Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 6 maq. 8-9
  • Kamoo U ka Bontšang Tlhompho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Bontšang Tlhompho
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTHATA
  • SEO U LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO U KA SE ETSANG
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • 3 Ho Hlomphana
    Tsoha!—2018
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 1
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 6 maq. 8-9
Mosali o kena monna oa hae hanong ha ba ntse ba ja lijo tsa mantsiboea le banyalani ba bang

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Kamoo U ka Bontšang Tlhompho

BOTHATA

Monna o re: “Ha re sa tsoa nyalana, ’na le mohats’a ka re ne re sa utloisise tlhompho ka tsela e tšoanang. Ha se hore e mong o ne a nepile ho feta e mong, ke hore feela re ne re bona lintho ka tsela e sa tšoaneng. Hangata ke ne ke utloa hore mosali oa ka ha a ntlhomphe ha a bua le ’na.”

Mosali o re: “Moo ke hōletseng teng, ha se ho hloka tlhompho ho buela holimo, ho bontša boikutlo ka sefahleho kapa ho kena motho hanong. Empa moo monna oa ka a hōletseng teng, ho etsa joalo ke ho hloka tlhompho.”

Banyalani ba tlameha ho hlomphana kamehla. U ka bontša joang hore u hlompha molekane oa hao?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Banna ba rata ho hlomphuoa. Bibele e re monna e mong le e mong “a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.” E boetse e re: “Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Ke ’nete hore banna le basali ba thabela ho ratoa le ho hlomphuoa, empa banna bona ba rata tlhompho haholo. Ntate e mong ea bitsoang Carlosa o re: “Banna ba thabela ho laola lintho, ho rarolla mathata le ho hlokomela lelapa.” Ha mosali a hlompha boikarabelo bona boo monna a bo phethang, seo se ba tsoela molemo. ’Mè e mong ea bitsoang Corrine o re: “Monna oa ka o nthata haholo ha ke mo hlompha.”

Basali le bona ba lokela ho hlomphuoa. Monna o lokela ho hlompha mosali oa hae ho bontša hore o oa mo rata. Ntate e mong ea bitsoang Daniel o re: “Ke lokela ho hlompha maikutlo a mosali oa ka. Ke boetse ke lokela ho hlompha tsela eo a ikutloang ka eona. Haeba ke sa utloisise lebaka le etsang hore a ikutloe ka tsela e itseng, seo ha se bolele hore nka qhelela maikutlo a hae ka thōko.”

U ka tseba joang hore oa hlompha? Ho hlompha ha se taba ea hore na uena u ikutloa eka u hlompha hakae, empa taba ea bohlokoa ke hore na molekane oa hao o bona u mo hlompha. “Esita le ha ke ne ke nahana hore kea mo hlompha, empa haeba eena a sa ikutloe joalo, ke ’na ea lokelang ho etsa liphetoho.” Sena ke seo mosali eo ho qotsitsoeng mantsoe a hae qalong ea sehlooho sena a ithutileng sona.

SEO U KA SE ETSANG

  • Ngola lintho tse tharo tseo u li ratang ka molekane oa hao. Lintho tseo u li ratileng ka eena li ka u thusa hore u mo hlomphe.

  • Bekeng ea pele, itlhahlobe (eseng molekane oa hao) lintlheng tse latelang.

Mantsoe a hao. Buka e ’ngoe e re “malapeng a thabileng, haeba molekane e mong a ile a buisa e mong hampe, o ne a lokela ho mo patala ka bua lintho tse hlano tse ntse ka eena. Ka lehlakoreng le leng, banyalani ba neng ba le haufi le ho hlalana ba ne ba sa bue letho le hahang ka molekane e mong.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 12:18.

Ipotse sena: ‘Na ke bua le molekane oa ka ka tlhompho? Ke hangata hakae ke babatsang molekane oa ka ha ho bapisoa le makhetlo ao ke mo hanyetsang ka ’ona? Na ke phahamisa lentsoe ha ke ntša maikutlo?’ Na molekane oa hao a ka lumellana le likarabo tsa hao?—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:13.

Leka ho etsa tjena: Netefatsa hore u babatsa molekane oa hao, bonyane hanngoe ka letsatsi. Keletso: Hopola lintho tsane tseo u li ratileng ka eena tseo u li ngotseng. Itloaetse ho bolella molekane oa hao lintho tseo u li ratang ka eena.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 8:1.

Liketso tsa hao. ’Mè e mong ea bitsoang Alicia o re: “Ke qeta nako e ngata ke sebetsa lapeng ’me monna oa ka o bontša hore o hlompha boiteko ba ka ka hore a phuthe kapa a hlatsoe lijana tseo a li sebelisitseng. Sena se etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa ’me ke hlokomele hore o ananela boiteko ba ka.”

Ipotse sena: ‘Na tsela eo ke tšoarang molekane oa ka ka eona e bontša ka ho hlaka hore kea mo hlompha? Na ke qeta nako e lekaneng le eena?’ Na molekane oa hao a ka lumellana le likarabo tsa hao?

Leka ho etsa tjena: Ngola litsela tse tharo tseo u ka ratang ho bontšoa tlhompho ka tsona. Kōpa molekane oa hao hore le eena a ngole. Ka mor’a moo, mo fe seo u se ngotseng ’me le eena a u fe seo a se ngotseng e le hore ka bobeli le bone moo le ka ntlafatsang teng. Sheba moo uena u lokelang ho ntlafatsa teng. Ha a le mong a nka bohato, ho bonolo hore e mong latele.

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

MANGOLO A SEHLOOHO

  • “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”​—Liproverbia 12:18.

  • “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”​—Bakolose 3:13.

  • “Lerato lea haha.”​—1 Bakorinthe 8:1.

Brian le Serina

Brian le Serina

“Mosali o lokela ho nkoa e le oa bohlokoa ho feta mosebetsi oo a o etsang ka lapeng. O boetse o lokela ho tseba hore o ananeloa ka lebaka la botho ba hae.”—Brian

Austin le Carly

Austin le Carly

“Ha ho se na tlhompho ka lapeng, lenyalo le ke ke la tiea, hape ho ke ke ha e-ba le thabo. Ho e-na le hoo, le tla lula le koatelane le bile le sa tšepane.”—Carly

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela