Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/15 maq. 10-11
  • Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Ke Hobane’ng ha ke se na Metsoalle?
    Bacha Baa Botsa
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bolutu—Bohloko bo Siretseng
    Tsoha!—1993
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 4/15 maq. 10-11
Ngoanana o lutse a le mong ’me o shebile banana ba bang ba ntseng ba qoqa ba bile ba tšeha

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu

BOTHATA

“Nkile ka ba le metsoalle e ’meli ea banana e neng e rata ho etsa lintho hammoho. Ke ne ke lula ke utloa e bua kamoo e bileng le nako e monate kateng. Ka le leng ha ke ne ke founetse motsoalle e mong oa ka, motho e mong o ile a arabela founo ’me ka utloa ba ntse ba buisana ebile ba tšeha. Ke ile ka utloa tsela eo ba thabileng ka eona, e leng se ileng sa etsa hore ke jeoe ke bolutu le ho feta!”—Maria.a

Na u kile ua ikutloa u le mokhelo ebile u jeoa ke bolutu? Haeba ho joalo, Bibele e na le likeletso tse ka u thusang. Empa pele, nahana ka lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li tseba ka bolutu.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o jeoa ke bolutu ka linako tse ling. Batho bao ba akarelletsa ba bonahalang eka baa tsebahala. Hobane’ng? Hangata ha motho a jeoa ke bolutu, seo ha sea itšetleha ka hore na o na le metsoalle e mengata hakae empa se itšetlehile ka hore na o na le metsoalle e mekae ea ’nete. Motho ea bonahalang eka oa tsebahala a ka lula a pota-potiloe ke batho empa a se be le metsoalle ea ’nete ’me kahoo a jeoa ke bolutu.

Ho jeoa ke bolutu ho ka u kulisa. Bafuputsi ba ileng ba hlahloba phuputso e ileng ea etsoa ho batho ba 148, ba ile ba etsa qeto ea hore ho itšehla thajana ho etsa hore motho a shoe pele ho nako le hore “ho kotsi ho feta botenya” hape “ho tšoana le ho tsuba lisakarete tse 15 ka letsatsi.”

Bolutu bo ka u pepesetsa likotsi. Ha e le hantle, bo ka ’na ba etsa hore u thehe setsoalle le motho e mong le e mong hobane feela u batla ho ikutloa u amoheleha. Mohlankana e mong ea bitsoang Alan o re: “Ha u jeoa ke bolutu u ka ’na ua batla ho ikhapela tlhokomelo ea batho. U ka qala ho nahana hore ho molemo ho ba le motsoalle leha e le ofe ho e-na le ho e hloka ka ho feletseng. Seo se ka u bakela mathata.”

Hase kamehla ho romellana melaetsa ho tlosang bolutu. Moroetsana e mong ea bitsoang Natalie o re: “Nka romela batho ba bangata melaetsa ka selefouno kapa e-mail empa ke ’ne ke ikutloe ke jeoa ke bolutu. Mocha e mong ea bitsoang Tyler, le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Ho romela molaetsa ka selefouno ho tšoana le ho ja lijo tse bobebe. Lijo tse bobebe li monate, empa u hloka lijo tse tiileng hore u khore.”

SEO U KA SE ETSANG

Qoba ho etsa qeto e fosahetseng. Ka mohlala, a re re u kena Websaeteng eo batho ba romellanang lifoto ho eona, ’me u bona metsoalle ea hao e le phathing eo u neng u sa mengoa ho eona. Ha u ntse u shebile lifoto tseo, u ka khetha ho etsa qeto ea hore ha ua mengoa ka boomo kapa ho nahana ka tsela e fapaneng le eo. Kaha ha u tsebe lintlha tsohle tse amehang, qoba ho etsa qeto e fosahetseng. Ho e-na le hoo, nahana ka hore e ka ’na eaba ho na le lebaka le utloahalang le entseng hore u se ke ua mengoa. Hangata hase maemo a etsang hore u jeoe ke bolutu empa ke tsela eo u talimang lintho ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 15:15.

Qoba ho fetelletsa litaba. Ha u jeoa ke bolutu, u ka ’na ua re, ‘Ha ho mohla ke mengoang’ kapa ‘Batho ba lula ba nkoekoetla.’ Empa ho nahana ka tsela eo ho tla etsa hore u jeoe ke bolutu le ho feta. Hape ho ka etsa hore u tetebele: U ikutloe joaloka molahloa, e leng se ka etsang hore u itšehle thajana, u jeoe ke bolutu, ebe u tetebela le ho feta.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 18:1.

Ikemisetse ho etsa setsoalle le batho ba hōlileng. Bibele e re bolella ka Davida, ea neng a le mocha ha a kōpana le Jonathane—e leng monna ea neng a mo feta ka lilemo tse 30. Ho sa tsotellehe seo, Davida le Jonathane e ile ea e-ba metsoalle ea hlooho ea khomo. (1 Samuele 18:1) U ka ’na ua etsahalloa ke se tšoanang. Kiara ea lilemo li 21 o re: “Morao tjena, ke se ke ananela bohlokoa ba ho ba le metsoalle e meholo ho ’na. Ke na le metsoalle e meng e mphetang ka lilemo tse mashome, ’me ke ananela haholo tsela eo e talimang lintho ka eona le eo e behang mabaka ka eona.”—Molao-motheo oa Bibele: Jobo 12:12.

Thabela melemo ea ho ba mong. Batho ba bang ba jeoa ke bolutu ha ba iphumana ba le bang. Empa ha ua lokela ho ikutloa u jeoa ke bolutu hobane feela u le mong. Ka mohlala, Jesu o ne a rata ho ba hammoho le metsoalle, empa hape o ne a ananela nako ea ho ba mong. (Matheu 14:23; Mareka 1:35) Le uena u ka etsa se tšoanang. Ho e-na le ho talima ho ba mong e le ntho e sa rateheng, ho nke e le nako ea hore u nahanisise ka tsela eo u hlohonolofalitsoeng ka eona. Ha u etsa joalo, u ka ba motsoalle ea molemo ho batho ba bang.—Liproverbia 13:20.

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.”—Liproverbia 15:15.

  • “Ea itšehlang thajana . . . o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.”—Liproverbia 18:1.

  • “Na ha ho na bohlale har’a ba hōlileng le kutloisiso boleleleng ba matsatsi?”—Jobo 12:12.

Bo

BO

“Ke nahana hore bacha ba bangata ba jeoa ke bolutu empa ha ba bolelle batho ba bang. Ka mohlala, haeba ba romella batho ba bang melaetsa ka selefouno kapa ba buisana le bona liwebsaeteng tseo batho ba etsang metsoalle ho tsona, batho bao ha ba haufi le bona ’me seo se ka etsa hore motho a jeoe ke bolutu le ho feta.”

Abigail

ABIGAIL

“Kaofela ha rōna re na le metsoalle e falletseng kapa eo ka mabaka a itseng re seng re sa khone ho buisana le eona. Ke nahana hore ke ntho e ntle hore u lule u buisana le eona leha e lula hōle. Ho bua le motsoalle oa hlooho ea khomo ho ka u khothatsa haholo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela