Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 2 maq. 12-13
  • 4. Na Molimo o ne a Rerile Hore re Utloe Bohloko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 4. Na Molimo o ne a Rerile Hore re Utloe Bohloko?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Tseba Karabo
  • Nahana ka Taba Ena
  • Bibele e Re’ng?
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2020
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 2 maq. 12-13
Lelapa le tsoetse lithabeng. Lelapa leo le inka foto ’me lithaba li hlahile ka mor’a lona.

4. Na Molimo O Ne A Rerile Hore Re Utloe Bohloko?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Karabo ea potso ena e ama tsela eo re bonang bophelo ka eona.

Nahana ka Taba Ena

Na ke ntho e utloahalang hore ebe Molimo a ka etsa lefatše le letle hakaale ebe o re bakela mathata?

Ha batho bao e seng balumeli ba bona lintho tse bohloko li etsahala, ba belaella tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona hape ba belaella hore o teng. Ba lumela hore re etsahalloa ke lintho tse bohloko hobane (1) Molimo ha a na matla a ho li thibela (2) Molimo ha a batle ho li thibela kapa (3) Molimo ha a eo.

Na mabaka ao a nepahetse?

ITHUTE HAHOLOANYANE

Shebella video e reng Re ka Tseba Joang Hore Bibele e Nepahetse? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Molimo o ne a sa re bopela hore re utloe bohloko.

O batla hore re thabele bophelo.

“Ha ho letho le molemo . . . ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho, le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”​—MOEKLESIA 3:​12, 13.

Molimo o ne a file batho ba babeli ba pele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka e le hore ba lule ba se na mathata.

Ha a ne a bopa batho o ne a sa rera hore ba utloe bohloko.

“Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’ ”​—GENESE 1:28.

Batho ba pele ba ile ba khetha ho se mamele Molimo.

Khetho ena ea bona e ile ea ba bakela mathata hammoho le bana ba bona.

“Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”​—BAROMA 5:​12.a

Molimo ha a bopa batho ba e-na le bokhoni ba ho ipusa.

Feela joalokaha batho ba sa bopeloa ho phela ka metsing, batho ha baa bopeloa ho ipusa.

“Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”​—JEREMIA 10:23.

Molimo ha a batle ha re utloa bohloko.

O batla hore re qobe mathata ka hohle kamoo re ka khonang.

“Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka.”​—ESAIA 48:18.

a Ka Bibeleng ha ho buuoa ka “sebe” ha ho buuoe feela ka lintho tse mpe tseo batho ba li etsang empa hape ho buuoa ka boemo boo batho bohle ba bo futsitseng.

Na Molimo o ne a rerile hore re utloe bohloko?

Ha ho joalo. Molimo o ne a sa rerela batho hore ba utloe bohloko. Mathata a batho a ile a qala ha batho ba babeli ba pele ba khetha ho se mamele Molimo. Empa taba ena ha e bolele hore batho ba tla lula ba utloa bohloko ho-ea-ho-ile.

Na lintho tse bohloko li tla ke li fele?

Sheba potso ea 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela