Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/15 maq. 8-9
  • U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?
  • Tsoha!—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • Na ho Hlile ho Hlokahala Hore U Kōpe Tšoarelo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Kōpa Tšoarelo ke Tsela e Atlehang ea ho Bōpa Khotso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Kōpa Tšoarelo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Kopa Tšoarelo
    Se ka Thusang Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2015
g 9/15 maq. 8-9
Ntate o bua le mosali oa hae ea shebileng ea ichebetseng koana

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?

BOTHATA

Uena le molekane oa hao le qeta ho phehisana. U re ka pelong: ‘Ha ho hlokahale hore ke kōpe tšoarelo.’ Hase ’na ea fositseng!’

Le hoja le se le sa phehisane, ho ntse ho e-na le tsitsipano. U nahana ka hore u kōpe tšoarelo, empa u sitoa ho bua mantsoe a bonolo a reng, “Ke kōpa u ntšoarele.”

SE KA ETSANG HORE HO BE THATA

Boikhohomoso. Monna ea bitsoang Charlesa o re: “Ka linako tse ling ho iphahamisa ho etsa hore ho be thata hore ke kōpe tšoarelo.” Boikhohomoso bo ka etsa hore u se ke ua amohela hore le uena u phoso.

Tsela eo u shebang lintho ka eona. U ka ’na ua nahana hore u lokela ho kōpa tšoarelo hafeela e le uena ea fositseng. Mosali ea bitsoang Jill o re: “Ha ke tseba hore ehlile ke fositse, ho ba bonolo hore ke kōpe tšoarelo. Empa haeba ka bobeli re buile mantsoe a seng monate, ho ba thata. Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha ke lokela ho kōpa tšoarelo empa re entse phoso re le babeli.”

U ka ’na ua ikutloa u se molato hakaalo haeba u nka hore ke molekane oa hao ea phoso. Monna ea bitsoang Joseph o re: “Haeba u nka hore ha ua etsa letho le phoso, ha u sa kōpe tšoarelo u bontša hore ha u molato.”

Khōliso. Mohlomong u hōletse lelapeng leo ho lōna ho kōpa tšoarelo e neng e le ntho e etsoang ka seoelo. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ha u tsebe ho amohela liphoso tsa hao. Ha u sa ka ua ithuta ho kōpa tšoarelo ho tsoa pelong u sa le monyenyane, u tla thatafalloa le ha u se u hōlile.

SEO U KA SE ETSANG

Ntate le mosali oa hae ba tima mollo ka metsi

Ho kōpa tšoarelo ho ka felisa khang

Ameha ka molekane oa hao. Leka ho nahana ka nako eo ka eona motho e mong a ileng a kōpa tšoarelo ho uena le hore na seo se ile sa u thabisa hakae. Ke hobane’ng ha u sa etse hore molekane oa hao a ikutloe ka tsela e tšoanang? U lokela ho kōpa tšoarelo ka hore ebe u utloisitse molekane oa hao bohloko, esita le haeba u nka hore ha ua etsa phoso. Mantsoe ao a ka etsa hore molekane oa hao a fole.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 6:31.

Ameha ka lenyalo la hao. U se ke ua nka hore ha u kōpa tšoarelo seo se bolela hore u hlōtsoe. Etsoe, Liproverbia 18:19 e re motho ea lulang a khopehile o thata ho feta motse o sirelelitsoeng. Ho ke ke ha khoneha ho boloka khotso ka lapeng haeba banyalani ba lula ba ikemela. Ka lehlakoreng le leng, ha u kōpa tšoarelo u thibela hore liphoso li hōle. Ha e le hantle, u tla be u nka lenyalo la hao e le la bohlokoa.—Molao-motheo oa Bibele: Bafilipi 2:3.

Potlakela ho kōpa tšoarelo. Ke ’nete hore ho kōpa tšoarelo ho ka ba thata haeba u se phoso hakaalo. Empa liphoso tsa molekane oa hao hase lebaka la hore u itšoare ka tsela e fosahetseng. Kahoo, u se ke ua tsila-tsila ho kōpa tšoarelo hobane u nka hore ka mor’a nako phoso ea hao e tla feta. Ha u kōpa tšoarelo, ho tla ba bonolo hore molekane oa hao le eena a kōpe tšoarelo. Ha le itloaetsa ho kōpa tšoarelo, ho tla ba bonolo hore le lule le kōpa tšoarelo.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 5:25.

Bontša hore u soabile e le kannete. Ho ikemela ha ho tšoane le ho kōpa tšoarelo. Ho bua ka tsela e phoqang ’me u re: “Ke masoabi hore ebe taba ena e u utloisitsoe bohloko hakana,” ho hang hase ho kōpa tšoarelo! Amohela liphello tsa liketso tsa hao ’me u utloisise hore molekane oa hao o utloile bohloko, ho sa tsotellehe hore na u nka hore hoa utloahala kapa che.

Amohela liphoso. Ka boikokobetso u lokela ho lumela hore u tla etsa liphoso. Etsoe bohle rea fosa! Esita le ha u nahana hore ha ua etsa phoso, hlokomela hore seo u bonang se etsahetse e ka ’na eaba hase sona se hlileng se etsahetseng. Bibele e re: “Moqosi ha a bua ka khotla e ee ke o bua ’nete, ho fihlela ha moqusuoa a mo hloma lipotso.” (Liproverbia 18:17, BPN) Ho tla ba bonolo hore u kōpe tšoarelo haeba u sa iphahamise ’me u amohela liphoso tsa hao. 

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.”—Luka 6:31.

  • ‘Ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’—Bafilipi 2:3.

  • “Lokisa litaba kapele.”—Matheu 5:25.

Jason le Alexandra

JASON LE ALEXANDRA

“Ho kōpa tšoarelo ho ka le thusa hore le se ke la hōlisa liphoso tsa lōna empa le li talime e le lintho tse nyenyane. Ho kōpa tšoarelo ho etsa hore u bontše hore u rata molekane oa hao.”

Kai le Julia

KAI LE JULIA

“Ho kōpa tšoarelo ho etsa hore ho boele ho be le khotso le thabo ka lapeng. Taba ea bohlokoa hase hore na ke mang ea nepileng kapa ea fositseng. Haeba molekane oa hao a utloisitsoe bohloko ke ho hong, etsa sohle se matleng a hao hore u etse hore a ikutloe a thabile hape.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela