Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 3 maq. 10-11
  • Etsa Metsoalle e Fapa-fapaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Metsoalle e Fapa-fapaneng
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata
  • Keletso ea Bibele e Re’ng?
  • Melemo ea ho Theha Setsoalle le Batho ba Fapa-fapaneng
  • Seo U ka se Etsang
  • Ba Ile ba Hlola Khethollo
    Tsoha!—2020
  • Rata Batho ba Bang
    Tsoha!—2020
  • Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1988
  • Ho Ikhotsofatsa Tabeng ea ho Batla Botsoalle
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 3 maq. 10-11
Basali ba bane ba litso tse fapaneng baa qoqa ebile baa tšeha ha bana ba bona ba ntse ba bapala ’moho.

Etsa Metsoalle E Fapa-fapaneng

Bothata

Haeba re ikarola ho batho bao re nkang hore ba fapane le rona, re ka qetella re e-na le khethollo le ho feta. Haeba re etsa setsoalle le batho ba tšoanang le rona feela, re ka ’na ra qetella re nka hore tsela eo re nahanang ka eona, eo re ikutloang ka eona le eo re etsang lintho ka eona ke eona feela e nepahetseng.

Keletso ea Bibele e Re’ng?

“Le atolohe.”​—2 BAKORINTHE 6:13.

Temana ee e bolela’ng? Ha temana ena e re re atolohe, e bua ka boikutlo boo re nang le bona ka pelong. Haeba re rata batho ba tšoanang le rona feela, ha re atolohe. E le ho qoba phoso eo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa setsoalle le batho ba sa tšoaneng le rona.

Melemo ea ho Theha Setsoalle le Batho ba Fapa-fapaneng

Ha re ithuta ka batho ba bang, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea rona. Ha re theha setsoalle le bona, re ka bona hore ha rea fapana hakaalo le bona. Re tla ba nka e le ba bohlokoa re boele re ba utloele bohloko.

Nahana ka mohlala oa Nazaré. O ne a e-na le khethollo ho bajaki. Ha a hlalosa ntho e ileng ea mo thusa o re: “Ke ne ke qeta nako e ngata ke e-na le bona ’me ke sebetsa le bona. Ke ile ka elelloa hore ba fapane hole le kamoo batho ba neng ba ba hlalosa kateng. Ha u fetoha motsoalle oa batho ba merabe e meng, ua bona hore ha ua lokela ho ba ahlola ka hore baa tšoana kaofela, ’me u khona ho ba rata le ho ba nka e le ba bohlokoa e le batho ka bomong.”

Khetha Metsoalle ka Hloko

Batho ba bang ba na le mekhoa e mebe e ka ba kenyang khathatsong ’me ea lematsa le batho ba bang ba ba potolohileng. Kahoo re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha metsoalle. Ha se hore re na le khethollo haeba re qoba ho ba metsoalle le batho ba sa tšepahaleng kapa ba se nang boitšoaro. Le hoja re ke ke ra loantša batho ba sa itšoareng ka tsela eo re e ratang ebile re ke ke ra ba amoha litokelo tsa bona, e ka ba bohlale hore re qobe ho ba etsa metsoalle ea rona.​—Liproverbia 13:20.

Seo U ka se Etsang

Etsa matsapa a hore u qoqe le batho ba tsoang linaheng tse ling, ba morabe o mong, kapa ba buang puo e fapaneng le ea hao. U ka etsa lintho tse latelang:

  • Ba kope hore ba u phetele ho itseng ka bona.

  • Ba memele lijong.

  • Mamela ka hloko ha ba pheta lipale tsa bophelo ba bona ’me u ithute hore na ke eng eo e hlileng e leng ea bohlokoa ho bona.

Haeba u tseba lintho tseo ba fetileng ho tsona bophelong, u tla khona ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho ka tsela eo ba li etsang ka eona, ’me u tla ba rata u be u rate le ba habo bona.

Nahana ka Mohlala Ona: Kandasamy le Sookammah (Canada)

“Re holetse Afrika Boroa nakong ea apareteiti. Batho ba merabe e fapaneng ba ne ba qobelloa hore ba se ke ba lula ’moho, ’me sena se ile sa etsa hore merabe e fapaneng e khethollane. Kaha ha re makhooa, re ne re nyatsa makhooa kaha ba bang ba bona ba ne ba re eisa. Ka nako eo, re ne re sa nahane hore re na le khethollo kaha re ne re utloa e le rona bo-’mutl’a lintjeng.

“Re ile ra leka ho fetola tsela eo re ikutloang ka eona ka ho etsa setsoalle le batho ba litso tse fapaneng. Ha re qalella ho etsa setsoalle le makhooa, re ile ra elelloa hore ha rea fapana hakaalo le bona. Kaofela ha rona re ne re thulana le maemo le mathata a tšoanang.

“Ha re fumana monyetla oa ho lula le banyalani ba makhooa, re ile ra o nka ’me ba ile ba lula ha rona ka nako e telele. Re ile ra ba tloaela haholo. Ha nako e ntse e e-ea, re ile ra fetoha metsoalle me re ne re inka re tšoana le bona. Kahoo, re ile ra qalella ho rata makhooa.”

Metsoalle ea ’Makhonthe

Johny le Gideon ba lumelisa bana kantle ha ba le Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.

Johny le Gideon ba ne ba tsoa merabeng e fapaneng ba bile ba e-na le maikutlo a fapaneng lipolotiking. Leha ho le joalo, ba ile ba fetoha metsoalle e ntšanang se inong.

Shebella video ea Johny le Gideon: Pele ba ne ba Hloeane, Empa e se e le Metsoalle. Batla video eo ho jw.org/st.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela