrika. Nakong e fetileng ho ile ha tlalehoa hore sena se ne se etsoa ke liphoofolo tse phelang metsing feela.

Lenakeng la Afrika

Graph e bontšang lipalo-palo tsa likepe tse utsuoang le chelete e lefuoang ho li lokolla

Ho tloha ka April 2005 ho ea ho December 2012, masholu a maoatleng a ile a koetela likepe tse 179, lebōpong le Lenakeng la Afrika. Tlaleho ea World Bank e bolela hore ka lebaka la liketso tseo tsa tlōlo ea molao, masholu ao a ile a fumana chelete e etsang liranta tse libilione tse 4 ha a lokolla likepe tseo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela