Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/15 maq. 3-5
  • Ke Hobane’ng ha Bana ba se ba sa Khalemeloe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Bana ba se ba sa Khalemeloe?
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taolo ea Batsoali ea Thefuleha
  • Maikutlo a Feto-fetohang
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Khalemelo e Atlehang
    Tsoha!—2015
  • Ho Hōlisa Bana ba Nahanelang Lefatšeng le Tletseng Boithati
    Tsoha!—2013
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 4/15 maq. 3-5
1. Moshanyana ea lilemo li ’nè o tšoere toy; 2. Ngoananyana ea lilemo li hlano o phuthile matsoho; 3. Moshanyana ea lilemo li 12 o itšoere thekeng

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobane’ng ha Bana ba se ba sa Khalemeloe?

Lilemong tsa morao tjena, bophelo ba lelapa linaheng tsa Amerika le Europe bo fetohile haholo. Pele batsoali e ne e le bona ba behang melao ’me bana ba e latela. Hona joale, malapeng a mang ho bonahala bana e le bona ba laolang batsoali ba bona. Ka mohlala, nahana ka maemo a latelang a thehiloeng linthong tse etsahalang.

  • Ha moshanyana ea lilemo li ’nè a le ka shopong le ’mè oa hae o nanabela toy. ’Mè oa hae o leka ho mo thiba o re: “U na le li-toy tse ngata, akere?” O elelloa hamorao hore o ne a sa lokela ho mo botsa. Moshanyana o oa lla o re: “Empa kea e batla!” ’Mè oa hae oa mo tlohela hobane a tšaba hore o tla ithaburanya joaloka kamehla.

  • Ngoanana ea lilemo li hlano o kena ntate oa hae hanong ha a ntse a buisana le motho e mong e moholo. O re: “Ntate ke khathetse, ke batla ho ea hae!” Ntate oa hae o khaotsa ho bua, oa inama ’me ka bonolo o re ho eena: “Butle hanyane hle Nana.”

  • James ea lilemo li 12, o boetse o qosoa ka hore o ile a tjolietsa tichere ea hae. Ho e-na le hore ntate oa hae a mo halefele, o halefela tichere. Ntate oa hae o re: “Tichere ena e lula e u khathatsa. Ke batla ho ea mo tlaleha botong ea sekolo!”

Maemo ana hase a sebele empa a aa etsahala. A bontša mathata a teng malapeng ao ho ’ona batsoali ba sa reng letho ha bana ba bona ba tella, ba ba lumella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ho ba “sireletsa” liphellong tsa boitšoaro ba bona bo bobe. Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Ke ntho e tloaelehileng ho bona batsoali ba itumella ho laoloa ke bana ba banyenyane. Pele bana ba ne ba tseba hore eta ho lla sa motsoali—eseng sa bona.”

Ke ’nete hore batsoali ba bangata ba leka ho ruta bana ba bona mekhoa e metle ka ho ba behela mohlala o motle le ka ho ba khalemela ba tiile empa e le ka lerato. Leha ho le joalo, buka e qotsitsoeng ka holimo e bontša hore batsoali ba elelloang bohlokoa ba ho etsa joalo “ba etsa se fapaneng le se tloaelehileng.”

Ho tlile joang hore boemo bo mpefale hakaale? Ke hobane’ng ha bana ba se ba sa khalemeloe?

Taolo ea Batsoali ea Thefuleha

Batho ba bang ba re taolo ea batsoali e qalile ho thefuleha ka bo-1960, ha batho ba nkoang e le litsebi ba ne ba khothalletsa batsoali hore ba se ke ba khalemela bana ba bona ka thata. Litsebi tseo li ile tsa re: ‘E-ba motsoalle oa ngoan’a hao, eseng ’mehi-molao.’ Hape li ne li re: ‘Ho babatsa ho molemo ho feta ho khalemela.’ ‘Ho e-na le ho lula u tšoaea bana liphoso, sheba lintho tse ntle tseo ba li etsang.’ Ho e-na le hore litsebi tseo li bontše ho leka-lekana tabeng ea ho babatsa bana le ho ba khalemela, li bolela hore ho ba khalemela ho ka lematsa maikutlo a bona ’me ha etsa hore ba hloee batsoali ba bona hamorao.

Ho e-s’o ee kae, litsebi tseo li ne li boetse li buella melemo ea ho itšepa. E ne eka ho se ho sibolotsoe sephiri sa ho ba motsoali e molemo, se reng: Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ba le motlotlo. Ke ’nete hore ke habohlokoa ho ruta bana hore ba itšepe. Empa litsebi tseo li ile tsa feteletsa bohlokoa ba ho itšepa ka hore li re batsoali ba lokela ho qoba ho hanela bana ka lintho kapa ho ba khalemela ha ba entse ntho e mpe. Ba re, ‘Lulang le bolella bana ba lōna hore ke ba bohlokoa le hore ba ka ba ntho e ’ngoe le ’ngoe eo ba batlang ho ba eona.’ E ne eka ho ba motlotlo ho ne ho le bohlokoa haholo ho feta ho itšoara hantle.

Batsoali ba babatsang ngoana oa bona ka ho feteletseng ha eena a lutse teroneng

Boikutlo ba ho itšepa bo entse hore bana ba nke hore ba tlameha ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe

Qetellong, batho ba bang ba re boikutlo bona ba ho itšepa bo entse hore bana ba nke hore ba tlameha ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Buka ea Generation Me e re: Sena se boetse se sitisitse bana ba bangata hore “ba itokisetse ho mamella lintho tse ke keng tsa qojoa bophelong tse kang, ho khesoa le ho hloleha.” Ntate e mong ea qotsitsoeng bukeng eo o re, “Mosebetsing ha ho na motho ea nang le taba le ho itšepa ha hao. . . . Haeba u tla le ripoto e mpe ofising, mong’a hao a ke ke a re, ‘Ke rata ’mala oa pampiri eo u e khethileng.’ Ha e le hantle, ho hōlisa bana ka tsela eo hoa ba lematsa.”

Maikutlo a Feto-fetohang

Lilemong tse mashome tse fetileng, litsela tsa ho hōlisa bana li ’nile tsa bontša ho feto-fetoha ha maikutlo a batho. Morupeli e mong ea bitsoang Ronald G. Morrish o re: “Litsela tsa ho khalemela bana li lula li fetoha. Sena se bontša hore batho baa fetoha.”a Ho bonolo hore batsoali ba be kamoo Bibele e hlalosang kateng ha e re e ka ba, “ba akhotsoang joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.”—Baefese 4:14.

Ho hlakile hore mokhoa o atileng oa ho bokotsa bana o ba lemalitse. Ha o oa thefula taolo ea batsoali feela empa o boetse o siile bana ba se na tataiso eo ba e hlokang hore ba etse liqeto tse nepahetseng le hore ba itšepe ka tsela e loketseng.

Na ho na le tsela e molemo ea ho hōlisa bana?

a Mongolo e tšekaletseng ke oa rōna; ho tsoa bukeng ea Secrets of Discipline: 12 Keys for Raising Responsible Children.

Na U ba Ruta ka Tsela e Nepahetseng?

Nahana u le maemong a latelang

  • Ka mor’a sekolo le ka mafelo-beke, u isa bana ba hao lipapaling tse kang: ho thellisa, ho bapala piano, ho bapala bolo—ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka etsang hore ba lule ba ikoetlisa. U re: ‘Ke shoele ke mokhathala, empa bana ba ka baa tseba hore ke ba bohlokoa haholo bophelong ba ka le hore ke tla ba etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ke sitoa ho etsa joalo ke tla be ke se ’Mè oa sebele.’

    Nahana ka sena: Ke’ng seo bana ba hao ba hlileng ba ithutang sona ha ba u bona u sehla ka thata e le hore feela u ba ise lipapaling? Na ha nako e ntse e ea bana ba hao ha ba na nka hore batho ba baholo—batsoali ka ho khetheha—ba phelela ho phetha thato ea bana ba bona feela?

    Leka sena: Etsa hore bana ba hao ba elelloe hore le uena u na le litlhoko. Sena se tla ba ruta hore ba nahanele batho ba bang, ho akarelletse le uena.

  • U lula u babatsa bara ba hao ba babeli esita leha ba sa etsa letho le lokeloang ke pabatso. U re: ‘Ke batla hore ba lule ba thabile. Haeba ba lula ba thabile, seo se tla etsa hore ba itšepe ka ho lekaneng e le hore ba atlehe bophelong.’

    Nahana ka sena: Ke’ng seo bara ba hao ba hlileng ba ithutang sona ha ba ‘babatsoa ntle ho lebaka’ e le hore feela ba ikutloe ba thabile? Ha u ba babatsa ka tsela e feteletseng, seo se ka ba ntša kotsi joang hona joale esita le ka moso?

    Leka sena: Bontša ho leka-lekana. Qoba ho tšoara bana ba hao ka thata; hape ba babatse hobane ho na le ntho e ntle eo ba e entseng.

  • Ngoana e moholo ke sefela-peloana. Maobane mona o ile a halefa hoo a ileng a otla ngoan’abo ka setebele sephakeng. U nahana ka seo u ileng ua se etsa. U re: ‘Ke ile ka khetha ho buisana le eena ho e-na le ho mo khalemela. Ke ne ke nahana hore o tla utloa bohloko ha nka re ho eena o entse ntho e mpe.’

    Nahana ka sena: Na ho lekane ho buisana feela le ngoana ea lilemo li tšeletseng? Na ehlile ho fosahetse hore u re ho eena ke ntho “e mpe” ho otla ngoan’eno?

    Leka sena: Bolella bana ka ho hlaka hore na ho tla etsahala’ng ha ba entse ntho e mpe. Ha u khalemela bana ka tsela e loketseng, seo se tla etsa hore ba itšoare hantle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela