Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 2 maq. 14-15
  • 5. Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 5. Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokela ho Tseba Karabo
  • Nahana ka Taba Ena
  • Bibele e Re’ng?
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 2 maq. 14-15
Lelapa le entse pikiniki pela metsi. Baa tšeha, ba rahile qhebelele ba thabetse ho ba ’moho.

5. Na Lintho Tse Bohloko Li Tla Ke Li Fele?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la hore re lumele hore lintho tse bohloko li tla fela, seo se tla re fa tšepo ’me re tla fetola tsela eo re phelang ka eona re be re rate Molimo.

Nahana ka Taba Ena

Batho ba bangata ba ka rata ho felisa lintho tse bohloko empa ha ho letho le lekaalo leo ba ka khonang ho le etsa. Nahana ka lintho tse latelang:

Le hoja tsebo ea lingaka e ntse ntlafala . . .

  • Lefu la pelo e ntse e le lona le ipetsang pele har’a mafu a bolaeang.

  • Selemo le selemo kankere e bolaea batho ba limilione.

  • Koranteng ea Frontiers in Immunology setsebi sa litaba tsa moruo Dr. David Bloom o ile a re “le hoja ho ntse ho e-ba le meriana e mecha le tsebo ea tsa bongaka e ntse e ntlafala, re ntse re tšoaroa ke mafu a sa phekoleheng, hape ho hlaha a macha a tšoaetsanoang ha ka nako e tšoanang a khale a boea sekoele.”

Le hoja linaha tse ling li ruile haholo . . .

  • Selemo le selemo ho shoa bana ba limilione ’me sena se etsahala haholo libakeng tseo ho phelang batho ba futsanehileng.

  • Batho ba libilione ba phela libakeng tse sa hloekang.

  • Batho ba makholo a limilione ha ba na metsi a hloekileng.

Le hoja batho ba bangata mehleng ena ba tseba litokelo tsa batho . . .

  • Tlaleho e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e re linaheng tse ngata batho ba lula ba koeteloa ebe baa rekisoa ’me batho ba etsang liketso tsena ha ba so nkeloe likhato tsa molao. Ha ba e-s’o nkeloe likhato hobane ba boholong ba sa elelloe bothata bona kapa hobane ba se na matla a lekaneng a ho ba nkela likhato tsa molao.

    ITHUTE HAHOLOANYANE

    Shebella video e reng ’Muso oa Molimo ke Eng? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Molimo oa re tsotella.

Oa tsotella ha re utloa bohloko ’me re sareloa.

“[Molimo] a nyonya mahloreho a ea hlorileng, Ha aa mo patela sefahleho sa hae, O ile a utloa ha a hoeletsa ho kopa thuso ho eena.”​—PESALEME EA 22:24.

‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.’​—1 PETROSE 5:7.

Lintho tse bohloko li ke ke tsa lula li le teng.

Bibele e tšepisa hore morero oa Molimo o tla phethahala.

“Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—TŠENOLO 21:​3, 4.

Molimo o tla felisa lintho tsohle tse etsang hore batho ba utloe bohloko.

O tla etsa sena a sebelisa ’Muso oa hae.

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang . . . ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”​—DANIELE 2:44.

Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?

E! li tla fela, empa li ke ke tsa felisoa ke batho. Mebuso ea batho e ka thethefatsa lintho tse bohloko tse re hlahelang empa Molimo eena o tla li ntša ka metso. O tla etsa seo ka ’Muso oa hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela