Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 3 leq. 3
  • Mosebetsi oa Phetolelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi oa Phetolelo
  • Tsoha!—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Selelekela
    Tsoha!—2016
  • Litaba Tse Molemo ka Lipuo Tse 500
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
    Buka ea Batho Bohle
  • Ho Bokella Batho ba Tsoang Lipuong Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 3 leq. 3
Batho ba mefuta le litso tse fapaneng

SEHLOOHO SE KA NTLE | MOSEBETSI OA PHETOLELO

Mosebetsi oa Phetolelo

LEFATŠENG lohle batho ba bua lipuo tse ka bang 7 000 ’me sena se etsa hore ho be thata ho etela linaheng tse ling, ho hoeba, ho ithuta le ho laola batho. Haesale sena se etsahala ho tloha mehleng ea khale. Ho etsa mohlala, ka selemo sa 475 pele ho mehla ea Jesu, Morena Assueruse o ile a laela hore bangoli ba hae ba fane ka taelo “ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinse tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, profinse ka ’ngoe ka mokhoa oa eona oa ho ngola le sechaba ka seng ka leleme la sona.”a

Mehleng ena, mekhatlo e mengata ho akarelletsa le mebuso e ke ke ea etsa seo Morena Assueruse a se entseng. Empa ho na le mokhatlo o le mong o ’nileng oa tsoela pele ho etsa sena ka katleho. Lipaki Tsa Jehova li hatisa limakasine, likhatiso tse mameloang, livideo, libuka hammoho le Bibele ka lipuo tse fetang 750 tse akarelletsang lipuo tsa matsoho tse 80. Li boetse li hatisa lingoliloeng tse sa tšoaneng tsa Braille bakeng sa batho ba sa boneng.

Lipaki Tsa Jehova ha li fumane chelete ha li etsa mosebetsi ona. Ha e le hantle, batho ba fetolelang lingoliloeng tsena hammoho le basebeletsi ba bang ke baithaopi. Empa ke hobane’ng ha Lipaki li sebetsa ka thata ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse ngata hakaale? Hona li etsa see joang?

a Bala lengolo la Esthere 8:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela