Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 3 leq. 3
  • Bibele—Na ke ’Nete Hore e “Bululetsoe ke Molimo”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Na ke ’Nete Hore e “Bululetsoe ke Molimo”?
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BOLELOANG HA HOTHOE BIBELE E​—BULULETSOE?”
  • ‘Ba ne ba Khannoa ke Moea o Halalelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Molimo o Bululetse Bibele Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Mang Mongoli oa Bibele?
    Tsoha!—2007
  • Bibele ke Molaetsa oo Molimo a re Ngoletseng Oona
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 3 leq. 3

Sehlooho Se Kantle | Na ke ’Nete Hore Bibele e “Bululetsoe ke Molimo”?

Na ke ’Nete Hore Bibele e “Bululetsoe ke Molimo”?

NA U lumela hore Bibele e ngotsoe ke Molimo? Kapa u nahana hore ke buka feela e ngotsoeng ke batho?

Se na ke se seng sa lihlooho tseo ho ngangisanoang ka tsona esita le ho ba ipitsang Bakreste. Ka mohlala, ka 2014, tlaleho e ’ngoe naheng ea United States e ile ea bontša hore batho ba bangata, baa lumela hore “Bibele e ngotsoe ke Molimo.” Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba ile ba re ke “buka ea lipale, ea histori le ea melao e ngotsoeng ke batho.” Khang ena e etsa hore batho ba batle ho tseba hore na ho bolela’ng hore Bibele e “bululetsoe.​—2 Timothea 3:16.

HO BOLELOANG HA HOTHOE BIBELE E​—BULULETSOE?”

Bibele e na le libuka tse 66 tse ngotsoeng ke bangoli ba ka bang 40, ’me ba nkile lilemo tse fetang 1,600 ho li ngola. Empa haeba e ngotsoe ke batho, ke joang re ka reng e “bululetsoe ke Molimo?” Ka mantsoe a bonolo, hore Bibele e bululetsoe ho bolela hore molaetsa oa eona o tsoa ho Molimo. Bibele e re: “Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”(2 Peter 1:21) Molimo o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho fetisetsa molaetsa oa hae ho bangoli ba Bibele. Re ka tšoantša sena le rakhoebo ea kopang mongoli oa hae hore a ngole lengolo. Mong’a lengolo ha se ea le ngotseng, empa kea kopileng hore le ngoloe.

Bangoli ba bang ba Bibele ba fumane molaetsa oa Molimo ka mangeloi. Ba bang ba ile ba bona lipono tse tsoang ho Molimo. Maemong a mang Molimo o ile a fetisetsa molaetsa oa hae ho bangoli ba Bibele ka litoro. Le hoja ka linako tse ling Molimo a ne a lumella batho hore ba fetise molaetsa oa hae ka tsela ea bona, ka linako tse ling o ne a ba bolella seo ba lokelang ho se ngola. Maemong a na ’ohle bangoli ba Bibele ba ile ba ngola maikutlo a Molimo eseng a bona.

Empa re kholisoa ke’ng hore Bibele e bululetsoe ke Molimo? A re hlahlobeng lintho tse tharo tse re kholisang hore ehlile Bibele e bululetsoe ke Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela